Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 3
  • Monna oa Pele le Mosali oa Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Monna oa Pele le Mosali oa Pele
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o Bopile Monna oa Pele le Mosali oa Pele
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lefu, Sera sa ho Qetela, le Etsoa Lefeela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Adama le Eva
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Haeba Adama o ne a se na Sekoli, ho Tlile Joang Hore a Etse Sebe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 3

PALE EA 3

Monna oa Pele le Mosali oa Pele

HO NA le phapang efe setšoantšong see? E, se na le batho. Ke monna oa pele le mosali oa pele. Ba entsoe ke mang? Ke Molimo. Na u tseba lebitso la Molimo? Ke Jehova. ’Me monna eo le mosali eo ba ile ba bitsoa Adama le Eva.

Jehova Molimo o entse Adama tjena. O ile a nka lerōle mobung ’me ka lona a etsa ’mele o motle, ’mele oa monna. A ntan’o hemela monna ka linkong, eaba Adama oa phela.

Jehova Molimo o ne a e-na le mosebetsi oo a batlang hore Adama a o etse. O ile a re Adama a rehe liphoofolo tsohle mabitso. Mohlomong Adama o ile a qeta nako e telele a shebile liphoofolo e le hore a rehe e ’ngoe le e ’ngoe lebitso le e tšoanelang hantle. Ha a ntse a li reha mabitso, o ile a bona ntho e ’ngoe. Na ua tseba hore na o ile a bona eng?

Liphoofolo kaofela li ne li e-na le balekane. Ho ne ho e-na le bo-ntate tlou le bo-’mè tlou, hape ho e-na le bo-ntate tau le bo-’mè tau. Empa Adama eena o ne a se na molekane. Eaba Jehova o robatsa Adama boroko bo tebileng, ’me a ntša khopo ho eena. Jehova a sebelisa khopo eo ho etsetsa Adama mosali, ea e-ba mosali oa hae.

Joale Adama a thaba haholo! Ak’u inahanele kamoo Eva a ileng a thaba kateng ha a behoa serapeng seo se setle hore a phele ho sona! Joale ba ne ba ka ba le bana ’me ba phela hammoho ka thabo.

Jehova o ne a batla hore Adama le Eva ba phele ka ho sa feleng. O ne a batla hore ba etse hore lefatše lohle le be letle joaloka serapa sa Edene. E tlameha ebe Adama le Eva ba ile ba thaba hakaakang ha ba nahana ka seo! Na u ne u sa tl’o rata hore le uena u etse lefatše serapa se setle joalo? Empa thabo ea Adama le Eva e ile ea fela kapele. A re bone lebaka.

Pesaleme ea 83:18; Genese 1:26-31; 2:7-25.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela