Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g20 no. 1 maq. 5-7
  • Stress ke Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Stress ke Eng?
  • Tsoha!—2020
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • NA MEFUTA EOHLE EA STRESS E KOTSI?
  • Seo Khatello ea Kelello—E re Etsang Sona
    Tsoha!—2010
  • Khatello ea Kelello e Molemo Le e Mpe
    Tsoha!—1998
  • Khatello ea Kelello—Lisosa le Liphello Tsa Eona
    Tsoha!—2005
  • Ho Laola Khatello ea Kelello
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—2020
g20 no. 1 maq. 5-7
Rakhoebo o hloa litepisi tse eang ofising a matha.

U KA THUSOA KE’NG HA U NA LE STRESS?

Stress ke Eng?

Stress ke boemo boo ’mele o utloang eka o kotsing ’me o leka ho itšireletsa. Boko bo romela molaetsa ho litho tsohle tsa ’mele e leng se etsang hore pelo e otle kapele, ’me seo se fetola tsela eo mali a phallang ka eona. Hape matšoafo aa honyela kapa aa kokomoha, ebe mesifa ea satalla. Pele u ka elelloa liphetoho tsena, ’mele oa hao o se o le malala-a-laotsoe hore o ka itšireletsa. Ha stress se fela, ’mele o boela o sebetsa ka tsela e tloaelehileng.

NA MEFUTA EOHLE EA STRESS E KOTSI?

Stress ke tsela ea tlhaho eo ’mele o itšireletsang ka eona ha o utloa eka o imetsoe kapa o kotsing. Boko ke bona bo fanang ka litaelo e le hore ’mele o itšireletse. Molemo oa stress ke hore se ka u thusa ho sebetsana le bothata ka potlako, ka linako tse ling u bile u sa elelloa. Ha stress se le boemong bo itekanetseng, se ka u thusa hore u atlehe ho phetha merero ea hao kapa u ipabole linthong tseo u li etsang. Mohlala, se ka u thusa hore u sebetse hantle tlhahlobong ea mosebetsi, sekolong, kapa lipapaling.

Leha ho le joalo, ha stress se nka nako e telele, se le sekhahla, se sa laolehe kapa se sa fele, se ka ba kotsi. Se ka u ama maikutlong, ’meleng le kelellong. Hape tsela eo u itšoarang ka eona le eo u tšoarang ba bang ka eona e ka mpefala. Hangata ha motho a e-na le stress se sa eeng moriting a ka fetoha lekhoba la tahi le lithethefatsi, a sebelisa litlhare tsa ngaka hampe, a ja haholo, a tsuba kapa a ba le mekhoa e meng e mebe. Qetellong motho a ka ba le khatello ea maikutlo, a tepella ka tsela e feteletseng, kapa a batla ho ipolaea.

Stress ha se tšoare batho ka tsela e tšoanang, hape se ka bakela motho maloetse a mangata. Se ka ama boholo ba litho tsa ’mele.

STRESS SE KA U AMA JOANG ’MELENG?

Boko le methapo.

Rakhoebo o hloa litepisi tse eang ofising a matha.

Boko le methapo li etsa hore maro a qhatsehe ’meleng. Sena se etsa hore pelo e otle kapele, mali a phalle ka matla le hore tsoekere e ’meleng e eketsehe. Lintho tsena kaofela li etsahala le pele u ka nahana e le hore ’mele oa hao o itšireletse ha u le kotsing. Leha ho le joalo, ha stress se tsoa taolong

  • u ka ba sefela-peloana, oa tšoenyeha, oa ba le khatello ea maikutlo, oa otloa ke hlooho kapa oa hlobaela

Mesifa.

Mesifa ea hao ea satalla e le ho u sireletsa kotsing. Leha ho le joalo, ha stress se tsoa taolong

  • u ka opeloa ke ’mele, oa tšoaroa ke hlooho, oa opeloa ke mesifa hobane e lula e nyaroha

Matšoafo.

Stress se ka u thusa hore u heme kapele e leng se etsang hore u hule moea o mongata. Leha ho le joalo, ha se tsoa taolong

  • u ka hema kapele ka tsela e sa tloaelehang oa ba oa koaleha moea, hape oa tšoha ka tsela e sa tloaelehang

Pelo le methapo ea mali.

Pelo ea hao e otla kapele ebe e pompela mali hohle ’meleng ka sekhahla. Methapo ea mali e ka buleha kapa ea sesefala e le hore mali a ka ea moo a hlokahalang haholo joaloka mesifeng. Leha ho le joalo, ha stress se tsoa taolong

  • u ka ba le phallo e phahameng ea mali (high blood pressure), lefu la pelo kapa setorouku

Lihomone.

’Mele o hlahisa maro a o thusang hore o itšireletse ha u na le stress. Tsoekere e maling ea eketseha e le hore u ka ba le matla. Leha ho le joalo, ha stress se tsoa taolong

  • u ka tšoaroa ke tsoekere, oa thaba le feela kapa oa koata le feela, ’mele oa hao oa hloleha ho itoanela khahlanong le mafu hape u ka ba motenya

Tšilo ea lijo.

Stress se etsa hore ’mele o sile lijo ka tsela e sa tloaelehang. Ha se tsoa taolong

  • u ka nyekeloa ke pelo, oa hlatsa, oa ba le letšollo kapa oa siba

Litho tsa botona le botšehali.

Stress se ka etsa hore motho a se ke a ba le takatso kapa bokhoni ba ho etsa thobalano. Ha se tsoa taolong

  • se ka etsa lithipa li be nthithi hape sa ama linako tsa bo-’mè

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela