Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 38
  • Lihloela Tse 12

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lihloela Tse 12
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lihloela Tse 12
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Na U Latela Jehova Kahohle?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Joshua e ba Moeta-pele
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Moshe o Otla Lefika
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 38

PALE EA 38

Lihloela Tse 12

BONA litholoana tse jeroeng ke banna bana. Bona hore na lesihla leo la morara le leholo hakaakang. Le jaroa ke banna ba babeli ka thupa. Bona lifeiga le likharenate. Litholoana tsee tse ntle li tsoa hokae? Li tsoa naheng ea Kanana. Hopola hore Kanana ke moo Abrahama, Isaka le Jakobo ba kileng ba phela teng. Empa Jakobo le ba lelapa la hae ba ile ba fallela Egepeta ka lebaka la tlala. Joale, ka mor’a lilemo tse ka bang 216, Moshe o etella Baiseraele pele ho khutlela Kanana. Ha ba le lefeelleng, ba fihla moo ho thoeng ke Kadeshe.

Batho ba lulang Kanana ba babe. Joale Moshe o roma lihloela tse 12, o re ho tsona: ‘Bonang hore na ho lula batho ba bakae moo, le hore na ba matla hakae. Le bone hore na naha e ntle bakeng sa temo. Le be le tle le litholoana tse ling tsa teng.’

Ha lihloela li khutlela Kadeshe, li re ho Moshe: ‘Ruri ke naha e ntle.’ Ba paka seo ka ho bontša Moshe litholoana tse ling. Empa lihloela tse 10 li re: ‘Batho ba phelang moo ba balelele, ebile ba matla. Re il’o bolaoa ha re ka ba ra leka ho nka naha eo.’

Baiseraele baa tšoha ha ba utloa sena. Ba re: ‘Ho ne ho le molemo ha re shoetse Egepeta kapa lefeelleng mona. Re tlil’o bolaoa ntoeng, ’me basali ba rōna le bana ba hapuoe. Ha re lahleng Moshe re ikhethele moeta-pele e mocha ’me re khutleleng Egepeta!’

Empa lihloela tse peli li tšepa Jehova, ’me li leka ho khutsisa batho. Ke Joshua le Kalebe. Ba re: ‘Le se ke la tšoha. Jehova o na le rōna. Re tla nka naha eo habonolo.’ Empa batho ha ba mamele. Ba bile ba batla ho bolaea Joshua le Kalebe.

Sena se halefisa Jehova haholo, ’me o re ho Moshe: ‘Ha ho motho le ea mong ea lilemo li 20 ho ea holimo ea tlang ho kena naheng ea Kanana. Ba bone mehlolo eo ke e entseng Egepeta le lefeelleng, empa ba ntse ba sa ntšepe. Joale ba tla lelera lefeelleng ka lilemo tse 40 ho fihlela ho shoa motho oa ho qetela. Ho tla kena Joshua le Kalebe feela naheng ea Kanana.’

Numere 13:1-33; 14:1-38.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela