Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwyp sehlooho 5
  • Nka Etsa’ng Haeba Batsoali ba ka ba Hlalana?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Etsa’ng Haeba Batsoali ba ka ba Hlalana?
  • Bacha Baa Botsa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lintho tse tharo tseo u sa lokelang ho li etsa
  • Lintho tse tharo tseo u ka li etsang
  • Nka Lebala Tlhalo ea Batsoali ba ka Joang?
    Tsoha!—1988
  • Na Tlhalo ea Batsoali ba ka e Tla Senya Bophelo ba Ka?
    Tsoha!—1988
  • Ke Hobaneng ha ’Mè le Ntate ba Arohane?
    Tsoha!—1988
  • Lintlha Tse ’Nè Tseo le Lokelang ho li Tseba ka Tlhalo
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Bacha Baa Botsa
ijwyp sehlooho 5
Mocha ea koatileng o furalletse batsoali ba hae ba ntseng ba ngangisana.

BACHA BAA BOTSA

Nka Etsa’ng Haeba Batsoali ba ka ba Hlalana?

E ’ngoe ea lintho tse tšoenyang haholo eo bacha ba thulanang le eona ke ha batsoali ba bona ba hlalana. Ke eng e ka u thusang hore u mamelle boemo boo?

Sehloohong sena

  • Lintho tse tharo tseo u sa lokelang ho li etsa

  • Lintho tse tharo tseo u ka li etsang

  • Seo bacha ba bang ba se buang

Lintho tse tharo tseo u sa lokelang ho li etsa

1. Ho ipeha molato

“’Mè oa ka o ne a kile a mpolella hore mathata ohle a bona a qalile ha ke hlaha, kahoo ke ile ka etsa qeto ea hore ke ka lebaka la ka batsoali ba ka ba hlalaneng.”—Diana.

Hopola sena: Ha baa hlalana ka lebaka la hao. Ba hlalana ka lebaka la mathata a bona. Ha se uena ea ba baketseng mathata ebile u ke ke oa ba rarollela ona. Ke boikarabelo ba bona hore ba rarolle mathata a bona a lenyalo.

“Motho e mong le e mong o tla ikarabella ka lintho tseo a li etsang.”—Bagalata 6:5.

2. Ho lula u halefile

“Ke koatetse ntate oa ka haholo hobane ha aa ka a tšepahalla ’mè oa ka. Ntate o tl’o tlameha ho etsa boiteko bo boholo e le hore ke mo tšepe hape.”—Rianna.

Hopola sena: U tlameha u koatile ebile u ferekane ka lebaka la se etsahalang pakeng tsa batsoali ba hao, ’me ke ho utloahalang hore u ikutloe joalo. Empa ho kotsi hore u lule u halefile. Ho ka u ntša kotsi ’meleng le maikutlong. Ke kahoo ho thoeng ho lula u halefile ho tšoana le ho noa chefo, ebe o lebella hore motho e mong e be eena ea kulang.a

“Khaotsa ho halefa, u tlohele bohale.”—Pesaleme ea 37:8.

3. U nahana hore u ke ke oa ba le lenyalo le thabileng

“Ke tšaba hore ke tla etsisa ntate oa ka. Ke tšaba hore ha nka nyaloa ka ba le bana, ke tla etsa lintho tse tšoanang le tseo batsoali ba ka ba ileng ba li etsa ha ba tla qetella ba hlalane.”—Jessica.

Hopola sena: Taba ea hore lenyalo la batsoali ba hao ha le ea atleha, ha e bolele hore le la hao le ke ke la atleha. Ha e le hantle, u ka ithuta lintho tsa bohlokoa ho se etsahalletseng batsoali ba hao. Ka mohlala, u tla ba hlokolosi hore na u batla motho eo u tl’o nyalana le eena a be joang. Lenyalo la batsoali ba hao le sa kang la atleha, le ka u thusa hore u batle ho ba le makhabane a tla etsa hore u be monna kapa mosali ea molemo.

“Motho e mong le e mong a ke a hlahlobe lintho tseo a li etsang.”—Bagalata 6:4.

Mocha ea kentseng samente leotong o lutse sofeng o ntse a penya lap-top ea hae.

Ho amohela hore batsoali ba hao ba hlalane ho tšoana le lesapo le robehileng le seng le fola. Se utloisang bohloko hona joale, se kaba betere ha nako e ntse e ea.

Lintho tse tharo tseo u ka li etsang

1. Bua le ba bang. Hangata batho ba sa bueng ha ba utloile bohloko, ho ba bonolo hore ba etse lintho tse ba ntšang kotsi, tse kang ho noa joala haholo le ho sebelisa lithethefatsi. Ho e-na le ho etsa joalo, leka ho etsa lintho tsena tse latelang:

Bua le batsoali ba hao. Haeba e mong oa batsoali ba hao kapa bobeli ba bona ba u bolella mathata a bona ’me ba batla u nke lehlakore, bua le bona u khobile matšoafo ’me u ba bolelle hore na seo se etsa hore u ikutloe joang. Haeba u thatafalloa ho bua le bona, u ka ngolla e mong oa bona lengolo kapa oa ba ngolla ba le babeli.

Mocha o ntse a ngola lengolo.

Bua le motsoalle eo u mo tšepang. Ho ba le motho ea u mamelang ka hloko ha u bua, ho ka u thusa hore u imolohe. Bibele e re, “motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle ’me ke ngoan’eno eo u ka mo tšepang linakong tsa mahlomola.”—Liproverbia 17:17.

Bua le ’Mopi oa hao. “Ea Utloang thapelo,” e leng Jehova Molimo, o lula a ikemiselitse ho u mamela. (Pesaleme ea 65:2) Bibele e re u ka ‘lahlela lintho tsohle tse u tšoenyang ho eena hobane oa u tsotella.’—1 Petrose 5:7.

  • Ho batsoali ba hao, ke ofe eo u ka khonang ho bua le eena u khobile matšoafo?

  • Ke motsoalle ofe oa hao eo u mo tšepang (thaka ea hao kapa motho ea holileng) ea ka u thusang le ho u tšehetsa hore u mamelle boemo boo?

  • Ke lintho life tseo u ka li rapellang ka ho khetheha?

Lebone.

Keletso: Ngola maikutlo a hao. Raquel, eo batsoali ba hae ba ileng ba hlalana ha a le lilemo li 12, o re: “Tsela eo u ikutloang ka eona hona joale e ka ’na ea se ke ea utloahala, empa ha u ngola maikutlo a hao fatše e tla re hamorao ha u a bala u tla bona hore tsela eo u neng u ikutloa ka eona, e ntlafetse haholo hakae. Ho etsa joalo ho ile ha nthusa hore ke ikutloe ke le betere.”

2. Fetoha le maemo

Ha batsoali ba hao ba hlalana, u ka ’na oa tlameha ho fetola sebaka seo u neng u lula ho sona, sekolo, maemo a lichelete le ona a ka fetoha ’me oa tlameha ho ba le metsoalle e mecha. Ke ho utloahalang hore u ikutloe u tšoenyehile ebile u ferekane ’me u ka utloa eka bophelo ba hao bo fetohile haholo ebile bo bosula. Ke’ng e ka u thusang hore u amohele boemo? Leka ho nahana haholo ka lintho tse ka u thusang hore u khone ho ikamahanya le maemo a macha.

  • Ke phetoho efe e kholo eo u ileng oa tlameha ho e etsa hobane batsoali ba hao ba hlalana?

  • Ke lintho life tse ka u thusang hore u khone ho ikamahanya le maemo a macha?

“Ke ithutile ho khotsofala ho sa tsotellehe hore na maemo a ka ke afe.”—Bafilipi 4:11.

Lebone.

Keletso: Robala ka ho lekaneng, e ja lijo tse nang le phepo e ntle u be u ikoetlise ka ho lekaneng. Ha u phetse hantle, u tla khona ho mamella maemo a boima ’me ha u na ho imeloa haholo. U ka khona ho sebetsana le stress ka katleho le liphetoho tse bang teng bophelong ba hao.

3. Tseba makhabane a hao

Le hoja ho hlalana ha batsoali ba hao ho ka u tšoenya haholo, ho ka boela ha u thusa hore u hlokomele makhabane ao u nang le ona. U ka ba oa khona ho ba le a mang. Jeremy, eo batsoali ba hae ba hlalaneng ha a le lilemo li 13 o re: “Ha batsoali ba ka ba hlalana, ke ile ka tlameha ho ba le boikarabelo haholoanyane. Kaha ke ’na ea moholo, ke ne ke lokela ho thusa ’mè oa ka le ngoan’eso ea monyane oa moshemane.”

Mocha o thusa ngoana’bo oa ngoanana ka mosebetsi oa sekolo ha ’mè oa bona a ntse a pheha ka kichineng.

Ho hlalana ha batsoali ba hao ho ka etsa hore o be motho ea nang le boikarabelo haholo lapeng.

  • Ke makhabane afe ao u nang le ona ka lebaka la ho hlalana ha batsoali ba hao?

  • Ke hokae moo u ka ratang ho ntlafatsa teng?

“Mangolo ’ohle a halalelang a tsoa ho Molimo. A molemo hobane . . . a lokisa lintho.”—2 Timothea 3:16.

Lebone.

Keletso: Bala Bibele letsatsi le letsatsi. Melao-motheo ea eona e tla u thusa hore u be le makhabane a tla u thusa hore u sebetsane le maemo a tšoenyang bophelong, joaloka ho hlalana ha batsoali ba hao.

a Ho ithuta ho eketsehileng, bala sehlooho se reng “Nka Etsang ho Laola Bohale ba ka?”

Seo bacha ba bang ba se buang

“Haufinyane tjena, ke ile ka amohela hore batsoali ba ka ba hlalane. Qalong, ke ne ke sa utloisise hore na ho etsahala’ng. Eaba ha lilemo li ntse li e ea, kea halefa. Hona joale ha ke se ke le lilemo li 18, ke se ke amohetse boemo ’me ke khona ho tsoela pele.”—Elena.

“Batsoali ba ka ba ile ba hlalana ha ke le lilemo li supileng. Ha ke le lilemo li 21, ke ile ka lula fatše le ntate oa ka ’me ka mo bolella hore ke rata ho bua ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahetseng. Re ile ra qeta lihora tse peli re ntse re bua ka mathata a ileng a etsa hore ba qetelle ba hlalane le hore na seo se ile sa nkama joang. Ke hloile tlhalo, empa ke rata ntate oa ka ’me ke ile ka mo utloisisa. Seo se ile sa nthusa hore ke be le khotso.”—Katelyn.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela