Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g19 no. 1 maq. 12-15
  • ’Musong oa Molimo “Khotso e Tla ba Ngata”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Musong oa Molimo “Khotso e Tla ba Ngata”
  • Tsoha!—2019
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’MUSO OA MOLIMO O TLA BUSA LEFATŠE NENG?
  • ’MUSO OA MOLIMO O TLA BUSA JOANG?
  • RE TLA FUMANA MELEMO EFE ’MUSONG OO?
  • ’Muso oa Molimo Ke’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Seo Jesu a se Rutileng ka ’Muso oa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • ’Muso “o ke Keng oa Senngoa le ka Mohla”
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
Bala Tse Ling
Tsoha!—2019
g19 no. 1 maq. 12-15
Batho ba phelang Paradeiseng ba thabile

THAROLLO EA MOSHOELELLA

’Musong oa Molimo “Khotso e Tla ba Ngata”

Haufinyane ’Muso oa Molimo oo re o letetseng, o tla etsa hore ho be le khotso lefatšeng. “Khotso e tla ba ngata” joalokaha Pesaleme ea 72:7 e boletse. Empa ’Muso oo o tla busa lefatšeng neng? O tla le busa joang? Re tla fumana melemo efe ’Musong oo?

’MUSO OA MOLIMO O TLA BUSA LEFATŠE NENG?

Bibele e boletse esale pele matšoao a tla bontša ha ’Muso oa Molimo o se o atametse. Matšoao ao a akarelletsa lichaba tse loantšanang, tlala, mafu, litšisinyeho tsa lefatše le tlolo ea molao.​—Matheu 24:​3, 7, 12; Luka 21:​11; Tšenolo 6:​2-8.

Boprofeta bo bong bo re: “Matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, . . . ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, . . . ba ikhohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.” (2 Timothea 3:​1-4) Ke ’nete hore esale batho ba le tjena, empa mehleng ena ba babe le ho feta.

Boprofeta bona bo qalile ho phethahala ka 1914. Bo-rahistori, bo-ralipolotiki le bangoli le bona ba re lintho li qalile ho senyeha ka selemo seo. Mohlala, rahistori oa Denmark ea bitsoang Peter Munch o ile a re: “Ntoa ea lefatše ea 1914 e bile qaleho ea matšoenyeho ’ohle a batho. Pele ho selemo seo, batho ba ne ba nahana hore maphelo a bona a tla ntlafala empa e ile ea e-ba lillo le litsikitlano tsa meno, likoluoa, lehloeo hape batho ba lula ba tšohile.”

Lintho tsena tse bohloko tse etsahalang li bontša hore ’Muso oa Molimo o atametse. Letšoao le khothatsang leo Jesu a buileng ka lona ke le hlahang mantsoeng a reng: “Litaba tsena tse molemo tsa ’Muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle, joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”​—Matheu 24:14.

Ho bolela litaba tse molemo ke mosebetsi o ka sehloohong oo Lipaki Tsa Jehova li o etsang. Ebile makasine ea bona e tsebahalang haholo e bitsoa Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova. Hona joale e fumaneha ka lipuo tse fetang 338 ebile hangata e bua ka lintho tse tla etsahala ’Musong oa Molimo.

’MUSO OA MOLIMO O TLA BUSA JOANG?

Karabo re tla e fumana lintlheng tsena tse ’nè:

  1. ’Musong oo, ho ke ke ha e-ba le babusi ba lipolotiki.

  2. Babusi ba lipolotiki ka booatla bohle ba tla leka ho thibela ’Muso ona ho busa.​—Pesaleme ea 2:​2-9.

  3. Ka nako eo, Molimo o tla felisa mebuso eohle ebe ho busa oa hae feela. (Daniele 2:​44; Tšenolo 19:​17-21) O tla e felisa ka ntoa ea Armagedone.​—Tšenolo 16:​14, 16.

  4. Batho bohle ba ratang ’Muso oa Molimo ba tla pholoha ntoeng ea Armagedone ebe ba phela ka khotso lefatšeng le lecha. E tla ba batho ba limilione bao Bibele e reng ke “bongata bo boholo.”​—Tšenolo 7:​9, 10, 13, 14.

    ’MUSO OO O TLA ETSA’NG?

    Jesu ha a le lefatšeng o ile a bontša hore na o tla etsa’ng ha a se a busa lefatše. O ile a folisa ba kulang le ba holofetseng. (Matheu 4:​23) A fepa ba likete. (Mareka 6:​35-44) A ba a laola maemo a leholimo.​—Mareka 4:​37-41.

    Jesu o ruta batho ba lutseng pel’a hae

    Jesu o ile a ba a boela a ruta batho hore na ba ka etsa’ng e le hore ba phele ka khotso. Batho bohle ba mo mamelang ba ba le makhabane a etsang hore ba tšoanelehele ho phela ka ho sa feleng ba thabile ’Musong oa hae. Ha ho na mosuoe e mong ea ka khonang ho finyella sena. Mohlala o mong oa lithuto tseo Jesu a li rutileng ke o hlahang ho Matheu khaolo ea 5 ho ea ho ea 7 e tloaelehileng ka hore ke Thuto ea Thabeng. Ebe ho ka ba joang ha u ka e bala? Ha aa bua mantsoe a mohlolo empa molaetsa oa teng o matla. O re ti! pelong hamonate.

RE TLA FUMANA MELEMO EFE ’MUSONG OO?

Ntho ea pele eo u lokelang ho e etsa e le hore u be mofo oa ’Muso oa Molimo, ke ho ithuta ka eena. Jesu o ile a rapela a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”​—Johanne 17:3.

Ha batho ba ithuta ka Jehova, ba mo nka e le motsoalle oa bona ’me ba fumana melemo e mengata. Mehlala e seng mekae ke ena: Molemo oa pele ke ho ba le tumelo ho Jehova. Batho bana ha ba lumele feela ka hlooho e ntšo empa ba na le mabaka a ho lumela hore ’Muso oa Jehova o atametse. (Baheberu 11:1) Molemo o mong ke oa ho rata Jehova le batho ba bang. Lerato leo ba ratang Jehova ka lona le etsa hore ba mo mamele. Ba mamela taelo ea Jesu Kreste ea hore re tšoare batho ba bang ka tsela e nepahetseng. Jesu o ile a re: “Kamoo le batlang hore batho ba le etse kateng, le ba etse ka tsela e tšoanang.”​—Luka 6:31.

Kaha Jehova ke ntate oa rona hape oa re rata, o re batlela se molemo. O batla hore re phele “bophelo ba sebele.” (1 Timothea 6:​19) Kannete hona joale ha re phele bophelo bo monate. Batho ba bangata ba phela ka thata ebile ba sotlehile. E le hore u utloisise hore na “bophelo ba sebele” bo tla ba joang, ithute lintho tseo Molimo a tla li etsetsa bafo ba ’Muso oa hae.

BOPHELO BA SEBELE

  • “Matsatsing a [puso ea Jesu Kreste,] ea lokileng o tla atleha, khotso e tla ba ngata . . . [Jesu Kreste] O tla ba le bafo . . . ho ea lipheletsong tsa lefatše.”​—Pesaleme ea 72:​7, 8, 13, 14.

  • “[Molimo] o felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše. O roba seqha ’me o robakanya lerumo.”​—Pesaleme ea 46:9.

  • “Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng, ho tla ba le nala holim’a litlhoro tsa lithaba.”​—Pesaleme ea 72:16.

  • “Ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona, ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng, ba ke ke ba lema ’me e mong a je . . . bakhethoa ba ka ba tla sebelisa mosebetsi oa matsoho a bona ka botlalo.”​—Esaia 65:​21, 22.

  • “Tente ea Molimo e ho moloko oa batho. . . O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”​—Tšenolo 21:​3, 4.

Batho ba phelang Paradeiseng ba thabile

’Musong oa Molimo batho ba tla sireletseha hape lijo e tla ba matletse-tletse

TABA EA BOHLOKOA

LINTHO TSEO JESU A LI RUTANG LI THUSA BATHO HO ITŠOARA HANTLE ’ME BATHO BOHLE BA MO MAMELANG BA TLA PHELA KA KHOTSO LEFATŠENG HA A SE A BUSA

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela