Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g23 no. 1 maq. 6-8
  • Maoatle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maoatle
  • Tsoha!—2023
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lintho Tse Phelang Maoatleng li Kotsing
  • Lefatše le Etselitsoe ho Lula le le Teng
  • Ho Etsoa’ng Hore Maoatle a Lule a Hloekile?
  • Bibele e Fana ka Tšepo Efe?
  • “Leruo le Atileng la Maoatle”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lihlooho Tse Makasineng Ena
    Tsoha!—2023
  • Motho o Etsa Lefatše Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ke Hobane’ng ha Metsi a Leoatle a le Letsoai?
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—2023
g23 no. 1 maq. 6-8
Motho ea ntseng a sesa ka leoatleng pel’a litlhapi tse mebalabala le limela tsa ka leoatleng.

Georgette Douwma/Stone via Getty Images

NA BATHO BA TLA SENYA LEFATŠE KA HO FELETSENG?

MAOATLE

LEOATLE le re fa lijo le lintho tseo re li hlokang bakeng sa ho etsa meriana. Maoatle a monya likhase tse kotsi tse nang le carbon ebe a ntša halofo ea moea oo re o hlokang bakeng sa ho hema.

Lintho Tse Phelang Maoatleng li Kotsing

Li-coral reef, liphoofolo tsa metsing tse nang le li-shell [likhetla] hammoho le lintho tse ling tse phelang maoatleng li kotsing hobane lefatše le ntse le senyeha. Li-coral reef li thusa hoo e ka bang kotara ea lintho tsohle tse ka leoatleng ho phela. Bo-rasaense ba hakanya hore ka mor’a lilemo tse ka bang 30, li-coral reef li ka ’na tsa fela.

Litsebi li hakanya hore hoo e ka bang liphesente tse 90 tsa linonyana tse fumanang lijo tsa tsona leoatleng, li ja polasetiki ’me ho hakanngoa hore polasetiki e bolaea liphoofolo tse limilione selemo le selemo.

Ka 2022, António Guterres, e leng mongoli kakaretso oa Machaba a Kopaneng o ile a re: “Ha rea hlokomela maoatle hantle, hona joale lintho tse phelang ka moo li kotsing.”

Lefatše le Etselitsoe ho Lula le le Teng

Leoatle le lintho tsohle tse phelang ka ho lona li etselitsoe hore li lule li itlhoekisa hafeela batho ba sa le silafatse. Buka ea Regeneration: Ending the Climate Crisis in One Generation e re ha batho ba sa silafatse maoatle, “a khona ho itlhoekisa.” Nahana ka mehlala e latelang:

  • Lintho tse nyenyane tse bitsoang phytoplankton li ja carbon dioxide ebe lia e boloka. Bo-rasaense ba lumela hore carbon dioxide ke e ’ngoe ea lintho tse senyang lefatše. Li-phytoplankton li khona ho boloka carbon dioxide e lekanang le e ka bolokoang ke lifate tsohle tse lefatšeng hammoho le limela le mohloa.

  • Likokoana li ja litlhapi tse shoeleng tse ka silafatsang leoatle. Ka mor’a moo lintho tse ling tse phelang ka metsing li ja likokoana tseo. Websaete ea Smithsonian e re: “Sena se thusa hore maoatle a lule a hloekile.”

  • Ho na le litlhapi tse ling tse jang lintho tse nang le acid ka leoatleng. Acid ena e ne e ka lematsa li-coral reef, liphoofolo tse nang le li-shell [likhetla] le tse ling.

    NA U NE U TSEBA?

    Joang bo Melang ka Leoatleng bo Thusa Leoatle

    Setšoantšo se bontšang maqhubu a eang lebopong la leoatle. Re khona ho bona fatše ka leoatleng, joang le litlhapi tse ka leoatleng. Ha maqhubu a tl’o fihla lebopong la leoatle, joang bo ka metsing bo fokotsa matla a maqhubu ebe bo tšoara lehlabathe. Litlhapi le lintho tse ling tse phelang ka leoatleng li ea atleha ka har’a joang. Metsi a fihlang lebopong la leoatle a hloekile, le maqhubu a khutsitse.

    Joang bo melang ka leoatleng bo etsa hore lehlabathe le se ke la ea le metsi. Joang bona bo thusa li-coral reef hore li lule li phela hantle hape bo fokotsa matla a maqhubu a otlang lebopo e le hore lehlabathe le lebopong le se ke la ea le metsi.

Ho Etsoa’ng Hore Maoatle a Lule a Hloekile?

Litšoantšo: 1. Monna o ntša lintho tseo a li rekileng ka har’a mokotla o ka sebelisoang hape o li beha rakeng. 2. Mosali o tšela metsi ka botlolong e ka sebelisoang hape.

Re ka thusa hore lipolasetiki tse lahleloang maoatleng li fokotsehe haeba re sebelisa mekotla le libotlolo tse sa lahloeng.

Maoatle a ke ke a hloka ho hloekisoa haeba a sa silafatsoe. Litsebi li re khothaletsa hore ho e-na le ho sebelisa lintho tse entsoeng ka polasetiki hanngoe feela ebe rea li lahla, re ka mpa ra sebelisa lintho tse sa lahloeng.

Empa re hloka ho etsa ho eketsehileng. Morao tjena mokhatlo o mong o hlokomelang tikoloho o ile oa phutha bohlasoa bo ka etsang lik’hilokramo tse 9 347 200 maoatleng linaheng tse ka bang 112. Leha ho le joalo, ke bohlasoa bo bonyenyane haholo ha bo bapisoa le bohlasoa bo kenang leoatleng selemo le selemo.

National Geographic e ile ea re: “Ho bonahala eka acid e keneng leoatleng e ke ke ea hlola e tsoa.” Batho ba entse lifeme tse ntšang mosi o silafatsang leoatle ’me sena se etsa hore ho be thata hore liphoofolo tse phelang leoatleng li le hloekise.

Bibele e Fana ka Tšepo Efe?

“Lefatše le tletse lintho tseo u li entseng. Leoatle le leholo ebile le pharaletse, le tletse lintho tse ngata tse phelang, tse kholo le tse nyenyane.”—Pesaleme ea 104:​24, 25.

’Mopi oa rona ke eena ea entseng leoatle a ba a le fa bokhoni ba ho itlhoekisa. Nahana ka sena: Haeba ’Mopi o tseba lintho tse ngata hakaale ka leoatle le liphoofolo tsohle tse ka ho lona, na a ke ke a khona ho le lokisa? Sheba sehlooho se reng: “Molimo o Tšepisa Hore Lefatše le Tla Lula le le Teng” leqepheng la 15.

ITHUTE LINTLHA TSE EKETSEHILENG

Marua-rua a Pilot a ntse a sesa ka leoatleng.

Blue Planet Archive/Doug Perrine

Bo-rasaense ba ithutile mokhoa oa ho hloekisa likepe ba sa sebelise lik’hemik’hale tse kotsi ka ho kopitsa tsela eo liphoofolo tsa leoatleng li itlhoekisang ka eona. Bala sehlooho se reng: “Ho Itlhatsoa ha Letlalo la Leruarua le Bitsoang Pilot,” ho jw.org.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela