Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 17
  • Mafahla a Neng a Fapane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mafahla a Neng a Fapane
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jakobo o Fuoa Lefa
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Jakobo le Esau ba Bopa Khotso
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Sireletsa Lefa la Hao ka ho Etsa Liqeto Tse Bohlale
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 17

PALE EA 17

Mafahla a Neng a Fapane

NA BASHEMANE baa ba babeli ha baa fapana haholo? Na u tseba mabitso a bona? Setsomi ke Esau, ’me moshemane ea alositseng linku ke Jakobo.

Esau le Jakobo ke mafahla a Isaka le Rebeka. Ntate Isaka o ne a rata Esau haholo, kaha o ne a tseba ho tsoma ’me a tlisetsa lelapa lijo. Empa Rebeka o ne a rata Jakobo haholo, kaha o ne a khutsitse, e le motho oa khotso.

Ntate-moholo Abrahama o ne a ntse a phela, ’me re ka inahanela kamoo Jakobo a neng a rata ho mo mamela kateng ha a bua ka Jehova. Qetellong Abrahama o ile a shoa a le lilemo li 175, ha mafahla ’ona a le lilemo li 15.

Ha Esau a le lilemo li 40 a nyala basali ba babeli ba naheng ea Kanana. Sena se ile sa utloisa Isaka le Rebeka bohloko haholo, hobane basali bao ba ne ba sa rapele Jehova.

Joale ka letsatsi le leng ha etsahala ntho e ’ngoe e ileng ea etsa hore Esau a koatele Jakobo ngoan’abo haholo. Ho ile ha fihla nako ea hore Isaka a hlohonolofatse mora oa hae e moholo. Kaha Esau o ne a le moholo ho Jakobo, o ne a lebeletse hore a hlohonolofatsoe. Empa Esau o ne a se a rekiselitse Jakobo tokelo ea hore a hlohonolofatsoe. Hape ha bashemane bao ba babeli ba hlaha, Molimo o ile a re ho tla hlohonolofatsoa Jakobo. ’Me ho ile ha fela ha e-ba joalo. Isaka o ile a hlohonolofatsa Jakobo mora oa hae.

Hamorao, ha Esau a utloa se etsahetseng a koatela Jakobo haholo. A koata hoo a ileng a re o tlil’o bolaea Jakobo. Eitse ha Rebeka a utloa seo, a tšoenyeha haholo. Kahoo a re ho Isaka monna oa hae: ‘Ho tla ba hobe haholo haeba Jakobo le eena a nyala e mong oa basali bana ba Kanana.’

Eaba Isaka o bitsa mora oa hae Jakobo o re ho eena: ‘U se ke ua nyala mosali oa Kanana. Ho e-na le hoo e-ea ho ntat’ao-moholo Bethuele, Harane. U nyale e mong oa barali ba mora oa hae, Labane.’

Jakobo a mamela ntat’ae, hona hoo a qala leeto le lelelele a ea Harane moo ba habo ba lulang teng.

Genese 25:5-11, 20-34; 26:34, 35; 27:1-46; 28:1-5; Baheberu 12:16, 17.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela