Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yp1 khao. 4 maq. 28-33
  • Ke Hobane’ng ha ’Mè le Ntate ba ile ba Arohana?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ’Mè le Ntate ba ile ba Arohana?
  • Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mabaka ao ka ’Ona Batsoali ba Arohanang
  • Seo U ka se Etsang
  • Seo U sa Lokelang ho se Etsa
  • Seo U ka se Lebellang Nakong e Tlang
  • Ke Hobaneng ha ’Mè le Ntate ba Arohane?
    Tsoha!—1988
  • Nka Lebala Tlhalo ea Batsoali ba ka Joang?
    Tsoha!—1988
  • Nka Etsa’ng Haeba Batsoali ba ka ba Hlalana?
    Bacha Baa Botsa
  • Ke Lokela ho Etsa’ng ha Batsoali ba ka ba Qabana?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
Bala Tse Ling
Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
yp1 khao. 4 maq. 28-33

Khaolong ea 4

Ke Hobane’ng ha ’Mè le Ntate ba ile ba Arohana?

“Ke ne ke e-na le ’Mè lapeng, mohla Ntate a re sieang. Ke ne ke le lilemo li tšeletseng feela, kahoo ke sa utloisise hore na ho etsahala’ng. Ke ne ke lutse fatše ke shebeletse TV ’me ka utloa ’Mè a lla, a kōpa Ntate hore a se ke a tsamaea. O ile a theoha ka litepisi a nkile sutuk’heise, a khumama a ntan’o nkaka ’me a re, ‘Ke tla lula ke u rata.’ Eaba oa tsamaea. Ka mor’a moo, ho ile ha feta nako e telele ke sa bone Ntate. Ho tloha ka nako eo, ke ’nile ka tšoha hore ’Mè le eena o tla ntšiea.”—Elaine ea lilemo li 19.

HA BATSOALI ba hao ba hlalana, ho ka ’na ha bonahala eka seo ke qetello ea bophelo ba hao, ’me u tla lula u saretsoe ho ea ho ile. Hangata ho etsa hore motho a hlajoe ke lihlong, a halefe, a tšoenyehe, a tšohe hore o tla lahloa kherehloa, a ikutloe a le molato, a tepeletse maikutlo ebile a lahlehetsoe haholo—’me a batle ho iphetetsa.

Haeba batsoali ba hao ba sa tsoa arohana, u ka ’na ua ikutloa ka tsela e tšoanang ’me seo ha se makatse, kaha ’Mōpi oa rōna o ne a rerile hore bana ba hōlisoe ke ’mè le ntate. (Baefese 6:1-3) Hona joale ha u sa khona ho qeta nako u e-na le motsoali oa hao e mong letsatsi le letsatsi, eo e ka ’nang eaba u ne u mo rata haholo. Daniel eo batsoali ba hae ba ileng ba arohana ha a le lilemo li supileng, o re: “Ke ne ke rata ntate oa ka haholo ’me ke batla ho qeta nako ke e-na le eena. Empa lekhotla le ile la fa ’Mè tokelo ea ho re hōlisa.”

Mabaka ao ka ’Ona Batsoali ba Arohanang

Hangata bana baa makala ha batsoali ba arohana, kaha batsoali ba ne ba patile mathata a bona. Rachel ea neng a le lilemo li 15 ha batsoali ba hae ba arohana, o re: “Ke ile ka makala haholo. Kamehla ke ne ke nahana hore baa ratana.” Esita le ha batsoali ba ngangisana, e ntse e ka ’na ea e-ba ho utloisang bohloko ha ba arohana!

Hangata batsoali ba arohana hobane e mong a le molato oa ho ameha boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate. Boemong bo joalo, Molimo o lumella molekane ea se nang molato ho hlala ’me a lokolohe hore a kene lenyalong hape. (Matheu 19:9) Maemong a mang, “khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang” li feletse ka pefo ’me li entse hore motsoali e mong a tšabe hore eena le bana ba ka lematsoa ’meleng.—Baefese 4:31.

Ke ’nete hore banyalani ba bang ba arohana ka mabaka a sa utloahaleng hakaalo. Ho e-na le ho leka hore ba rarolle mathata, banyalani ba bang ka boithati baa hlalana hobane ba re “ha baa thaba” kapa “ha ba sa ratana.” Sena ha se khahlise Molimo ea ‘hloileng tlhalo’ ea mofuta oo. (Malakia 2:16) Jesu o ile a bolela hore malapa a mang a ka ’na a qhalana ha molekane e mong e e-ba Mokreste.—Matheu 10:34-36.

Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, taba ea hore batsoali ba hao ba khethile ho se u bolelle letho kapa ho u araba feela ka tsela e sa hlakang ha u ba botsa lipotso tse itseng mabapi le ho hlalana ha bona, ha e bolele hore ha ba u rate. Kaha ba nahana haholo ka bohloko boo ba bo utloileng, e ka ’na eaba batsoali ba hao ba thatafalloa ho bua le uena ka ho hlalana ha bona. (Liproverbia 24:10) Hape ba ka ’na ba ikutloa ba sa lokoloha ba bile ba hlajoa ke lihlong ho lumela liphoso tseo ba li entseng.

Seo U ka se Etsang

Lemoha lintho tseo u li tšohileng. Kaha tlhalo e ka fetola ka ho feletseng tsela eo u neng u phela ka eona, u ka ’na ua qala ho tšoenyeha ka lintho tseo pele u neng u sa li nkele hloohong hakaalo. Leha ho le joalo, u ka ’na ua fokotsa tšabo ka ho qala ho lemoha hore na lintho tseo ke life. Ka tlaase mona, tšoaea ✔ haufi le ntho eo u e tšohileng haholo, kapa u e ngole haufi le “Tse ling.”

□ Motsoali oa ka e mong le eena o tla ntahla.

□ Lelapa leso le ke ke la e-ba le chelete e lekaneng ea ho iphelisa.

□ Ka tsela e itseng, ke molato hore ebe ba hlalane.

□ Haeba ke kena lenyalong, le lona le tla qhalana.

□ Tse ling ․․․․․

Tšohla lintho tse u tšoenyang. Morena Solomone o ile a re ho na le “nako ea ho bua.” (Moeklesia 3:7) Kahoo, leka ho fumana nako e loketseng ea hore u buisane le batsoali ba hao ka lintho tseo u li tšohileng, tseo u li boletseng ka holimo. Ba bolelle kamoo u utloileng bohloko kateng kapa u ferekaneng kateng. Ba ka ’na ba khona ho u hlalosetsa se etsahalang ’me kahoo ba kokobetsa ho tšoenyeha ha hao. Haeba batsoali ba hao ba sa ikemisetsa ho u tšehetsa kapa ba sa khone ka nako eo, u ka ’na ua buisana le motsoalle e mong ea hōlileng tsebong. Ithaopele ho ea ho motho eo. Hore feela motho e mong a u mamele, seo ka bosona se ka u imolla haholo.—Liproverbia 17:17.

Ka holim’a tsohle, u ka bua le Ntate oa hao oa leholimo ea tla u mamela, kaha ke “Ea Utloang thapelo.” (Pesaleme ea 65:2) Mo tšollele pelo ea hao, ‘hobane oa u tsotella.’—1 Petrose 5:7.

Seo U sa Lokelang ho se Etsa

U se ke ua ba jara ka pelo. Daniel ea qotsitsoeng pejana, o re: “Batsoali ba ka e ne e le baithati. Ha baa ka ba nahana ka rōna le hore na seo ba se etsang se tla re ama joang.” Tsela eo Daniel a ikutloang ka eona ea utloahala ’me e ka ’na eaba ke ’nete. Empa u ne u ka araba lipotso tse latelang joang? Ngola likarabo meleng e ka tlaase mona.

Daniel o ne a ka hlaheloa ke kotsi efe haeba a ne a lula a halefile a bile a khopehile? (Bala Liproverbia 29:22.) ․․․․․

Le hoja ho ne ho tla ba thata, ke hobane’ng ha ho ne ho ka ’na ha e-ba molemo hore Daniel a leke ho tšoarela batsoali ba hae ka tsela eo ba mo utloisitseng bohloko ka eona? (Bala Baefese 4:31, 32.) ․․․․․

’Nete ea motheo e boletsoeng ho Baroma 3:23, e ne e ka ’na ea thusa Daniel joang hore a be le boikutlo bo nepahetseng ka batsoali ba hae? ․․․․․

Qoba ho etsa lintho tse tla u ntša kotsi. Denny o re: “Ke ne ke hlorile ke bile ke sithabetse ha batsoali ba ka ba qeta ho hlalana. Lintho li ile tsa qala ho ntsamaela hampe sekolong ’me ka selemo se seng ka feila. Ka mor’a moo . . . ke ile ka tlala papali ’me ke ne ke lula ke loana sekolong.”

U nahana hore Denny o ne a leka ho finyella eng ka ho ba motho ea tletseng papali? ․․․․․

E ka ’na eaba ke hobane’ng ha a ile a qala ho rata ntoa? ․․․․․

Haeba u utloa u batla ho utloisa batsoali ba hao bohloko ka hore u etse lintho tse tsoileng tseleng, molao-motheo o ho Bagalata 6:7 o ka u thusa joang hore u be le pono e loketseng? ․․․․․

Seo U ka se Lebellang Nakong e Tlang

Ha motho a tsoile kotsi, e kang ea ho robeha lesapo, a ka ’na a nka libeke kapa likhoeli hore a fole ka ho feletseng. Ka ho tšoanang, ho nka nako hore bohloko ba maikutlo bo fole. Litsebi tse ling li nahana hore maikutlo a bohloko ka ho fetisisa a bang teng ka lebaka la tlhalo a kokobela ka mor’a lilemo tse tharo. Eo e ka ’na ea bonahala eka ke nako e telele, empa hopola hore ho na le lintho tse ngata tse lokelang ho etsahala pele u ka ba le botsitso bophelong.

Har’a tse ling, kemiso ea lelapa—e ileng ea ferekanngoa ke tlhalo—e tlameha ho hlophisoa bocha. Ho tla boela ho nke nako pele batsoali ba hao ba hlaphoheloa maikutlong. Ka nako eo, ba ka ’na ba qetella ba khona ho u tšehetsa ka tsela eo u e hlokang. Empa ha u boetse u e-ba le botsitso ka tsela e itseng, u tla qala ho utloa bophelo ba hao bo khutlela setloaeling.

BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 2, KHAOLONG EA 25

KHAOLONG E LATELANG

Na u ikutloa u tšoenyehile ka hore ebe motsoali oa hao o kena lenyalong hape? U ka sebetsana le boemo boo joang?

LENGOLO LA SEHLOOHO

“Ho na le . . . nako ea ho folisa.”—Moeklesia 3:1, 3.

KELETSO

Haeba batsoali ba hao ba hlalane, ho ka etsahala hore ebe e mong oa bona kapa ka bobeli ba bona ba entse liphoso. Leka ho hlokomela hore na ba entse liphoso life e le hore u ka qoba ho li etsa haeba u khetha ho kena lenyalong.—Liproverbia 27:12.

NA U NE U TSEBA . . . ?

U ka thaba lenyalong le hoja batsoali ba hao ba ne ba sa thaba lenyalong la bona.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Nka bolella (ngola lebitso la motho ea hōlileng tsebong eo u ka ratang ho bua le eena) lintho tse ntšoenyang ․․․․․

Haeba ke batla ho utloisa batsoali ba ka bohloko ka hore ke etse lintho tse tsoileng tseleng, nka thibela seo ka ho etsa se latelang: ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Ke hobane’ng ha batsoali ba hao ba ka ’na ba e-ba leqe ho buisana le uena ka ho hlalana ha bona?

● Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho hopola hore batsoali ba hao ba hlalane hobane ba qabane—eseng hobane ba qabane le uena?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 32]

“Ka mor’a hore ’Mè a re siee, ke ne ke sithabetse ’me ke lla letsatsi le chabang le le likelang. Empa ke ne ke rapela kamehla, ke phathahane ka ho thusa ba bang ke bile ke qeta nako ke e-na le metsoalle e hōlileng tsebong. Ke lumela hore eo ke tsela eo Jehova Molimo a nthusitseng ka eona hore ke sebetsane le boemo boo.”—Natalie

[Setšoantšo se leqepheng la 33]

Ho amohela hore batsoali ba hao ba hlalane ho tšoana le ha u robehile letsoho—ke ntho e bohloko, empa qetellong u tla fola

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela