THUTO EA 29
Jehova o Khetha Joshua
Moshe o ne a qetile lilemo tse ngata e le moeta-pele oa sechaba sa Iseraele ’me joale a le haufi le ho shoa. Jehova o ile a re ho eena: ‘Ha se uena ea tla kenya Baiseraele Naheng e Tšepisitsoeng. Empa ke tla u lumella hore u e bone.’ Moshe a kopa Jehova hore a khethe moeta-pele e mocha ea tla hlokomela sechaba. Jehova o ile a re ho eena: ‘E-ea ho Joshua, u mo bolelle hore e tla ba eena moeta-pele.’
Moshe o ile a bolella sechaba hore o haufi le ho shoa le hore Jehova o khethile Joshua hore e be moeta-pele oa bona ho ba kenya Naheng e Tšepisitsoeng. Eaba Moshe o re ho Joshua: ‘U se ke oa tšoha. Jehova o tla u thusa.’ Nakoana ka mor’a moo, Moshe a nyolohela Thabeng ea Nebo ’me ha a le moo Jehova a mo bontša naha eo a e tšepisitseng Abrahama, Isaka le Jakobo. Moshe o shoele a le lilemo li 120.
Jehova o ile a re ho Joshua: ‘Tšela Noka ea Jordane ’me u kene Kanana. Ke tla u thusa feela joalokaha ke ile ka thusa Moshe. Etsa bonnete ba hore u bala Molao oa ka letsatsi le leng le le leng. U se ke oa tšoha. E-ba sebete. E-ea ’me u etse seo ke u laetseng sona.’
Joshua o ile a romela lihloela tse peli motseng oa Jeriko. Khaolong e latelang, re tl’o ithuta hore na ho ile ha etsahala’ng ha ba le moo. Ha ba khutla, ba ile ba mo bolella hore eo ke nako e loketseng ea hore ba kene Kanana. Letsatsi le latelang, Joshua o ile a bolella sechaba hore se itokisetse ho tsamaea. Eaba o re baprista ba jereng areka ea selekane e be bona ba tšelang pele Nokeng ea Jordane. Noka e ne e tletse. Empa hang ha baprista ba kenya maoto ka metsing, noka ea khaotsa ho phalla ’me metsi a oma. Baprista ba tsamaea moo ho ommeng ’me ba fihla ba ema bohareng ba noka ho fihlela sechaba sohle sa Iseraele se tšetse. Na ebe mohlolo oo o ile oa ba hopotsa seo Jehova a ileng a se etsa Leoatleng le Lefubelu?
Qetellong ea lilemo tseo tse ngata, Baiseraele ba ile ba kena Naheng e Tšepisitsoeng. Ba haha matlo le metse. Ba lema masimo, lifate tsa morara le tsa litholoana tse ling. E ne e le naha e phallang lebese le mahe a linotši.
“Kamehla Jehova o tla le etella pele, a le khotsofatse esita leha le le naheng e otluoeng ke komello.”—Esaia 58:11