Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g19 no. 2 maq. 12-13
  • Melemo Ea Ho Tataisa Ngoana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Melemo Ea Ho Tataisa Ngoana
  • Tsoha!—2019
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO TATAISA NGOANA HO BOLELA’NG?
  • KE HOBANE’NG HA U LOKELA HO TATAISA BANA BA HAO?
  • U KA BA TATAISA JOANG?
  • Bocha—Nako ea ho Itokisetsa ho ba Motho e Moholo
    Tsoha!—2011
  • Keletso e ka Tšeptjoang ea ho Hōlisa Bana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lipotso Tseo Batsoali ba li Botsang
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ba Hlomellele ho Phurusetsa
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—2019
g19 no. 2 maq. 12-13
Nkhono o bontša ngoana lifoto

THUTO EA BOHLANO

Melemo Ea Ho Tataisa Ngoana

HO TATAISA NGOANA HO BOLELA’NG?

Bana ba hloka motho ea moholo hore a ba tataise a be a ba eletse. Joaloka motsoali, ke boikarabelo ba hao ho etsa joalo. Empa ho ntse ho e-na le batho ba bang ba baholo ba etsang lintho hantle, le bona ba ka eletsa bana ba hao le ho ba thusa.

KE HOBANE’NG HA U LOKELA HO TATAISA BANA BA HAO?

Linaheng tse ling batho ba baholo ha ba na nako ea bana ho hang. Nahana ka taba ena:

  • Bana ba hao ha ba khone ho qeta nako le batho ba baholo kaha ba kena sekolo.

  • Ha bana ba bang ba fihla hae ba tsoa sekolong, ba fumana ho se na motho lapeng hobane batsoali ba ile mosebetsing.

  • Lipatlisiso tse ling tse ileng tsa etsoa Amerika li bontša hore bana ba pakeng tsa lilemo tse 8 le 12 ba qeta lihora tse ka bang tse tšeletseng ka letsatsi ba shebeletse TV, ba mametse lipina ba bile ba bapala lipapali tsa video.a

Buka ea Hold On to Your Kids e re: “Bana ba bangata ba batla likeletso ho lithaka tsa bona eseng ho batho ba baholo.”

U KA BA TATAISA JOANG?

Qeta nako u e-na le bana ba hao.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Koetlisa [ngoana] ho ea ka tsela e mo loketseng; esita le ha a tsofala a ke ke a e kheloha.”​—Liproverbia 22:6.

Ka tlhaho bana ba sheba ho batsoali ba bona hore ba ba thuse le ho ba eletsa. Litsebi li bontša hore bacha ba rata likeletso tsa batsoali ba bona ho feta tseo ba li fuoang ke lithaka tsa bona. Dr. Laurence Steinberg o ile a ngola bukeng ea You and Your Adolescent a re: “Tataiso eo bana ba e fumanang ho batsoali ba bona ke ea bohlokoa haholo ho tloha ha ba sa le bacha ho fihlela e e-ba batho ba baholo. Bacha ba batla ho utloa na u re’ng le ho bona na u nahana’ng ho sa tsotellehe hore na ba lumellana le uena kapa che.”

Haele mona re se re tseba hore na bana ba nahana joang, re lokela ho etsa sohle ho ba thusa. Qeta nako le bana ba hao, u ba phetela hore na u bona lintho joang, u ikutloa joang le hore na ke lintho life tse u etsahaletseng bophelong.

Mo shebele motho ea ka khonang ho mo thusa

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa.”​—Liproverbia 13:20.

Na ho na le motho eo u mo tsebang ea etsang lintho hantle ea ka thusang ngoana oa hao? E ka ba hantle ho kopa motho eo hore a thuse ngoana oa hao. Empa ha oa lokela ho imetsa motho eo ka boikarabelo ba botsoali. Motho eo ha a na ho u senyetsa ngoana empa o tla haha holim’a seo u seng u ntse u se entse. Ka Bibeleng, ho buuoa ka hore Timothea o ile a ithuta lintho tse ngata ho moapostola Pauluse, le eena Pauluse o ile a una melemo e meng ha a ntse a tsamaea le Timothea.​—Bafilipi 2: 20, 22.

Morao tjena batho ba bangata baa falla ho akarelletsa le litho tsa lelapa tse haufi, kahoo ho ka ba thata hore u fumane beng ka uena ba ka khonang ho thusa ngoana oa hao. Haeba ho joalo, u ka batla motho ea ka thusang ngoana oa hao empa e be ea phelang bophelo boo u batlang hore ngoana oa hao a bo phele.

a Lipatlisiso tseo li bontša hore bana ba lilemo tse lipakeng tsa 13 le 19 ba qeta lihora tse ka bang robong ba ithabisa ka tsela eo. Lihora tsena ha li akarelletse tseo ba li qetang ba kene inthaneteng ba etsa mesebetsi ea sekolo.

Nkhono o bontša ngoana lifoto

QALELLA HONA JOALE

Hangata ngoana ea mamelang keletso ea batho ba baholo ha a hola o ba bohlale ebile o nkela lintho hloohong

Etsa Lintho ka Tsela e Khahlang Ngoana

  • Na ke behela bana ba ka mohlala o motle?

  • Na bana ba ka ba tseba ke latela mohlala oa batho ba bang ba baholo ho ’na?

  • Na ke bontša bana ba ka hore ba bohlokoa ho ’na ka ho ipha nako ea bona?

Mehlala ea Batsoali ba Bang

Ntate David o re: “Ka linako tse ling morali oa ka o ee a re o batla ho bua le ’na nakong eo ke ntseng ke sebetsa. Ha nke be ke mo thibe, le ha ekaba ho na le ntho eo ke ntseng ke e etsa, nka mpa ka mo bolella hore a eme hanyane ke tle ke tsebe ho mo mamela hantle. ’Na le mohats’aka ha re bue ka molomo feela empa re phela ka tsela eo re batlang hore a phele ka eona.”

’Mè Lisa eena o re: “Ha morali oa rona a hlaha, re ile ra etsa qeto ea hore ’na ke tlohele mosebetsi ke holise ngoana. Ho bohlokoa hore motsoali a lule a e-na le ngoana oa hae e le hore a tsebe ho mo laea hantle. Hape ngoana oa bona hore oa mo tsotella ha u etsa joalo. Kahoo, ha ke ikoahlaee hore ebe ke ile ka tlohela mosebetsi.”

MO RUTE HO TLOAELANA LE BATHO BA BAHOLO

’Mè Maranda o re: “Bana ba ka ba hotse ba tloaelane le batho ba bangata ba baholo ho bona, ’me taba eo e ba thusitse ho bona kamoo batho ba bang ba hotseng kateng. Mohlala, ba ne ba maketse ha nkhono oa ka a ba bolella hore habo e ne e le bona ba pele ba ho ba le motlakase. A ba phetela hore batho ba ne ba ea habo ba ema ka kichineng ba shebella ha ho laetoa le ha ho tingoa. Taba ena e ile ea ba thusa ho bona hore bophelo ba pele bo ne bo sa tšoane le ba hona joale. Lipale tse kang ena li ile tsa ba thusa ho hlompha nkhono le batho ba bang ba baholo. Ha bana ba sa tloaela lithaka tsa bona feela empa ba tloaetse le batho ba baholo ba ithuta lintho tse ngata ho bona.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela