Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yp1 khao. 39 maq. 282-286
  • Nka Finyella Lipakane Tsa ka Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Finyella Lipakane Tsa ka Joang?
  • Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nka Finyella Lipakane Tsa ka Joang?
    Tsoha!—2010
  • 12 Merero
    Tsoha!—2018
  • Kamoo U ka Finyellang Lipakane Tsa Hao Tsa Moea Kateng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Sebelisa Lipakane Tsa Moea ho Tlotlisa ’Mōpi oa Hao
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
yp1 khao. 39 maq. 282-286

Khaolong ea 39

Nka Finyella Lipakane Tsa ka Joang?

Linthong tsee tse latelang, ke efe eo u ka ratang ho ba le eona?

□ Ho itšepa haholoanyane

□ Ho ba le metsoalle e eketsehileng

□ Ho thaba haholoanyane

HA E le hantle, u ka ba le lintho tseo ka boraro ba tsona! Joang? Ka hore u ipehele lipakane u be u li finyelle. Nahana ka lintlha tse latelang:

U ka itšepa haholoanyane. Ha u ipehela lipakane tse nyenyane ’me u li finyella, u tla ba le sebete sa hore u leke ho finyella tse khōloanyane. U tla boela u be sebete haholoanyane ha u tobana le liteko tsa letsatsi le letsatsi—tse kang ho tobana khatello ea lithaka.

Ho ba le metsoalle e eketsehileng. Batho ba thabela ho etsa setsoalle le batho ba nang le sepheo—ba tsebang seo ba se batlang ’me ba ikemiselitse hore ba se finyelle.

Ho thaba haholoanyane. Ho bua ’nete: Hase ntho e thabisang ho jeoa ke bolutu kapa ho letela hore lintho li iketsahalle feela bophelong. Ka lehlakoreng le leng, ha u ipehela lipakane ’me u li finyella, u ikutloa u finyeletse ho itseng. Na u se u itokiselitse ho qala? Lintlha tse maqepheng a latelang li tla u thusa!a

✔ 1 LI TSEBE

1. Nahana ka lipakane tseo u ka ipehelang tsona. Thabela mohato ona! U se ke ua bapisa lintlha tseo u li nahanang; ngola feela likhopolo tse ngata kamoo u ka khonang. Bonyane leka ho ngola lintho tse 10 tseo u ka li etsang.

2. Hlahlobisisa lintho tseo u li nahanang. Ke life tseo u bonang eka li thabisa haholo? Tse boima haholo ke life? Ke life tseo u tla ba motlotlo haholo ha u ka li finyella? Hopola hore lipakane tse molemo ka ho fetisisa ke tsa lintho tseo u nkang hore ke tsa bohlokoa haholo.

3. Beha tsa bohlokoa pele. Thathamisa lipakane tseo ho latela hore na u batla ho finyella life pele.

✔ 2 E-BA LE MORALO

Pakaneng ka ’ngoe ho tseo u li khethileng, etsa se latelang:

Ngola pakane ea hao.

Ho ithuta Sepanishe hore ke etele Mexico

Beha nako eo u batlang ho e finyella ka eona. Etsoe ho ipehela pakane empa u sa ipehela nako eo u tla e finyella ka eona ke toro feela!

ka la 1 July

Etsa moralo oa mehato e amehang.

Mehato eo ke lokelang ho e nka ke

1. Ho fumana buka e hlalosang lipolelo.

2. Ho ithuta mantsoe a macha a leshome beke ka ’ngoe.

3. Ho mamela ha batho ba bang ba bua Sepanishe.

4. Ho kōpa motho e mong hore a nthuse ka melao ea puo le tsela eo mantsoe a bitsoang ka eona.

Nahana ka lintho tse ka ’nang tsa u sitisa. Ebe u nahana tsela eo u tla li hlōla ka eona.

Litšitiso tse ka ’nang tsa hlaha

Ha ho motho ea haufi le ’na ea buang Sepanishe

Etsa boitlamo. Itlame hore u tla etsa sohle se matleng a hao ho finyella pakane eo. Joale saena ’me u ngole letsatsi.

Kamoo nka li hlōlang kateng

Ke tla kopitsa likhatiso tse rekotiloeng ka Sepanishe mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.jw.org.

․․․․․ ․․․․․

Saena Letsatsi

✔ 3 NKA BOHATO!

Qala hang-hang. Ipotse, ‘Nka etsa’ng kajeno e le hore ke leke ho finyella pakane ea ka?’ Ke ’nete hore e ka ’na eaba ha ua ngola ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amehang, empa u se ke ua lumella seo ho u sitisa hore u qalelle. Joalokaha Bibele e bolela, “ea shebellang moea a ke ke a jala peō; ’me ea talimang maru a ke ke a kotula.” (Moeklesia 11:4) Fumana seo u ka se etsang kajeno—le haeba se le senyenyane—’me u se etse.

Hlahloba lipakane tsa hao letsatsi ka leng. Ikhopotse lebaka leo ka lona u nkang hore pakane ka ’ngoe ke ea bohlokoa. Hlahloba khatelo-pele eo u e entseng ka ho tšoaea ✔ pakaneng ka ’ngoe eo u e finyeletseng (kapa u ngole hore na u e finyeletse neng).

Sebelisa matla a ho nahana. Nahanela pele ’me u ipone u se u finyeletse pakane ea hao. Ikutloe u le motlotlo ka seo u se finyeletseng. Ka mor’a moo, nahana hape ka pakane ka ’ngoe. Qetellong, nahana kamoo u tla thaba kateng ha u se u finyeletse pakane eo. Joale qalella!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Litlhahiso tsena ke mehlala ea lipakane tsa nako e khutšoanyane, empa melao-motheo e fanoeng mona e boetse ea sebetsa le lipakaneng tsa nako e telele.

LENGOLO LA SEHLOOHO

“Ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo.”—Liproverbia 21:5.

KELETSO

U se ke ua tšoenyeha ka hore u lokela ho khomarela ka thata moralong oo u o entseng. Tenyetseha ’me u etse liphetoho ha u ntse u sebeletsa ho finyella pakane ea hao.

NA U NE U TSEBA . . . ?

Ha u ipehetse pakane e khōlō, u thaba le ho feta ha u e finyella!

U NAHANA’NG KA SEE?

● Na ho ka khoneha hore u ipehele lipakane tse ngata ka nako e le ’ngoe?—Bafilipi 1:10.

● Na ho ipehela lipakane ho bolela hore u lokela ho rera seo u tla se etsa ka motsotso o mong le o mong bophelong?—Bafilipi 4:5.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 283]

“Ho bonolo ho nyahama haeba ho se na ntho eo u tsepamisitseng maikutlo ho eona kapa eo u e lebeletseng. Empa ha u ipehetse lipakane ’me u li finyella, u ikutloa u le motlotlo.”—Reed

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 283]

Lipakane Tsa Mohlala

Setsoalle Ho etsa setsoalle le motho eo e seng thaka ea ka. Ho tsosolosa setsoalle sa khale.

Bophelo bo botle Ho qeta bonyane metsotso e 90 beke ka ’ngoe ke ikoetlisa. Ho robala lihora tse robeli bosiu bo bong le bo bong.

Sekolo Ho ntlafatsa limaraka tsa ka thutong ea lipalo. Ho emela se nepahetseng ha lithaka li nkhatella hore ke etse se fosahetseng.

Bomoea Ho bala Bibele ka metsotso e 15 letsatsi ka leng. Bekeng ena, ke bolelle seithuti-’moho le ’na seo ke se lumelang.

[Setšoantšo se maqepheng a 284, 285]

Lipakane li tšoana le polane ea mohaho—motho o lokela ho sebetsa e le hore a li finyelle

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela