Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 43
  • Joshua e ba Moeta-pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Joshua e ba Moeta-pele
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova o Khetha Joshua
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Seo Joshua a Ileng a se Hopola
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Moshe o Otla Lefika
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lihloela Tse 12
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 43

PALE EA 43

Joshua e ba Moeta-pele

MOSHE o batla ho kena Kanana le Baiseraele. Kahoo oa kōpa o re: ‘Jehova, ntumelle hore ke tšele Nōka ea Jordane ’me ke bone naha e ntle.’ Empa Jehova o re: ‘Ho lekane! U se hlole u bua joalo!’ Na u tseba lebaka leo Jehova a neng a bua joalo ka lona?

Ke ka lebaka la se etsahetseng ha Moshe a otla lefika. Hopola hore eena le Arone ha baa ka ba hlompha Jehova. Ha baa ka ba bolella batho hore ke Jehova ea neng a ntšitse metsi lefikeng. Ka lebaka leo, Jehova o ile a re ba ke ke ba kena Kanana.

Kahoo likhoelinyana ka mor’a hore Arone a shoe, Jehova o re ho Moshe: ‘Nka Joshua, u mo hlahise ka pel’a moprista Eleazare le sechaba. ’Me ka pel’a bona bohle, u ba bolelle hore Joshua ke moeta-pele e mocha.’ Moshe o etsa kamoo Jehova a bolelang kateng, joalokaha u bona setšoantšong mona.

Joale Jehova o re ho Joshua: ‘U be matla, u se ke ua tšaba. U tla kenya Baiseraele naheng ea Kanana eo ke ba tšepisitseng eona, ’me ke tla ba le uena.’

Hamorao Jehova o re Moshe a hloelle tlhōrōng ea Thaba ea Nebo naheng ea Moabe. Ha a le moo, Moshe o khona ho bona ka mose ho Nōka ea Jordane ’me o bona naha e ntle ea Kanana. Jehova o re: ‘Ke eona naha eo ke tšepisitseng ho e neha bana ba Abrahama, Isaka le Jakobo. Ke u lumeletse ho e bona, empa nke ke ka u lumella ho kena ho eona.’

Moshe o shoella hona moo tlhōrōng ea Thaba ea Nebo. O ne a le lilemo li 120. O ne a ntse a le matla, le mahlo a hae a ntse a bona hantle. Batho ba utloile bohloko haholo ’me baa lla hobane Moshe o shoele. Empa ba thabile hore ebe Joshua ke moeta-pele oa bona e mocha.

Numere 27:12-23; Deuteronoma 3:23-29; 31:1-8, 14-23; 32:45-52; 34:1-12.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela