Khaolong ea 1
Nka Buisana le Batsoali ba ka Joang?
“Ke lekile ka matla ho bolella batsoali ba ka kamoo ke ikutloang kateng, empa lintho ha lia ka tsa tsamaea hantle—ba ile ba ntlhokela nako. Ke ile ka leka ka matla hore ke fumane sebete sa ho itlhalosa, empa ka hlōleha ka ho feletseng!”—Rosa.
HA U sa le monyenyane, ho ka etsahala hore ebe u ne u mathela ho batsoali ba hao hore ba u eletse. U ne u ba bolella ntho e ’ngoe le e ’ngoe. U ba hlalosetsa lintho tseo u li nahanang le maikutlo a hao ka bolokolohi ’me u tšepa likeletso tseo ba u fang tsona.
Empa e ka ’na eaba hona joale, u nka hore batsoali ba hao ha ba sa u utloisisa. Ngoanana e mong ea bitsoang Edie o re: “Ka le leng mantsiboea ha re ntse re ja, ke ile ka qala ho lla, ’me ka bolella batsoali ba ka kamoo ke ikutloang kateng. Ba ile ba ’mamela, empa ho ne ho bonahala eka ha ba utloisise.” O ile a etsa’ng ka mor’a moo? O re: “Ke ile ka ikela ka kamoreng, ka lla le ho feta!”
Ka lehlakoreng le leng, ka linako tse ling u ka ’na ua khetha ho se phetlele batsoali ba hao sefuba. Moshanyana e mong ea bitsoang Christopher o re: “Ke buisana le batsoali ba ka ka lintho tse ngata. Empa ntho eo ke e ratang ke hore ka linako tse ling, ha ba tsebe ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e nahanang.”
Na ho fosahetse ho ipolokela litaba tse ling? Che, ha hoa fosahala—hafeela u sa etse bolotsana. (Liproverbia 3:32) Leha ho le joalo, ebang batsoali ba hao ba bonahala ba sa u utloisise kapa ke uena ea sa ba phetleleng sefuba, ’nete ke hore: U lokela ho buisana le batsoali ba hao—’me le bona ba batla ho tseba seo u se nahanang.
U se ke Ua Khaotsa ho Buisana le Bona!
Ka tsela e itseng, ho buisana le batsoali ba hao ho tšoana le ho khanna koloi. Haeba u kopana le bothata tseleng, ha u tele; empa u batla tsela e ’ngoe. Nahana ka mehlala ena e ’meli.
BOTHATA BA 1 U batla ho bua, empa ho bonahala eka batsoali ba hao ha ba u mamele. Ngoanana e mong ea bitsoang Leah o re: “Ke thatafalloa ho buisana le Ntate. Ka linako tse ling ke qeta nako ke ntse ke bua le eena ebe ka mor’a nako o re, ‘Ntšoarele hle, u ntse u bua le ’na?’”
POTSO: Leah a ka etsa’ng haeba a hlile a batla ho buisana le ntate oa hae ka bothata bo itseng? Bonyane ho na le lintho tse tharo tseo a ka khethang ho li etsa.
A ka Khetha A
Ho tlatsetsa ntate oa hae lerata. Leah oa hooa, o re: “Ntate taba ena ke ea bohlokoa hle! Ak’u ’mamele!”
A ka Khetha B
Ho khaotsa ho buisana le ntate oa hae. Leah o etsa qeto ea ho khaotsa ho bua ka bothata ba hae.
A ka Khetha C
Ho emela nako e loketseng e le hore a boele a bue ka taba eo. Hamorao Leah o bua le ntate oa hae ba shebane mahlong, kapa o mo ngolla lengolo ’me o mo hlalosetsa bothata ba hae.
U nahana hore Leah o lokela ho khetha hofe? ․․․․․
A re hlahlobe hore na ntho ka ’ngoe eo a ka khethang ho e etsa e ka ’na ea lebisa hokae.
Ntate oa Leah o ferekane ’me ha a hlokomele hore morali oa hae le eena o tšoenyehile. Kahoo haeba Leah a Khetha A, ntate oa hae a ka ’na a se ke a utloisisa hore na ke hobane’ng ha a tleroha. Ho khetha sena ho ka ’na ha se ke ha etsa hore ntate oa Leah a mo mamele, ebile ho tla bontša hore ha a mo hlomphe. (Baefese 6:2) Kahoo, ha e le hantle hoo ke ho hamela letanteng.
Le hoja ho Khetha B ho ka ’na ha bonahala ho le bonolo ka ho fetisisa, hase bohlale ho etsa joalo. Hobane’ng? Hobane “merero ea senyeha moo ho se nang [puisano ea] lekunutu, empa ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyelloang.” (Liproverbia 15:22) E le hore Leah a atlehe ho sebetsana le mathata a hae, ho hlokahala hore a buisane le ntate oa hae—’me ho hlokahala hore ntate oa hae a tsebe lintho tse etsahalang bophelong ba hae, e le hore a mo thuse. Haeba a khaotsa ho buisana le eena, ha ho letho le finyelloang.
Empa haeba Leah a Khetha C, ha a lumelle bothata hore e be tšitiso. Ho e-na le hoo, o leka ho buisana le ntate oa hae ka nako e ’ngoe. Haeba Leah a khetha ho ngolla ntate oa hae lengolo, a ka ’na a ikutloa a imolohile hang feela. Ho ngola lengolo ho ka ’na ha boela ha mo thusa hore a nahane hantle seo a batlang ho se bolella ntate oa hae. Ha ntate oa Leah a bala lengolo leo, o tla hlokomela seo a neng a leka ho mo bolella sona, e leng se ka ’nang sa mo thusa hore a utloisise bothata ba hae haholoanyane. Kahoo, ho Khetha C ho tsoela Leah le ntate oa hae molemo.
Ke lintho life tse ling tseo Leah a ka ’nang a khetha ho li etsa? Leka ho nahana ka e ’ngoe, ’me u e ngole ka tlaase mona. Ebe ua ngola hore na ho khetha ho etsa seo ho ka ’na ha lebisa hokae.
․․․․․
BOTHATA BA 2 Batsoali ba hao ba batla ho bua, empa uena ha u batle. Ngoanana e mong ea bitsoang Sarah o re: “Ha ho ntho e ntenang joaloka ho hlongoa lipotso ha u tsoa sekolong, u khathetse. Ke batla ho lebala ka lintho tse etsahetseng sekolong, empa hang feela ha ke fihla, batsoali ba ka ba re: ‘Ho ne ho le joang sekolong kajeno? Na ho bile le mathata?’” Ha ho pelaelo hore batsoali ba Sarah ba mo botsa lipotso tseo ka sepheo se setle. Empa Sarah o re, “Ke thatafalloa ho bua ka lintho tse etsahetseng sekolong ha ke khathetse ke bile ke sithabetse.”
POTSO: Sarah a ka etsa’ng boemong boo? Joaloka mohlaleng o fetileng, bonyane ho na le lintho tse tharo tseo a ka khethang ho li etsa.
A ka Khetha A
Ho ithōlela. Sarah o re: “A ke le ntloheleng. Ha ke batle ho bua hona joale!”
A ka Khetha B
Ho ba araba. Sarah o ikutloa a sithabetse ’me o araba batsoali ba hae a tenehile.
A ka Khetha C
Ho ba bolella lintho tse etsahetseng sekolong hamorao, empa o ntšetsa puisano pele ka hore a bue ka taba e ’ngoe. Sarah o etsa tlhahiso ea hore o tla ba hlalosetsa lintho tse etsahetseng sekolong ka nako e ’ngoe, ha a ikutloa hore a ka bua. Joale a sa iketsise, o re: “Lōna le hlotse joang? Ho ne ho le joang motšehare?”
U nahana hore Sarah o lokela ho khetha hofe? ․․․․․
A re boele re hlahlobe hore na ntho ka ’ngoe eo a ka khethang ho e etsa e ka ’na ea lebisa hokae.
Sarah o ikutloa a sithabetse a bile a sa batle ho bua. Haeba a Khetha A, o tla ’ne a ikutloe a sithabetse a be a ikutloe a le molato ka hore ebe o jajabelitse batsoali ba hae ka bohale.—Liproverbia 29:11.
Ka nako e tšoanang, batsoali ba Sarah ba ka ’na ba utloisoa bohloko ke ho tlakoloha ha hae ka bohale—kapa hore ebe oa ithōlela ka mor’a moo. Ba ka ’na ba belaella hore ho na le seo Sarah a ba patelang sona. Ba ka ’na ba leka ka matla le ho feta ho etsa hore a bue, e leng seo ha e hantle se tlang ho mo ferekanya le ho feta. Qetellong, ho etsa sena ke ho hamela letanteng.
Ho hlakile hore ho Khetha B ho molemo ho feta ho khetha A. Etsoe bonyane Sarah le batsoali ba hae ba tla be ba buisana. Empa kaha Sarah le batsoali ba hae ba tla be ba sa buisane ho tsoa pelong, ha ba na ho fumana seo ba hlileng ba se batlang—e leng ho buisana ka bolokolohi le ka botšepehi.
Empa haeba Sarah a Khetha C, o tla ikutloa a imolohile hore ebe ha a bue ka lintho tse etsahetseng sekolong ka nako eo. Batsoali ba hae ba tla ananela boiteko boo a bo etsang ba ho buisana le bona, kahoo ba tla thaba. Ho khetha ho etsa sena ho ka ’na ha hlahisa liphello tse molemo ka ho fetisisa, kaha mahlakore ka bobeli a latela molao-motheo o ho Bafilipi 2:4, o reng: “Le hlokomele lithahasello tsa ba bang, eseng tsa lōna feela.”—Today’s English Version.
Qoba ho Fana ka Maikutlo a Fosahetseng
Hopola hore ka linako tse ling seo u se buang se ka ’na sa fapana le molaetsa oo batsoali ba hao ba o utloang. Ka mohlala, batsoali ba hao ba u botsa hore na ke hobane’ng ha u bonahala eka ha ua thaba. Ebe u re, “Ha ke batle ho bua ka taba ena.” Empa batsoali ba hao ba utloa eka u re: “Ha ke le tšepe hoo nka le phetlelang sefuba. Ke tla bua le metsoalle ea ka ka bothata boo, eseng lōna.” Ak’u leke ho tlatsa mela e ka tlaase mona. Nka hore u tobane le bothata bo itseng bo tebileng ’me batsoali ba hao ba ithaopela ho u thusa.
Ha u re: “Le se ke la tšoenyeha. Ke tla itharollela bona.”
Batsoali ba hao ba ka ’na ba utloa eka u re: ․․․․․
Mohlomong tsela e molemo eo u ka arabang ka eona e ka ba ho re: ․․․․․
Ke’ng seo u lokelang ho se hopola? Ke hore u khethe mantsoe ka hloko. Bua ka tsela e bontšang tlhompho. (Bakolose 4:6) Talima batsoali ba hao e le bathusi, eseng lira. Ho bua ’nete: U hloka thuso ka litsela tsohle e le hore u atlehe ho sebetsana le mathata ao u tobanang le ’ona.
U ka etsa’ng haeba bothata hase ho buisana le batsoali ba hao—empa ke hore nako le nako ha le buisana lea ngangisana?
LENGOLO LA SEHLOOHO
“Ke bua ka ho toba ho tsoa pelong ea ka ’me ke bua ka botšepehi.”—Jobo 33:3, The Holy Bible in the Language of Today, ea William Beck.
KELETSO
Haeba u thatafalloa ho buisana le motsoali kapa batsoali ba hao ka bothata bo itseng le lutse fatše, buisana le bona ka taba eo ha le ntse le otlolla maoto, le tsamaea ka koloi, kapa ha le ile mabenkeleng.
NA U NE U TSEBA . . . ?
Feela joalokaha u ka ’na ua thatafalloa ho buisana le batsoali ba hao ka litaba tse itseng tse tebileng, le bona ba ka ’na ba ikutloa ba sa phutholoha ba bile ba sa tšoanelehe ho bua ka litaba tseo.
SEO KE RERANG HO SE ETSA!
Nakong e tlang ha ke utloa hore ke khaotse ho buisana le batsoali ba ka, ke tla ․․․․․
Haeba motsoali oa ka a tsitlella hore ke bue ka taba eo ke sa batleng ho bua ka eona, ke tla re ․․․․․
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․
U NAHANA’NG KA SEE?
● Ho khetha nako e loketseng ho ka thusa joang tabeng ea hore ho be le puisano e ntle?—Liproverbia 25:11.
● Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u buisane le batsoali ba hao?—Jobo 12:12.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 10]
“Hase kamehla ho leng bonolo ho buisana le batsoali, empa ha u ba phetlela sefuba, u ikutloa eka ho tlositsoe moroalo o boima mahetleng.”—Devenye
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Feela joalokaha u sa tele ha u kopana le bothata tseleng, u ka fumana tsela ea ho buisana le batsoali ba hao!