Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g20 no. 1 leq. 4
  • Stress se Bakoa Ke’ng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Stress se Bakoa Ke’ng?
  • Tsoha!—2020
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khatello ea Kelello—Lisosa le Liphello Tsa Eona
    Tsoha!—2005
  • Khatello ea Kelello e Molemo Le e Mpe
    Tsoha!—1998
  • Ho Laola Khatello ea Kelello
    Tsoha!—2010
  • Nka Sebetsana Joang le Maemo a Sithabetsang ha ke le Sekolong?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
Bala Tse Ling
Tsoha!—2020
g20 no. 1 leq. 4

U KA THUSOA KE’NG HA U E-NA LE STRESS?

Stress se Bakoa Ke’ng?

Mayo Clinic e leng clinic e tsebahalang haholo e re, “hangata batho ba baholo ba tšoaroa ke stress ka lebaka la maemo a bophelo a mehleng ena a lulang a feto-fetoha. Tse ling tsa lintho tse ka etsang hore motho a be le stress ke:

  • tlhalo

  • ho hlokahalloa ke motho eo u mo ratang

  • bokuli

  • ho hlaheloa ke likotsi tse mpe

  • tlolo ea molao

  • bophelo bo maphatha-phathe

  • likoluoa tsa tlhaho le tse bakuoeng ke batho

  • mosebetsi kapa sekolo

  • ho tšoenyeha ka ho hloka mosebetsi le chelete

HO FELLOA KE MOSEBETSI

American Psychological Association e re “ha motho a feletsoe ke mosebetsi, a ka sithabela hoo a ka kulang, a ba le mathata lenyalong, a tšoenyeha, a ba le khatello ea maikutlo, kapa a batla ho ipolaea. Ho felloa ke mosebetsi ho ama ntho e ’ngoe le e ’ngoe bophelong ba motho.”

BANA BA KA TŠOAROA KE STRESS

Ke ntho e tloaelehileng hore bana ba be le stress. Ba ka sulafalletsoa bophelo ke bana bao ba kenang sekolo le bona, ha ba bang ba lahliloe kherehloa ke ba malapa a bo bona. Ka linako tse ling ba hlekefetsoa ’meleng, maikutlong kapa ka motabo. Ba bang ba ba le stress ka lebaka la litlhahlobo tsa sekolo le limaraka tsa bona, ha ba bang bona ba ba le stress ka lebaka la batsoali ba hlalanang. Ba ka phofa bosiu, ba thatafalloa ke lithuto tsa sekolo, ba ba le khatello ea maikutlo kapa ba itšehla thajana. Ba bang ba sitoa ho laola maikutlo a bona. Bana ba tšoeroeng ke stress ba hloka ho thusoa kapele.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela