Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yp1 khao. 2 maq. 14-20
  • Ke Hobane’ng ha re Lula re Ngangisana?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha re Lula re Ngangisana?
  • Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha re Lula re Ngangisana?
    Tsoha!—2010
  • Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba sa Nkutloisise?
    Tsoha!—2012
  • Ke Hobane’ng ha ’Mè le Ntate ba ile ba Arohana?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ke Lokela ho Etsa’ng ha Batsoali ba ka ba Qabana?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
Bala Tse Ling
Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
yp1 khao. 2 maq. 14-20

Khaolong ea 2

Ke Hobane’ng ha re Lula re Ngangisana?

Boemong bo hlalositsoeng qalong ea khaolo ena, Rachel o tlatselitse ka litsela tse tharo hore ho be le ngangisano. Na u ka li qolla? Ngola likarabo meleng e ka tlaase mona, ebe u li bapisa le tse lebokoseng la “Likarabo” le leqepheng la 20.

․․․․․

Ke Laboraro mantsiboea. Rachel ea lilemo li 17, o qetile mesebetsi ea lapeng ’me o itokisetsa hore qetellong a ke a robe monakeli! O bulela TV ’me o lula setulong seo a se ratang.

Hang ka mor’a hore a lule fatše, ’mè oa hae oa kena ’me o bonahala a sa thaba. “Rachel! Ke hobane’ng ha u senya nako u shebeletse TV, ha e tlameha ebe u thusa ngoan’eno ka mosebetsi oa sekolo? Ha ho mohla u etsang seo u se laetsoeng!”

Rachel o buela tlaase, o re: “Oa be a se a qalile.”

’Mè oa atamela, o re: “U re’ng uena ngoananyana?”

Rachel o hemela holimo ’me o bilikisa mahlo, o re: “Ha ke re letho ’Mè.”

Joale ’mè oa hae o hlile o koatile. O re: “U se ke ua bua le ’na joalo!”

Rachel oa mo arabisa, o re: “Uena ke hobane’ng ha u mpuisa joalo?”

Nako ea phomolo e felile . . . ba qala ho ngangisana hape.

NA U kile ua ba boemong bo kang bo hlalositsoeng ka holimo? Na u lula u ngangisana le batsoali ba hao? Haeba ho joalo, ak’u nahane ho se hokae ka seo. Ke lintho life tse le qabanyang hangata? Lintlheng tse latelang, tšoaea ✔ ho tse u amang—kapa u ngole e le qabanyang pel’a “Tse ling.”

□ Boitšoaro

□ Mesebetsi ea lapeng

□ Liaparo

□ Nako ea ho fihla lapeng

□ Boithabiso

□ Metsoalle

□ Banana kapa bashanyana

□ Tse ling ․․․․․

Ho sa tsotellehe hore na uena le batsoali ba hao le ngangisana ka eng, seo se etsa hore le qetelle le sa thaba. Ke ’nete hore u ka ’na ua ithōlela ’me ua etsa eka u lumellana le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo batsoali ba hao ba e buang. Empa na see ke seo Molimo a lebeletseng hore u se etse? Che. Ke ’nete hore Bibele e re u ‘hlomphe ntat’ao le ’m’ao.’ (Baefese 6:2, 3) Empa e boetse e u khothalletsa hore u hōlise “matla a ho nahana” le hore u a sebelise. (Liproverbia 1:1-4; Baroma 12:1) Ha u etsa joalo, ha ho pelaelo hore ho tla ba le lintho tse itseng tseo u li lumelang ka tieo, ’me tse ling tsa tsona li ka ’na tsa fapana le tseo batsoali ba hao ba li lumelang. Leha ho le joalo, malapeng a sebelisang melao-motheo ea Bibele, batsoali le bana ba ka buisana ka khotso—esita le haeba ba sa lumellane.—Bakolose 3:13.

U ka itlhalosa joang ntle le hore puisano ea lōna e fetohe ntoa? Ho bonolo ho re: “Batsoali ba ka ba na le bothata. Etsoe ke bona ba lulang ba ntšoenya!” Empa nahana: Ke ho isa bohōleng bofe u ka laolang seo batho ba bang ba se etsang, ho akarelletsa batsoali ba hao? Ka sebele, ntho feela eo u ka e laolang ke ho fetola seo u se etsang. ’Me ho thabisang ke hore haeba u phetha karolo ea hao ho fokotsa tsitsipano pakeng tsa lōna, batsoali ba hao ba ka ’na ba lula ba khobile matšoafo ’me ba u mamela ha u bua.

Kahoo a re hlahlobe seo u ka se etsang e le hore u khaotse ho ngangisana le bona. Sebelisa litlhahiso tse latelang, ’me uena le batsoali ba hao le ka ’na la makatsoa ke tsela e ncha eo le buisanang ka eona.

● Nahana pele u bua. U se ke ua phasoloha ntho ea pele feela e tlang kelellong ea hao ha u utloa eka ua hlaseloa. Ka mohlala, a re re ’mè oa hao o re: “Ke hobane’ng ha u sa hlatsoa lijana? Ha ho mohla u etsang seo u se laetsoeng!” Ha u mo araba u sa nahana u ka ’na ua re, “U nkomanyetsa’ng joale?” Empa sebelisa matla a ho nahana. Leka ho utloisisa tsela eo ’mè oa hao a ikutloang ka eona. Maemong a mangata, ha ua lokela ho nka mantsoe a kang “mehla ena” le “ha ho mohla” ka tsela ea sebele. Leha ho le joalo, a bontša tsela eo motsoali a ikutloang ka eona. E ka ’na eaba o ikutloa joang?

Mohlomong ’mè oa hao o ferekane, o nka hore ba bang ka lapeng baa mo imetsa ka mosebetsi. E ka ’na eaba o mpa feela a batla hore u mo tiisetse hore ua mo tšehetsa. Haeba ho joalo, ho re: “U nkomanyetsa’ng joale?” ho ke ke ha u thusa ka letho—empa ho ka ’na ha mpefatsa lintho! Ho e-na le hoo, ke hobane’ng ha u sa etse hore ’mè oa hao a phutholohe? Ka mohlala, u ka ’na ua re: “Kea bona hore u koatile ’Mè. Ke tla hlatsoa lijana tseo hona joale.” Tlhokomeliso: U se ke ua bua ka ho phoqa. Araba ka tsela e bontšang kutloelo-bohloko ’me seo se ka ’na sa mo kokobetsa bohale ebe o u bolella hore na ha e le hantle bothata ke eng.a

Ka tlaase mona, ngola mantsoe ao ’mè kapa ntate oa hao a ka ’nang a a bua, a ka u khopisang—haeba u a lumella.

․․․․․

Joale nahana ka karabo e bontšang kutloelo-bohloko, e ka ’nang ea bontša hore u utloisisa hore na ke hobane’ng ha a bua joalo.

․․․․․

● Bua ka tlhompho. Michelle o ithutile ka se mo etsahaletseng hore ke habohlokoa hore na o bua le ’mè oa hae joang. O re: “Ho sa tsotellehe hore na bothata ke’ng, ’Mè o lula a mpolella hore ha a rate tsela eo ke mo buisang ka eona.” Haeba seo se atisa ho u etsahalla, ithute ho buela tlaase le hona u bue butle, ’me u qobe ho bilikisa mahlo kapa ho etsa lintho tse ling tse bontšang hore u tenehile. (Liproverbia 30:17) Haeba u utloa eka u tla tloha u halefa, etsa thapelo e khutšoanyane ka pelong. (Nehemia 2:4) Ke ’nete hore sepheo sa hao hase ho kōpa Molimo ho u thusa hore ‘motsoali oa hao a khaotse ho u tšoenya’ empa ke hore a u thuse u ithibe e le hore u se ke ua mpefatsa boemo le ho feta.—Jakobo 1:26.

Ka tlaase mona, ngola tse ling tsa lintho tseo u atisang ho li bua le ho li etsa tseo u lokelang ho li qoba.

Lintho tseo u li buang:

․․․․․

Lintho tseo u li etsang ka sefahleho le ka ’mele:

․․․․․

● Mamela. Bibele e re: “Ea buang haholo sebe se teng polelong tsa hae.” (Liproverbia 10:19, Bibele—Phetolelo e Ncha) Kahoo etsa bonnete ba hore u fa ’mè kapa ntate oa hao monyetla oa hore a bue, ’me u mo mamele ka hloko. U se ke ua mo kena hanong e le hore u ikemele. Mo mamele. Hamorao ha a se a qetile ho bua, u tla ba le nako e ngata ea ho botsa lipotso kapa ea ho itlhalosa. Ka lehlakoreng le leng, haeba u etsa manganga ’me u tsitlella ho ntša maikutlo a hao ka nako eo, u ka ’na ua mpefatsa lintho le ho feta. Esita le haeba ho e-na le lintho tse ngata tseo u batlang ho li bua, mohlomong eo “ke nako ea ho khutsa.”—Moeklesia 3:7.

● Ikemisetse ho kōpa tšoarelo. Kamehla ho molemo hore u kōpe tšoarelo ka ntho leha e le efe eo u e entseng e le qabantseng. (Baroma 14:19) U ka ba ua ’na ua re u masoabi hore ebe le qabane. Haeba u thatafalloa ho etsa sena le shebane mahlong, leka ho ngola maikutlo a hao fatše. Ebe u ‘tsamaea maele e ’ngoe’ ka ho fetola ntho leha e le efe eo u e entseng e tlatselitseng bothateng boo. (Matheu 5:41) Ka mohlala, haeba le qabantsoe ke ho se etse seo u se laetsoeng, ke hobane’ng ha u sa thabise batsoali ka hore u etse mosebetsi oo ba sa lebella? Esita le haeba ke ntho eo u sa rateng ho e etsa, na ha ho molemo hore u e etse ho e-na le hore u halefise batsoali ba hao ha ba fumana hore ha ua e etsa? (Matheu 21:28-31) Kahoo nahana kamoo u ka ruang molemo kateng ha u phetha karolo ea hao ho fokotsa tsitsipano pakeng tsa hao le batsoali.

Malapa a atlehileng a ba le liqabang, empa a tseba ho li rarolla ka khotso. Haeba u sebelisa litlhahiso tse fanoeng khaolong ena, u ka ’na ua fumana hore u ka buisana le batsoali ba hao ka lintho tse thata—ntle le hore le ngangisane!

KHAOLONG E LATELANG

Na u nka hore batsoali ba hao ba lokela ho u fa bolokolohi bo eketsehileng? Haeba ho joalo, u ka etsa’ng?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Khaolo ea 21, Bukeng ea 2.

LENGOLO LA SEHLOOHO

“Batho ba molemo baa nahana pele ba araba.”—Liproverbia 15:28, Today’s English Version.

KELETSO

Ha batsoali ba hao ba bua le uena, tima sebapala-’mino, beha buka kapa makasine fatše ’me u ba shebe mahlong.

NA U NE U TSEBA . . . ?

Ho leka ho rarolla liqabang kapa ho li thibela ho tla u nolofalletsa lintho haholoanyane bophelong. Ha e le hantle, Bibele e re motho “ea nang le mosa o lerato o sebetsana ka mokhoa o putsang le moea oa hae.”—Liproverbia 11:17.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Tlhahiso e khaolong ena eo ke lokelang ho ntlafatsa haholo ho eona ke ․․․․․

Ke etsa qeto ea ho sebelisa tlhahiso ena ho qala ka la (ngola letsatsi) ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Ke hobane’ng ha bacha ba bang ba nkela holimo taba ea ho hlōla likhang?

● Ke hobane’ng ha Jehova Molimo a nka motho ea ratang ho ngangisana le ba bang e le leoatla?—Liproverbia 20:3.

● U tla rua molemo ofe ka ho fokotsa tsitsipano pakeng tsa hao le batsoali?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 18]

“Ka linako tse ling, ’Mè o kōpa tšoarelo ebe oa nhaka ’me seo sea nthabisa. Joale re lebala tse fetileng. Le ’na ke leka ho mo etsisa. Ho tlohela boikhohomoso le ho kōpa tšoarelo ka tieo ho molemo haholo, le hoja bonneteng ho se bonolo.”—Lauren

[Lebokose le leqepheng la 20]

Likarabo

1. O bua ka ho phoqa (“Oa be a se a qalile”) ’me seo se etsa hore ’mè oa hae a ferekane le ho feta.

2. Rachel o ile a ipitsetsa mathata ka ponahalo ea sefahleho (ha a bilikisa mahlo).

3. Hangata ho arabisa motsoali (“Uena ke hobane’ng ha u mpuisa joalo?”) ho mpefatsa litaba.

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Ho ngangisana le motsoali ho tšoana le ho tapa-tapa nģa e le ’ngoe—u tla fufuleloa empa ha ho na moo u tla ea teng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela