Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb22 September leq. 3
  • Fumana Keletso e Bohlale ho JW.ORG

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Fumana Keletso e Bohlale ho JW.ORG
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lintho Tse Ka U Thusang Ha U Ithuta
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • U ka Fumana Thuso
    Tsoha!—2020
  • Lintho Tse ka U Thusang ha U Ithuta
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Websaete ea Rōna e Molaong—E Reretsoe ho Tsoela Rōna le Batho ba Bang Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
mwb22 September leq. 3

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Fumana Keletso e Bohlale ho JW.ORG

Lentsoe la Molimo le re fa sohle seo re se hlokang ho sebetsana le mathata a bophelo mehleng ena ea bofelo. (2Ti 3:1, 16, 17) Leha ho le joalo, re ntse re hloka thuso ho fumana melao-motheo ea Bibele e tla re thusa ho sebetsana le maemo a itseng ka ho toba. Ka mohlala, na u motsoali ea hlokang thuso ka ho holisa bana? Na joaloka mocha u thatafalloa ke ho sebetsana le liteko? Na u hlokahalletsoe ke molekane? Ha u kena ho jw.org u tla fumana lingoloa, livideo le likhatiso tse mameloang tse thehiloeng Bibeleng tse tla u thusa ho sebetsana le mathata.​—Lipr 2:3-6.

Thabolete e hlahisitseng websaete ea jw.org. Setšoantšo se hlahisitse karolo ea LITHUTO TSA BIBELE.

Leqepheng le qalang ho jw.org, tobetsa LITHUTO TSA BIBELE. (Sheba setšoantšo sa 1.) Khetha sehlooho seo u se thabelang. Kapa u ka tobetsa LAEBRARI > LIHLOOHO ebe u khetha sehlooho seo u se thabelang. (Sheba setšoantšo sa 2.) Lihlooho tse tšoanang li teng le ho JW Library®.a U ka ikhethela hore na u batla ho sheba lihlooho tsena hokae. U ka boela oa sebelisa lebokose le ngotsoeng “Batla” ho jw.org e le hore u ka fumana sehlooho se buang ka taba e itseng ka ho toba.

Thabolete e hlahisitseng websaete ea jw.org. Setšoantšo se hlahisitse karolo ea LAEBRARI le ea LIHLOOHO.

Ngola lihlooho tse latelang ka lebokoseng la “Batla” ebe u khetha lihlooho tseo u ka thabelang ho li bala.

  • Ho holisa bana

  • Bacha ba nang le khatello ea maikutlo

  • Ho hlokahalloa ke molekane

a Lihlooho tse ling li hlaha li felletse feela ho jw.org.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela