Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g20 no. 2 maq. 10-11
  • 3. Ke Hobane’ng ha Batho ba Lokileng ba Utloa Bohloko?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 3. Ke Hobane’ng ha Batho ba Lokileng ba Utloa Bohloko?
  • Tsoha!—2020
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re Lokela ho Tseba Karabo
  • Nahana ka Taba Ena
  • Bibele e Re’ng?
  • 4. Na Molimo o ne a Rerile Hore re Utloe Bohloko?
    Tsoha!—2020
  • Seo Bibele e se Buang ka Mahlomola
    Tsoha!—2015
  • Bibele e Re’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Tse ka Hare
    Tsoha!—2020
Bala Tse Ling
Tsoha!—2020
g20 no. 2 maq. 10-11
Batsoali ba na le mora oa bona sepetlele ka mor’a hore a pongoe letsoho.

3. Ke Hobane’ng Ha Batho Ba Lokileng Ba Utloa Bohloko?

Re Lokela ho Tseba Karabo

Ha ho utloahale hore ebe batho ba lokileng ba ba le mathata. Batho ba bang ba nka hore ha ho na thuso ho leka ho ba motho ea lokileng haeba qetellong u ntse u tla ba le mathata.

Nahana ka Taba Ena

Batho ba bang ba nka hore ha batho ba shoa ba tla boela ba tsoaloa hape ’me ntho ena e lula e ipheta-pheta. Ba nka hore batho ba ileng ba etsa lintho tse ntle bophelong ba bona ba pele ba phela bophelo bo monate hona joale, ha batho ba ileng ba tloaela ho etsa lintho tse mpe bophelong ba bona ba pele ba phela ka thata hona joale. Ho ea ka tumelo eo, esita le motho ea lokileng a ka hlaheloa ke lintho tse bohloko haeba a ile a etsa lintho tse mpe “bophelong ba hae bo fetileng.” Leha ho le joalo . . .

  • Na ho na le molemo oa hore motho a etsahalloe ke lintho tse bohloko e le kotlo, empa a sa hopole lintho tseo a li entse bophelong ba pele?

  • Thuso ke efe ea hore re leke ka matla ho lula re phetse hantle le ho qoba likotsi haeba qetellong re ntse re tla utloa bohloko ka lebaka la liphoso tseo re li entseng bophelong ba pele?

    ITHUTE HAHOLOANYANE

    Shebella video e reng Ke Hobaneng ha Molimo a sa Felise Mathata? e fumanehang ho jw.org/st.

Bibele e Re’ng?

Molimo ha a otle batho ka mathata.

Ho fapana le hoo, lintho tse bohloko li iketsahalla feela tjee, hangata e le hobane motho a le sebakeng se fosahetseng ka nako e fosahetseng.

“Ba lebelo ha ba hlole peisong, leha e le hore ba matla baa hlola ntoeng, kapa hore ba bohlale le bona ba na le lijo, leha e le hore ba nang le kutloisiso le bona ba na le maruo, kapa hore esita le ba nang le tsebo ba fumana kamohelo, hobane bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.”​—MOEKLESIA 9:11.

Sebe seo re se futsitseng ke sona se re bakelang mathata.

Hangata ha batho ba bua ka sebe ba nahana ka ketso e mpe eo motho a e entseng. Leha ho le joalo, Bibele e boetse e sebelisa lentsoe lena ho hlalosa boemo boo batho bohle ba bo futsitseng, ebang ba lokile kapa ba khopo.

“Ke ile ka tsoalloa phosong ka bohloko ba pelehi, ’mè a nkemolela sebeng.”​—PESALEME EA 51:5.

Sebe seo re se futsitseng se re bakela mesarelo e tšabehang.

Se sentse setsoalle sa rona le Molimo hape se entse hore re se ke ra phela ka tsela eo Molimo a neng a rerile hore re phele ka eona. Sena se bakela batho mesarelo e tšabehang.

“Ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho ’na.”​—BAROMA 7:21.

“Popo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho ho fihlela joale.”​—BAROMA 8:22.

Ke hobane’ng ha batho ba lokileng ba utloa bohloko?

Boholo ba lintho tse bohloko tse re etsahallang li ba teng ka lebaka la sebe seo kaofela re se futsitseng, ebang re batho ba lokileng kapa ba khopo. Sebe sena seo re se futsitseng se re bakela bokuli ’meleng le kelellong hape se etsa hore re be le litloaelo tse ka utloisang batho ba bang bohloko.

Na see ke sona seo Molimo a neng a se rerile? Na o ne a rerile hore re utloe bohloko?

Sheba potso ea 4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela