Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yp1 khao. 38 maq. 273-281
  • Nka Etsa’ng Hore ke Thabele ho Sebeletsa Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Etsa’ng Hore ke Thabele ho Sebeletsa Molimo?
  • Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nka Etsa’ng Hore ke Thabele ho sebeletsa Molimo?
    Tsoha!—2008
  • Nka Sebelisa Nako ea ka Hantle Joang?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ke Hobane’ng ha re Lula re Ngangisana?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ke Tla Etsa’ng ka Bophelo ba Ka?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
Bala Tse Ling
Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
yp1 khao. 38 maq. 273-281

Khaolong ea 38

Nka Etsa’ng Hore ke Thabele ho Sebeletsa Molimo?

Josh ea lilemo li 16 o paqame betheng. ’Mè oa hae o ema monyako. O re: “Joshua, ak’u tsohe! Ua tseba hore re ea libokeng mantsiboeeng ana!” Batsoali ba Josh ke Lipaki Tsa Jehova, ’me ho ea libokeng tsa Bokreste ke karolo ea borapeli ba lelapa labo. Empa morao tjena, Josh o se a le botsoa ho ea libokeng.

Oa tletleba: “Empa ’Mè, na ehlile ke tlamehile ho ea libokeng?”

’Mè oa hae o re: “Ak’u tlohele ho ingamangama, apara. ’Na ha ke batle ho fihla liboka li se li qalile hape!” ’Mè oa hae oa reteleha ’me oa tsamaea.

Ha ’mè oa hae a qeta ho furalla, Josh o buela tlaase, o re: “Bolumeli bona ke ba hao, empa hoo ha ho bolele hore ke ba ka.” Oa tseba hore ’mè oa hae o mo utloile, hobane o ile a ema ho se hokae. Empa a khetha ho ithōlela ’me a itsamaela.

Josh o ikutloa a le molato hore ebe o buile joalo. Ha a batle ho utloisa ’mè oa hae bohloko. Empa le teng ha a batle ho kōpa tšoarelo. Ntho feela eo a ka mpang a e etsa ke . . . 

Josh o qala ho apara le hoja a tenehile. Joale o buela ka marameng o re, “Ka le leng la matsatsi ke tla iketsetsa qeto. Ha ke tšoane le bana ba bang Holong ea ’Muso. ’Na ha kea etsetsoa ho ba Mokreste!”

NA LE uena u kile ua ikutloa joaloka Josh? Na ka linako tse ling ho bonahala eka u hohoba ka mor’a ba bang feela, ha bona ba thabela ho etsa mesebetsi ea Bokreste? Ka mohlala:

● Na u nka hore ha u ithuta Bibele ho tšoana feela le ha u etsa mosebetsi oa sekolo o etsetsoang lapeng?

● Na ha u rate ho ea tšebeletsong ea ntlo le ntlo?

● Na hangata u ikutloa u borehile ha u le libokeng tsa Bokreste?

Haeba u arabile ka e, lipotsong tse ka holimo, u se ke ua nyahama. U ka ithuta hore u sebeletse Molimo u thabile. A re bone hore na u ka etsa seo joang.

BOTHATA BA 1 Ho Ithuta Bibele

Lebaka leo ho seng bonolo. Mohlomong u nka hore ha u motho ea ratang ho bala. Ha u khone ho qeta nako e telele u tsepamisitse maikutlo—u thatafalloa ho lula u khutsitse, u tsepamisitse maikutlo nthong e le ’ngoe! Etsoe u se u ntse u e-na le lintho tse ngata tsa sekolo tseo u lokelang ho ithuta tsona.

Lebaka leo u lokelang ho ithuta eona. Bibele ke buka e bululetsoeng ke Molimo, ’me e “molemo bakeng sa ho ruta le ho thusa batho le ho ba khalemela le ho ba bontša kamoo ba lokelang ho phela kateng.” (2 Timothea 3:16, Contemporary English Version) Ho ithuta Bibele le ho thuisa ka seo u se balang, ho ka u thusa hore u utloisise lintho tseo u neng u sa li tsebe. Bonneteng, ha ho letho le molemo leo u ka le fumanang u sa le sebeletsa ka thata. Haeba u batla ho ipabola papaling e itseng, u lokela ho ithuta melao ea eona ’me u e bapale. Haeba u batla ho phela hantle ’meleng, u lokela ho ikoetlisa. Ka ho tšoanang, haeba u batla ho tseba ’Mōpi oa hao, u lokela ho ithuta Lentsoe la Molimo.

Seo bacha ba bang ba se buang. “Ha ke fihla sekolong se phahameng, ke ile ka lokela ho etsa qeto ea bohlokoa. Bana ba bang ba ne ba etsa lintho tse ngata tse mpe, ’me ke ile ka tlameha ho khetha: ‘Na see ke sona seo ke batlang ho se etsa? Na seo batsoali ba ka ba nthutang sona ke ’nete?’ Ke ile ka tlameha hore ke iphumanele seo.”—Tshedza.

“Ho tloha khale ke lumela hore seo ke ithutang sona ke ’nete, empa ho ne ho hlokahala hore ke ikholise. Ke ile ka tlameha ho ikhethela ho se lumela—eseng feela ho lumela seo batsoali ba ka ba se lumelang.”—Nelisa.

Seo u ka se etsang. Iketsetse kemiso ea ho ithuta e lumellanang le maemo a hao. U ka ikhethela lihlooho tseo u tla ithuta tsona. U tla qala ka sehlooho sefe? Ke hobane’ng ha u sa ithute Bibele ka hloko ’me u hlahlobisise seo u se lumelang, mohlomong u sebelisa buka e kang ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?a

Seo u ka rerang ho se etsa. Tšoaea ✔ lintlheng tse peli kapa tse tharo ho tse latelang tse hlahang ka Bibeleng, tseo u ka ratang ho ithuta ho eketsehileng ka tsona—kapa ha u rata, u ingolle tse ling.

□ Na Molimo o teng?

□ Nka kholiseha joang hore bangoli ba Bibele ba ne ba bululetsoe ke Molimo?

□ Ke hobane’ng ha ke lokela ho lumela hore lintho li bōpiloe, ho e-na le hore li bile teng ka ho iphetola?

□ ’Muso oa Molimo ke’ng, hona nka paka joang hore o teng?

□ Nka hlalosa joang seo ke se lumelang tabeng ea se etsahalang ha motho a e-shoa?

□ Ke hobane’ng ha ke lokela ho lumela hore tsoho ea bafu e tla ba teng?

□ Nka kholiseha joang hore na bolumeli ba ’nete ke bofe?

․․․․․

BOTHATA BA 2 Ho Kopanela Mosebetsing oa Boboleli

Lebaka leo ho seng bonolo. Ho bua le ba bang ka Bibele—kapa ho kopana le ngoana eo u kenang sekolo le eena ha u le mosebetsing oa boboleli—e ka ba ntho e tšosang.

Lebaka leo u lokelang ho o etsa. Jesu o ile a laela balateli ba hae, a re: “Le etse batho . . . barutuoa . . . le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) Empa ho na le mabaka a mang ao re lokelang ho bolella ba bang litaba tse molemo ka ’ona. Liphuputso li bontša hore libakeng tse ling, bacha ba bangata ba lumela hore Molimo o teng ebile ba kholoa seo Bibele e se buang. Empa bacha bao ha ba na tšepo ea sebele ka bokamoso. Ha u ntse u ithuta Bibele, u fumana boitsebiso boo lithaka tsa hao tse ngata li ntseng li bo batla li bileng li bo hlokang! Ha u bolella ba bang seo u se lumelang, u tla ikutloa u thabile ’me habohlokoa le ho feta u tla thabisa pelo ea Jehova.—Liproverbia 27:11.

Seo bacha ba bang ba se buang. “’Na le motsoalle oa ka e mong re ne re lokisetsa likenyelletso tse thahasellisang, ’me re ithuta ho araba batho ba re hanyetsang le ho etsa maeto a ho boela. Ke ile ka qala ho thabela tšebeletso le ho feta ha ke ikitlaetsa haholoanyane.”—Nelisa.

“Morali e mong oabo rōna oa Mokreste o nthusitse haholo! O ntšiea ka lilemo tse tšeletseng, ’me o ea le ’na tšebeletsong ea tšimo ebile ka linako tse ling o nkisa lijong tsa hoseng. O ile a mpontša litemana tse ’maloa tse khothatsang, tse ileng tsa nthusa ho fetola tsela eo ke nahanang ka eona. Hona joale kea hlokomela hore ke se ke thahasella ho thusa batho ba bang ka lebaka la mohlala oa hae o motle. Ha ke tsebe hore na nka mo lefa ka eng!”—Shontay.

Seo u ka se etsang. Kōpa batsoali ba hao hore u batle motho ea itseng ea hōlileng ka phuthehong eo u tla sebetsa tšimo le eena. (Liketso 16:1-3) Bibele e re: “Tšepe e leotsoa ka tšepe. Ka ho tšoanang motho e mong o leotsa sefahleho sa e mong.” (Liproverbia 27:17) Ho na le melemo e mengata ha u tloaelana le batho ba hōlileng ba nang le phihlelo. Alexis ea lilemo li 19 o re: “Ha e le hantle, motho o phutholoha haholoanyane ha a e-na le batho ba hōlileng.”

Seo u ka rerang ho se etsa. Ka tlaase mona, ngola lebitso la motho e mong phuthehong ea heno, eo hammoho le batsoali ba hao, a ka u thusang tšebeletsong ea tšimo.

․․․․․

BOTHATA BA 3 Ho ea Libokeng Tsa Bokreste

Lebaka leo ho seng bonolo. Ka mor’a ho qeta letsatsi lohle u lutse ka tlelaseng, u ka ’na ua tsoafa ho qeta hora e le ’ngoe kapa tse peli u mametse lipuo tse buang ka Bibele.

Lebaka leo u lokelang ho ea ho tsona. Bibele e khothatsa Bakreste ka ho re: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana, ’me re etsa joalo haholo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.”—Baheberu 10:24, 25.

Seo bacha ba bang ba se buang. “Ke habohlokoa hore u lokisetse liboka. Ka linako tse ling, u lokela ho ikhanna hore u etse seo. Ha u lokiselitse liboka, ua li thabela hobane u tseba lintlha tse tšohloang ebile u khona ho ba le seabo.”—Elda.

“Ke lemohile hore ha ke arabela libokeng, ke natefeloa ke tsona haholoanyane.”—Jessica.

Seo u ka se etsang. Iphe nako ea ho lokisetsa esale pele ’me ha ho khoneha, u arabele libokeng. Sena se tla etsa hore u ikutloe u e-na le seabo haholoanyane ho se etsahalang libokeng.

Ka mohlala: Ke hofe ho thabisang haholo—na ke ho shebella papali e itseng thelevisheneng, kapa ke ho e bapala? Ho totobetse hore ho bapala papali eo ho monate ho feta ho e shebella. Ke hobane’ng ha u sa nke liboka tsa Bokreste ka tsela e tšoanang?

Seo u ka rerang ho se etsa. Moleng o ka tlaase mona, ngola hore na u ka qeta metsotso e 30 neng beke ka ’ngoe, u lokisetsa seboka se itseng sa phutheho.

․․․․․

Bacha ba bangata ba lemoha bonnete ba se boleloang ke Pesaleme ea 34:8, e reng: “Latsoang ’me le bone hore Jehova o molemo.” Na u khotsofalla ho bolelloa hore lijo tse itseng li lutlisa mathe? Na ha ho molemo hore u li latsoe ka bouena? Hoa tšoana le tabeng ea ho sebeletsa Molimo. Latsoa ’me u iponele kamoo ho khotsofatsang kateng ho ba le seabo litabeng tsa moea. Bibele e re ha motho e se moutloi feela empa e le moetsi oa mosebetsi “o tla thaba ho o etseng ha hae.”—Jakobo 1:25.

KHAOLONG E LATELANG

Bala kamoo u ka ipehelang lipakane kateng le ho li finyella.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova.

LENGOLO LA SEHLOOHO

“Le fetohe ka ho fetola likelello tsa lōna, e le hore le ka ipakela e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.”—Baroma 12:2.

KELETSO

Batla buka eo u tla ngolla lintlha ho eona, ’me u ngole lintlha tsa sehlooho ha u le libokeng tsa Bokreste. Ha u na ho bona hore nako e ntse e tsamaea ’me u tla nolofalloa ho ithuta!

NA U NE U TSEBA . . . ?

Hase phoso ho hlahloba lithuto tsa bolumeli tseo u li lumelang. Ha e le hantle, ho botsa lipotso le ho etsa lipatlisiso ke tsela e molemo ea ho tseba hore na seo u se lumelang ka Molimo ke ’nete kapa che.—Liketso 17:11.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Ke tla qeta metsotso e ․․․․․ letsatsi ka leng ke bala Bibele ’me ke tla qeta ․․․․․ beke ka ’ngoe ke lokisetsa liboka tsa Bokreste.

E le hore ke mamelisise ha ke le libokeng tsa Bokreste, ke tla ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Ke hobane’ng ha mocha a ka ’na a utloa eka mesebetsi e amanang le borapeli ea bora?

● Lintlheng tse tharo tse amanang le borapeli tse tšohliloeng khaolong ee, ke efe eo u ka ratang ho ntlafatsa ho eona?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 278]

“Ke ’na ea ikhethetseng ho ba bolumeling bona, eseng hobane e le ba batsoali ba ka. Jehova ke Molimo oa ka, ’me ha ke batle ho etsa letho le tla senya kamano ea ka le eena.”—Samantha

[Lebokose/Litšoantšo tse maqepheng a 280, 281]

Ba ne ba Ipehetse Lipakane

Bibele e re: “Ha le tsebe hore na bophelo ba lōna bo tla ba joang hosasane.” (Jakobo 4:14) Ka linako tse ling, motho o shoa ka tšohanyetso le hona a sa le monyenyane. Ha u ntse u bala ka seo Catrina le Kyle ba se entseng, hlokomela kamoo ba ileng ba iketsetsa lebitso le letle kateng le Jehova Molimo, ka nako e khutšoanyane eo ba e phetseng, ka hore ebe ba ile ba ipehela lipakane tsa moea ’me ba li finyella.—Moeklesia 7:1.

Catrina o hlokahetse a le lilemo li 18, empa ha a le lilemo li 13 o ne a se a ntse a ngotse lintho tseo a batlang ho li etsa bophelong—e leng lipakane tseo a neng a batla ho li finyella. Lipakane tsa hae li ne li akarelletsa ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng, ho sebeletsa sebakeng seo ho hlokahalang mesuoe ea Bibele ho sona le ho sebetsa le ntate oa hae kahong ea Liholo Tsa ’Muso. O ne a ngotse hore: “Ke inehetse ho Jehova Molimo!” Catrina o ne a ikemiselitse “ho phela ka melao ea Molimo le ka tsela e tla mo thabisa.” Lepatong la hae, Catrina o ile a hlalosoa e le “moroetsana e motle ea neng a ikemiselitse ho qeta bophelo bohle ba hae a sebeletsa Jehova.”

Ho tloha bonyenyaneng, Kyle o ne a rutiloe hore a iketsetse lipakane. Ka mor’a hore a shoe kotsing ea koloi ha a le lilemo li 20, beng ka eena ba ile ba fumana buka eo ’mè oa hae a neng a mo thusitse hore a ngole lipakane tsa hae ho eona, ho tloha ha a le lilemo li ’nè. Lipakane tsa hae li ne li akarelletsa hore a kolobetsoe, a fane ka lipuo Holong ea ’Muso le hore a sebeletse ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova, moo a neng a tla kenya letsoho ho hlahiseng lingoliloeng tse tla thusa batho hore ba ithute ka Molimo. Ka mor’a hore ’mè oa hae a shebe buka ena eo Kyle a e ngotseng lilemong tse ngata tse fetileng, o ile a re: “O finyeletse lipakane tseo kaofela.”

U ipehetse lipakane life? Ha u tsebe hore na bophelo ba hao bo tla ba joang hosasane. Kahoo, sebelisa letsatsi ka leng hamolemo. Joaloka Catrina le Kyle, sebelisa nako ea hao ho etsa lintho tse putsang ka ho fetisisa. Etsisa moapostola Pauluse, eo ho elella qetellong ea bophelo ba hae, a ileng a re: “Ke loanne ntoa e ntle, ke mathile tseleng ea peiso ho fihlela qetellong, ke bolokile tumelo.” (2 Timothea 4:7) Khaolo e latelang e tla u thusa ho etsa seo!

[Setšoantšo se leqepheng la 274, 275]

Haeba u batla ho phela hantle ’meleng, u lokela ho ikoetlisa. Haeba u batla ho phela hantle moeeng, u lokela ho ithuta Lentsoe la Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela