Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 12 leq. 34
  • Jakobo o Fuoa Lefa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jakobo o Fuoa Lefa
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mafahla a Neng a Fapane
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Sireletsa Lefa la Hao ka ho Etsa Liqeto Tse Bohlale
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Jakobo le Esau ba Bopa Khotso
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 12 leq. 34
Jakobo o fa Esau sopho e le hore a mo fe tokelo ea hae ea ho ba letsibolo

THUTO EA 12

Jakobo o Fuoa Lefa

Isaka le Rebeka ba na le Jakobo le Esau

Isaka o ne a le lilemo li 40 ha a nyala Rebeka. O ne a mo rata haholo. Ha nako e ntse e ea, ba ile ba ba le mafahla a bashanyana.

Lefahla le leholo e ne e le Esau, le lenyenyane e le Jakobo. Esau o ne a rata ho ea naheng le ho tsoma empa Jakobo o ne a rata ho lula hae.

Mehleng eo, mora e moholo o ne a fuoa sebaka se seholo le chelete e ngata ha ntate oa hae a hlokahala. Ho ne ho thoe o fuoa lefa. Lelapeng la Isaka, seo se ne se bolela hore Esau o tla fuoa lintho tseo Jehova a neng a li tšepisitse Abrahama. Esau o ne a se na taba le litšepiso tseo tsa Jehova empa Jakobo eena o ne a tseba hore ke tsa bohlokoa.

Jakobo le Esau

Ka le leng Esau o ile a fihla a khathetse haholo ha a tsoa ho tsoma. O ile a utloa ho nkha lijo tse monate tseo Jakobo a li phehileng, eaba o re: ‘Ke shoele ke tlala! Ak’u ntšelle sopho eo e khubelu.’ Jakobo a re: ‘Ke tla u fa empa ntšepise pele hore u tla mpha lefa la hao.’ Esau a re: ‘Ha ke na taba le lefa! U ka le nka. ’Na ke ipatlela lijo feela.’ Na u nahana hore Esau o entse qeto e nepahetseng? Che. Esau o ile a fana ka ntho ea bohlokoa haholo ka lebaka la sopho feela.

Ha Isaka a se a tsofetse, ho ile ha fihla nako ea hore a fe lefahla le leholo lefa. Empa Rebeka o ile a thusa Jakobo hore e be eena ea fuoang lefa. Esau o ile a tseba ka taba ena ’me a koata haholo hoo a ileng a rera ho bolaea ngoan’abo. Isaka le Rebeka ba ne ba batla ho sireletsa Jakobo, eaba ba re ho eena: ‘Tsamaea u e’o lula le malome oa hao Labane ho fihlela bohale ba Esau bo kokobela.’ Jakobo o ile a mamela keletso ea batsoali ba hae eaba oa baleha.

“Motho o tla fumana molemo ofe ha a rua lefatše lohle empa a lahleheloa ke bophelo ba hae? Motho a ka reka bophelo ba hae ka eng?”—Mareka 8:36, 37

Lipotso: Esau o ne a rata ho etsa’ng? Jakobo eena o ne a rata ho etsa’ng? Ke hobane’ng ha lefa le ile la fuoa Jakobo eseng Esau?

Genese 25:20-34; 27:1–28:5; Baheberu 12:16, 17

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela