Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g24 no. 1 maq. 10-12
  • Ke Hobane’ng ha Batho ba se ba sa Hlomphe Malapa a Bona?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Batho ba se ba sa Hlomphe Malapa a Bona?
  • Tsoha!—2024
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KE HOBANE’NG HA E LE HABOHLOKOA HO HLOMPHA BA BANG KA LAPENG?
  • U KA BONTŠA JOANG HORE U HLOMPHA BA BANG KA LAPENG?
  • LIPAKI TSA JEHOVA LI BONTŠA JOANG HORE LI HLOMPHA MALAPA?
  • U ka Fumana Thuso
    Tsoha!—2020
  • Likeletso Tse Ling Tse Ka Thusang Malapa
    Tsoha!—2018
  • Fumana Keletso e Bohlale ho JW.ORG
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
  • Lintho Tse Ka U Thusang Ha U Ithuta
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
Bala Tse Ling
Tsoha!—2024
g24 no. 1 maq. 10-12
Monna ea tenehileng o ntse a tobetsa fono ea hae ha mosali oa hae a leka ho bua le eena ’me mora oa bona e monyenyane o ba shebile.

Ke Hobane’ng ha Batho ba se ba sa Hlomphe ba Bang ka Lapeng?

KE HOBANE’NG HA E LE HABOHLOKOA HO HLOMPHA BA BANG KA LAPENG?

Ha batho bohle ka lapeng ba hlomphana, seo se etsa hore e mong le e mong a ikutloe a sireletsehile.

  • Buka ea The Seven Principles for Making Marriage Work e re haeba banyalani ka bobeli ba hlomphana, seo se etsa hore ba ratane haholo ’me ba bontšane mosa linthong tsohle.

  • Lipatlisiso li bontša hore bana ba hlomphang, ba itšepa haholoanyane ’me ba khona ho utloana le batsoali ba bona, e leng se ba thusang hore ba se ke ba e-ba le mathata maikutlong le kelellong.

U KA BONTŠA JOANG HORE U HLOMPHA BA BANG KA LAPENG?

Buisanang le le lelapa hore na le ka bontšana tlhompho joang. Qalang ka ho hlalosa hore e mong le e mong a utloisise hore na ho bontša tlhompho ho bolela’ng. Le ka boela la ngola fatše lintho tseo le ka ratang ha ba bang ka lapeng ba ka li etsa le tseo ba sa lokelang ho li etsa, e le ho bontša hore lea hlomphana. Qetellong le ka buisana le le lelapa ka seo le se ngotseng, e le hore e mong le e mong a ka tseba hore na le batla ho bontšana tlhompho joang.

“Merero ea motho ea khothetseng ea mo thusa.”—Liproverbia 21:5.

Nahana ka tsela eo uena u tšoarang ba bang ka eona. Na u lula u tšoaea-tšoaea ba bang ka lapeng liphoso, u nyenyefatsa maikutlo a bona kapa u ba kena hanong ha ba bua le uena?

Keletso: Hlompha molekane le bana ba hao le haeba u nahana hore ke bona ba lokelang ho u hlompha.

“E-ba oa pele oa ho bontša hore u hlompha batho ba bang.”—Baroma 12:10.

Hlompha ba bang ka lapeng le haeba u sa lumellane le bona ka lintho tse itseng. Ha u bolella ba bang ka lapeng kamoo u ikutloang kateng, qoba lipolelo tse akaretsang tse kang “le lula le etsa ntho e itseng” kapa “ha ho mohla le etsang ntho e itseng.” Lipolelo tse kang tsena li ka utloisa ba bang ka lapeng bohloko, tsa ba tsa etsa hore liqabang tse sa reng letho e be bothata bo boholo.

“Karabo e bonolo e leleka khalefo empa lentsoe le hlabang le fehla bohale.”—Liproverbia 15:1.

Moroetsana o shebeletse video websaeteng ea jw.org.

LIPAKI TSA JEHOVA LI BONTŠA JOANG HORE LI HLOMPHA MALAPA?

Lipaki Tsa Jehova li khothaletsa malapa hore a hlomphane. Hangata libuka, libukana le livideo tseo li li hatisang li bua ka malapa ’me li fumaneha mahala.

BAKENG SA BANYALANI: Lihlooho tsa Se ka Thusang Lelapa li ka thusa banna le basali ho etsa lintho tse latelang . . .

  • ho mamela ka hloko

  • ho qoba ho se buise molekane oa hao

  • ho khaotsa ho ngangisana

(Batla “Banyalani le Batsoali” websaeteng ea jw.org/st)

BAKENG SA BATSOALI: Lihlooho tsa Se ka Thusang Lelapa li ka thusa batsoali ho ruta bana ba bona ho etsa lintho tse latelang . . .

  • ho mamela

  • ho etsa mosebetsi oa lapeng

  • ho kopa le ho leboha

(Batla “Banyalani le Batsoali” websaeteng ea jw.org/st)

U ka boela oa sheba sehlomathiso se reng, “Lipotso Tseo Batsoali ba li Botsang,” Bukeng ea 1 ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang. (Batla “Lipotso Tseo Batsoali ba li Botsang” websaeteng ea jw.org/st)

BAKENG SA BACHA: Karolo ea Bacha e hlahang websaeteng ea jw.org e na le lihlooho, livideo le maqephe ao bacha ba ka ngollang lintlha ho ’ona ’me e ka thusa bacha ho etsa lintho tse latelang . . .

  • ho phelisana hantle le batsoali le bana babo bona

  • ho buisana le batsoali ka tlhompho ka melao eo ba e behang

  • ho etsa hore batsoali ba ba tšepe

(Batla “Bacha” websaeteng ea jw.org/st)

U ka sebelisa websaete ea jw.org neng le neng ha u batla. Ha u hloke ho patala, ho ingolisa kapa ho ba Paki ea Jehova ebile ha u hloke ho fana ka boitsebiso ba hao hore u kene websaeteng ena.

Joseph Ehrenbogen.

ITHUTE HO EKETSEHILENG

Joseph Ehrenbogen o ne a rata ntoa ebile e le lekhoba la lithethefatsi ’me sena se ne se etsa hore a se ke a hlompha mosali oa hae. Ho bona kamoo ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ho ileng ha mo thusa ho fetola bophelo ba hae ka teng, batla sehlooho se reng “Ke Ile ka Ithuta ho Itlhompha le ho Hlompha Basali” se websaeteng ea jw.org/st.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela