Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 2 leq. 10-leq. 11 ser. 1
  • Molimo o Bopile Monna oa Pele le Mosali oa Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo o Bopile Monna oa Pele le Mosali oa Pele
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Monna oa Pele le Mosali oa Pele
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Ke Hobane’ng re Tsofala Ebile re Shoa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • Lefu, Sera sa ho Qetela, le Etsoa Lefeela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Lefu le Tsoho ea Jesu li ka U Tsoela Molemo Joang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 2 leq. 10-leq. 11 ser. 1
Adama le Eva serapeng sa Edene

THUTO EA 2

Molimo o Bopile Monna oa Pele le Mosali oa Pele

Jehova o ile a lema serapa sebakeng se bitsoang Edene. Serapa seo se ne se e-na le lipalesa, lifate le liphoofolo. Ka mor’a moo, Molimo o ile a etsa motho oa pele Adama ka lerole eaba o bululela moea linkong tsa hae. Na oa tseba hore ho ile ha etsahala’ng? Motho o ile a phela. Jehova o ile a re Adama a hlokomele serapa sa Edene, hape a re a rehe liphoofolo kaofela mabitso.

Jehova o ile a fa Adama molao oa bohlokoa. O ile a re ho Adama: ‘U ka ja litholoana tsa lifate kaofela empa u se ke oa ja tsa sefate sa tsebo ea botle le bobe. Ha u ka ja litholoana tsa sefate seo, u tla shoa.’

Hamorao Jehova o ile a re: ‘Ke tl’o etsetsa Adama mothusi.’ O ile a etsa hore Adama a robale, a nka khopo ea hae eaba o mo bopela mosali ka eona. Lebitso la hae e ne e le Eva. Adama le Eva ke bona ba ileng ba etsa lelapa la pele. Adama o ile a ikutloa joang ha a bona mosali oa hae? O ile a thaba haholo a ba a re: ‘Bona hore Jehova o entse’ng ka khopo ea ka. Qetellong motho ea tšoanang le ’na ke enoa.’

Jehova o ile a bolella Adama le Eva hore ba be le bana e le hore batho ba be bangata lefatšeng. O ne a batla hore ba sebetse ba thabile ha ba ntse ba etsa hore lefatše e be paradeise, kapa serapa se setle se tšoanang le sa Edene. Empa seo ha sea ka sa etsahala. Hobane’ng? Re tla tseba lebaka khaolong e latelang.

“Qalong Molimo o bopile monna le mosali.”—Matheu 19:4

Lipotso: Jehova o ile a fa Adama mosebetsi ofe? Ho ne ho tla etsahala’ng ka Adama le Eva haeba ba ne ba ka ja litholoana tsa sefate seo Molimo a itseng ba se ke ba se ja?

Genese 1:27-31; 2:7-9, 15-23; Pesaleme ea 115:16; Matheu 19:4-6

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela