Bacha Baa Botsa
Nka Etsa’ng Hore ke Thabele ho sebeletsa Molimo?
Josh ea lilemo li 16, o paqame betheng. ’Mè oa hae o hlaha monyako ’me o re ho eena, ka tieo: “Joshua, ak’u tsohe! Ua tseba hore re ea libokeng mantsiboeeng ana!” Josh ke ngoana ea hōlisoang ke batsoali ba Lipaki Tsa Jehova, ’me ho ea libokeng tsa Bokreste ke karolo ea kamehla ea borapeli ba lelapa labo. Empa morao tjena, Josh o se a le botsoa ho ea libokeng.
Oa tletleba: “Empa ’Mè, feela na ehlile na ke tlamehile ho ea libokeng?”
’Mè oa hae o re: “Tlohela ho ingamangama, apara, ’na ha ke batle ho fihla liboka li se li qalile hape!” Oa reteleha ’me o qala ho tsamaea.
Ha ’mè oa hae a qeta ho furalla, Josh oa phasoloha, o re: “Bolumeli bona ke ba hao ’Mè, empa hoo ha ho bolele hore ke ba ka.” Oa tseba hore ’mè oa hae o utloile hobane o ile a khaotsa ho tsamaea ho se hokae. Empa o ile a khetha ho itholela ’me a tsoela pele ho tsamaea.
Josh o ikutloa a le molato hore ebe o buile joalo. Hase hore o batla ho utloisa ’mè oa hae bohloko. Empa le teng ha a batle ho kōpa tšoarelo. Ntho feela eo a ka mpang a e etsa ke . . .
A tenehile, Josh oa tsoha ’me o qala ho apara. Joale oa honotha o re, “Ka le leng la matsatsi ke tla iketsetsa liqeto. Ha ke tšoane le ba bang Holong ea ’Muso. ’Na ha kea etsetsoa ho ba Mokreste!”
NA LE uena u kile ua ikutloa ka tsela e tšoanang le eo ea Josh? Na ka linako tse ling ho bonahala eka uena u hohoba ka mor’a ba bang feela ha bona ba thabela ho etsa mesebetsi ea Bokreste? Ka mohlala:
◼ Na ho uena, ho ithuta Bibele ho itšoanela feela le ho etsa mosebetsi oa sekolo o etsetsoang lapeng?
◼ Na u tšaba ho ea tšebeletsong ea ntlo le ntlo?
◼ Na hangata u ikutloa u borehile ha u le libokeng tsa Bokreste?
Haeba u araba ka e, lipotsong tse kang tsena, u se ke ua nyahama. Ha u ka etsa liphetoho tse seng kae, u ka ithuta hore u thabele ho sebeletsa Molimo. A re bone hore na u ka etsa seo joang.
Bothata ba #1: Ho Ithuta Bibele
Lebaka leo ho seng bonolo. Mohlomong u nka hore ha u motho ea ratang ho bala. Ha u khone ho tsepamisa mohopolo nako e telele—ho thata hore u lule u khutsitse, u tsepamisitse mohopolo nthong e le ’ngoe! Etsoe u se u ntse u e-na le lintho tse ngata tsa sekolo tseo u lokelang ho ithuta tsona.
Lebaka leo u lokelang ho ithuta eona. Hase feela hore Bibele ke buka e bululetsoeng ke Molimo, empa e boetse e “molemo bakeng sa ho ruta le ho thusa batho le ho ba khalemela le ho ba bontša kamoo ba lokelang ho phela.” (2 Timothea 3:16, Contemporary English Version) Ho ithuta Bibele le ho thuisa ka seo u se balileng ho ka u thusa hore u utloisise lintho tseo u neng u sa li tsebe. Bonneteng, ha ho letho le molemo leo u ka le fumanang u sa le sebeletsa ka thata. Haeba u batla ho ipabola papaling e itseng, u tla lokela ho ithuta melao ea eona ’me u ikoetlise ka ho e bapala. Haeba u batla ho phela hantle ’meleng, u lokela ho ikoetlisa. Haeba u batla ho ithuta ka ’Mōpi oa hao, u lokela ho ithuta Lentsoe la Molimo.
Seo bacha ba bang ba se buang. “Ha ke fihla sekolong se phahameng, ke ile ka lokela ho etsa qeto ea bohlokoa. Bana ba bang ba ne ba etsa lintho tse ngata tse mpe, ’me ke ile ka tlameha ho etsa qeto: ‘Na ke hlile ke batla ho etsa see? Na ehlile batsoali ba ka ba nthuta ’nete?’ Ke ile ka tlameha hore ke iphumanele seo.”—Tshedza.
“Kamehla ke ne ke lumela hore seo ke ithutileng sona ke ’nete, empa ho ne ho hlokahala hore ke ikholise hore seo ke ’nete. Ke ile ka tlameha ho etsa hore seo e be tumelo ea ka—eseng feela tumelo ea batsoali ba ka.”—Nelisa.
Seo u ka se etsang. Iketsetse kemiso ea ho ithuta e lumellanang le maemo a hao. U ka ikhethela hore na ke lihlooho life tseo u ka ithutang tsona. U ka qala ka sehlooho sefe? Ke hobane’ng ha u sa ithute Bibele ka ho tebileng ’me u hlahlobisise seo u se lumelang, mohlomong u sebelisa buka e kang ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?a
Seo u ka rerang ho se etsa. E le hore u hle u qale, tšoaea lintlha tse peli kapa tse tharo tse tšohloang ke Bibele tse ka tlaase tseo u ka ratang ho ithuta haholoanyane ka tsona—kapa ha u rata, u ka ’na ua ingolla tse ling.
□ Na Molimo o teng?
□ Nka kholiseha joang hore bangoli ba Bibele ba ne ba bululetsoe ke Molimo?
□ Ke hobane’ng ha ke lokela ho lumela pōpong eseng khopolong ea hore lintho li ikentse?
□ ’Muso oa Molimo ke’ng, hona nka paka joang hore o teng?
□ Nka hlalosa seo ke se lumelang joang mabapi le se etsahalang ha motho a e-shoa?
□ Ke hobane’ng ha ke lokela ho lumela hore tsoho ea bafu e tla ba teng?
□ Nka kholiseha joang hore na bolumeli ba ’nete ke bofe?
□ ․․․․․
Bothata ba #2: Ho Kopanela Mosebetsing oa Boboleli
Lebaka leo ho seng bonolo. Ho bua le ba bang ka Bibele—kapa ho kopana le ngoana eo u kenang sekolo le eena ha u le mosebetsing oa boboleli—e ka ba ntho e tšosang.
Lebaka leo u lokelang ho o etsa. Jesu o ile a laela balateli ba hae, a re: “Le etse batho . . . barutuoa, . . le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) Empa ho na le mabaka a mang ao re lokelang ho bolella ba bang litaba tse molemo ka ’ona. Liphuputso li bontša hore libakeng tse ling bacha ba bangata ba lumela ho Molimo ba bile ba kholoa Bibele. Empa bona bacha bao ha ba na tšepo ea sebele ka bokamoso. Ha u ntse u ithuta Bibele, u fumana boitsebiso boo lithaka tsa hao tse ngata li ntseng li bo batla li bileng li bo hlokang!
Seo bacha ba bang ba se buang. “’Na le motsoalle oa ka re ne re lokisetsa likenyelletso tse tsosang thahasello, ’me re ithuta ho araba batho ba re hanyetsang le ho etsa maeto a ho boela. Ha ke ikitlaetsa haholoanyane tšebeletsong, ke ile ka qala ho e thabela le ho feta.”—Nelisa.
“Morali e mong oabo rōna oa Mokreste o nthusitse haholo! O ntšiea ka lilemo tse tšeletseng, ’me o ea le ’na tšebeletsong ea tšimo ebile ka linako tse ling o nkisa lijong tsa hoseng. O ile a mpontša mangolo a mangata a nthusitseng hore ke fetole tsela eo ke nahanang ka eona. Hona joale kea hlokomela hore ke se ke thahasella ho thusa batho ba bang haholo ka lebaka la mohlala oa hae o motle. Ha ke tsebe hore na nka mo lefa ka eng!”—Shontay.
Seo u ka se etsang. Ha batsoali ba hao ba u lumella, batla motho ea itseng ea hōlileng ka phuthehong eo u ka sebetsang le eena tšimong. (Liketso 16:1-3) Bibele e re: “Tšepe e leotsoa ka tšepe. Ka ho tšoanang motho e mong o leotsa sefahleho sa e mong.” (Liproverbia 27:17) Ho na le melemo e mengata ha u tloaelana le batho ba hōlileng ba nang le phihlelo e ngata. Alexis ea lilemo li 19 o re: “Ha e le hantle, motho o phutholoha haholoanyane ha a e-na le batho ba hōlileng.”
Seo u ka rerang ho se etsa. Ka tlaase mona, ngola lebitso la motho e mong phuthehong ea heno, eo hammoho le batsoali ba hao, a ka u thusang tšebeletsong ea tšimo.
․․․․․
Bothata ba #3: Ho ea Libokeng Tsa Bokreste
Lebaka leo ho seng bonolo. Ka mor’a ho qeta letsatsi lohle u lutse ka tlelaseng, u ka ’na ua tsoafa ho qeta hora e le ’ngoe kapa tse peli u mametse lipuo tse buang ka Bibele.
Lebaka leo u lokelang ho ea ho tsona. Bibele e khothatsa Bakreste ka ho re: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana, ’me re etsa joalo haholo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.”—Baheberu 10:24, 25.
Seo bacha ba bang ba se buang. “Joang kapa joang u lokela ho lokisetsa liboka. Ka linako tse ling u lokela ho ikhanna hore u etse seo. Ha u lokisetsa liboka, ua li thabela hobane u tseba taba eo ho buuoang ka eona ebile u ka ba le seabo.”—Elda.
“Ka nako e ’ngoe ke ile ka lemoha hore ha ke arabela libokeng, ke natefeloa ke tsona haholoanyane.”—Jessica.
Seo u ka se etsang. Iphe nako ea ho lokisetsa esale pele ’me ha ho khoneha, arabela nakong ea liboka. Sena se tla etsa hore u ikutloe u na le seabo haholoanyane ho se etsahalang libokeng.
Ho etsa mohlala: Ntho e thabisang haholo ke eng—na ke ho shebella papali e itseng thelevisheneng, kapa ke ho e bapala lebaleng? Ho totobetse hore ntho e monate haholo ke ho bapala papali ho e-na le ho e shebella. Ke hobane’ng ha u sa nke liboka ka tsela e tšoanang?
Seo u ka rerang ho se etsa. Moleng o ka tlaase, ngola nako eo beke le beke u ka qetang metsotso e 30 u lokisetsa seboka se itseng sa phutheho.
․․․․․
Bacha ba bangata ba lemoha bonnete ba se boleloang ke Pesaleme ea 34:8, e reng: “Latsoang ’me le bone hore Jehova o molemo.” Na ua khotsofala ha u utloa ho thoe lijo tse itseng li lutlisa mathe? Na ha ho molemo hore u li latsoe ka bouena? Hoa tšoana le tabeng ea ho sebeletsa Molimo. Latsoa ’me u iponele hore na ho khotsofatsa hakaakang ho ba le seabo litabeng tsa moea. Bibele e re motho eo e seng moutloi feela empa e le moetsi oa mosebetsi “o tla thaba ho o etseng ha hae.”—Jakobo 1:25.
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
SEO U KA NAHANANG KA SONA
◼ Ke hobane’ng ha mocha a ka ’na a utloa eka mesebetsi e amanang le borapeli ea bora?
◼ Likarolong tse tharo tse amanang le borapeli tse tšohliloeng sehloohong sena, ke efe eo u ka ratang ho ntlafatsa ho eona, hona u tla etsa seo joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 20, 21]
Haeba u batla ho phela hantle ’meleng, u lokela ho ikoetlisa. Haeba u batla ho phela hantle moeeng, u lokela ho ithuta Lentsoe la Molimo