Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g21 no. 2 maq. 7-9
  • Ke Joang Theknoloji e ka Amang Bana ba Hao?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Joang Theknoloji e ka Amang Bana ba Hao?
  • Tsoha!—2021
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • SEO U LOKELANG HO SE TSEBA
  • SEO U KA SE ETSANG
  • Na Ngoana oa Hao o Sebelisa Inthanete?
    Tsoha!—2008
  • Na U Sebelisa Lisebelisoa Tsa Theknoloji ka Bohlale?
    Tsoha!—2015
  • Ha Bana ba Sebelisa Inthanete—Seo Batsoali ba ka se Etsang
    Tsoha!—2008
  • Ho Thusa Bacha ho Hlōla Bothata Bona
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—2021
g21 no. 2 maq. 7-9
Bana ba lilemo tse fapaneng ba ithabisa ka lisebelisoa tsa elektronike ho e-na le hore ba bapale lipapali tsa ka ntle kapa ka li toy.

Ke Joang Theknoloji E Ka Amang Bana Ba Hao?

Ho ka ba thata hore batho ba baholo ba ithute ho sebelisa marang-rang kapa lisebelisoa tsa elektronike. Empa ho bonolo hore bana ba li sebelise hobane ba hlaha theknoloji e se e ntse e le karolo ea bophelo ba bona.

Batho ba bang ba hlokometse hore bana ba qetang nako e ngata ba sebelisa marang-rang, hangata . . .

  • ba lemalla ho lula ba le lisebelisoeng tsa elektronike.

  • baa hlorisoa kapa ba hlorisa bana ba bang Inthaneteng.

  • ba qetella ba shebelletse pornography leha e ne e se ka morero.

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Moshanyana o tšoere fono ’me o koala monyako a tšohile ha ’mè oa hae a feta.

HO LEMALLA THEKNOLOJI

Ho bonolo ho lemalla lintho tse Inthaneteng joaloka lipapali tsa Inthanete. Taba ena e entsoe ka boomo. Buka ea Reclaiming Conversation e re “lintho tse lifonong tsa rona li entsoe ka tsela e tla etsa hore re lule re li shebile.” Ha re lula re shebile lintho tse bapatsoang lifonong tsa rona, re thusa bo-rakhoebo ho etsa chelete e ngata le ho feta.

SEO U KA NAHANANG KA SONA: Na u bona eka bana ba hao ba rata lisebelisoa tsa elektronike ho feta tekano? U ka ba thusa joang hore ba sebelise nako ea bona hantle?​—BAEFESE 5:​15, 16.

HO HLORISOA INTHANETENG

Ha batho ba bang ba le Inthaneteng, ba buisa batho ba bang hampe ebile ba ba utloisa bohloko le ho rohakana e leng se ka fellang ka hore ba ba hlorise.

Batho ba bang ba sebelisa marang-rang ka tsela ena e le hore ba ratoe le ho lateloa ke batho ba bangata. Motho e mong a ka utloa bohloko kapa a utloa eka ba bang ba mo tšoara hampe ha a bona hore ho ne ho entsoe moketjana ’me eena a sa mengoa.

SEO U KA NAHANANG KA SONA: Na bana ba hao ba buisa batho ba bang hampe Inthaneteng? (Baefese 4:​31) Ba ikutloa joang haeba ba sa kenyelletsoe linthong tse ling?

PORNOGRAPHY

Ho bonolo ho fumana kapa ho bona lintho tse mpe Inthaneteng. Batsoali ba lokela ho hlokomela hore le hoja ba sebelisa mekhoa e thibelang bana ba bona ho bona lintho tse mpe Inthaneteng, ha se ka mehla mekhoa e joalo e sebetsang ka ho felletseng.

E ka ba tlolo ea molao hore motho a romele litšoantšo tsa moo a tsotseng kapa ho amohela tsa ba bang. Ho itšetlehile ka melao ea sebakeng seo u lulang ho sona le lilemo tsa batho ba hlahang lifotong tseo, batho ba etsang ntho ena ba ka qosoa ka pornography ea bana.

SEO U KA NAHANANG KA SONA: Ke joang u ka thusang bana ba hao hore ba se ke ba lekeha ho sheba kapa ho romela litšoantšo tse litšila ka marang-rang? ​—BAEFESE 5:​3, 4.

SEO U KA SE ETSANG

KOETLISA BANA BA HAO

Le hoja ho le bonolo hore bana ba sebelise theknoloji, ba ntse ba hloka tataiso. Buka e bitsoang Indistractable e bontša hore ho fa bana lifono kapa lisebelisoa tse ling tsa elektronike pele ba koetlisetsoa ho li sebelisa hantle, ho tšoana le ho “ba lumella ho ikakhela ka letamong ba sa tsebe ho sesa.”

KELETSO EA BIBELE: “Koetlisa [ngoana] ho ea ka tsela e mo loketseng, esita le ha a tsofala a ke ke a e kheloha.”​—LIPROVERBIA 22:6.

Tšoaea litlhahiso tseo u ka ratang ho li sebelisa kapa u ngole lintho tseo u batlang ho li etsa.

  • Buisana le ngoana ka hore a buise batho hantle ha a sebelisa marang-rang

  • Thusa ngoana hore a se ke a utloa bohloko ha a sa mengoa linthong tse itseng

  • Etsa sohle seo u ka se khonang ho koala lintho tse mpe tse ka hlahang Inthaneteng

  • Hlahloba fono ea ngoana khafetsa ho bona hore na o etsa’ng ka eona

  • Beha nako eo a ka e qetang a sebelisa fono

  • Thibela ngoana hore a se ke a sebelisa fono ha a il’o robala

  • Etsa molao oa hore ho se be le motho ea sebelisang fono nakong ea lijo

LIPOTSO TSEO BATSOALI BA KA BUISANANG KA TSONA

  • Na re fa ngoana fono kapa sesebelisoa se seng sa elektronike e le hore a lule a phathahane?

  • Na ngoana oa rona o hloka Inthanete? Haeba ho joalo, Hobane’ng?

  • Na re ka khona ho fa ngoana oa rona sesebelisoa sa elektronike se khonang ho kena Ithaneteng?

  • Na ngoana oa rona o khona ho bontša boitšoaro ha a sebelisa marang-rang?

  • Ngoana oa rona o bontšitse joang hore o na le boikarabelo?

  • Re ka mo behela melao efe?

  • Re ka thusa ngoana oa rona joang hore a be le nako ea lintho tse ling eseng fono feela?

    KELETSO EA BIBELE: ‘Batho ba holileng ka ho feletseng, matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoe ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.’​—BAHEBERU 5:14.

Laureta le David.

“Ke Hobane’ng ha bana ba hao ba batla ho ba le lifono? Ba sebelisa ea hao joang? Ba kena liwebsaeteng life? Ba bapala lipapali tse joang? Ba sebelisa fono nako e kae? Hlahloba hore na bana ba hao ba holile ka ho lekaneng le hore na ba bontša boitšoaro pele u ba fa sesebelisoa sa elektronike.”​—LAURETA LE MONNA OA HAE DAVID

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela