Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my karolo 2
  • Moroallo ho Isa Topollong Egepeta

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Moroallo ho Isa Topollong Egepeta
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o Hlohonolofatsa Abrahama le Lelapa la Hae
    Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
  • Lelapa le ea Egepeta
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • “Na ke Sebakeng sa Molimo?”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Kakaretso ea Genese
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my karolo 2

KAROLO EA 2

Moroallo ho Isa Topollong Egepeta

Ke batho ba robeli feela ba ileng ba pholoha Moroallo, empa ha nako e ntse e ea batho ba ata ho fihlela ba baloa ka likete-kete. Joale lilemo tse 352 ka mor’a Moroallo, Abrahama a tsoaloa. Re ithuta kamoo Molimo a ileng a boloka tšepiso ea hae kateng ka hore a fe Abrahama mora ea bitsoang Isaka. Joale, ho bara ba babeli ba Isaka, Molimo o ile a khetha Jakobo.

Jakobo o ne a e-na le lelapa le leholo la bara ba 12 le barali. Bara ba 10 ba Jakobo ba ne ba hloile moen’a bona, Josefa, ’me ba mo rekisa bokhobeng Egepeta. Hamorao, Josefa ea e-ba ’musisi oa bohlokoa Egepeta. Ha ho fihla nako ea tlala e khōlō, Josefa a leka banab’abo ho bona hore na ba fetotse lipelo tsa bona. Qetellong, lelapa lohle la Jakobo, e leng Baiseraele, la fallela Egepeta. Sena se etsahetse ka mor’a lilemo tse 290 Abrahama a hlahile.

Baiseraele ba qetile lilemo tse 215 Egepeta. Ka mor’a hore Josefa a shoe, ba etsoa makhoba moo. Hamorao, Moshe o ile a tsoaloa, ’me Molimo a mo sebelisa hore a lopolle Baiseraele Egepeta. Karolo ena ea BOBELI e akaretsa lilemo tse 857 tsa pale.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela