Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 57
  • Molimo o Khetha Davida

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo o Khetha Davida
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “O Bona Seo Pelo e Leng Sona”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Monna ea Ratoang ke Pelo ea Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Davida le Goliathe
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Samuele o Ntšetsa Pele Borapeli ba ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 57

PALE EA 57

Molimo o Khetha Davida

NA U bona se etsahetseng moo? Moshemane o pholositse konyana ena ho bere. Bere e ile ea tla ea nka konyana hore e il’o e ja. Empa moshemane eo a li lelekisa ’me a pholosa konyana molomong oa bere. Eare ha bere e phahama, moshemane enoa a e tšoara ’me a e bolaea! Ka nako e ’ngoe o ile a pholosa nku ho tau. Na hase moshemane ea sebete? Na ua tseba hore ke mang?

Enoa ke mohlankana Davida. O lula motseng oa Bethlehema. Ntate-moholo oa hae e ne e le Obede, mor’a Ruthe le Boaze. Na u sa ba hopola? Ntate oa Davida ke Jese. Davida o alosa linku tsa ntate oa hae. Davida o hlahile lilemo tse 10 ka mor’a hore Jehova a khethe Saule hore e be morena.

Ho fihla nako eo Jehova a reng ho Samuele: ‘Nka oli e khethehileng ’me u ee ntlong ea Jese Bethlehema. Ke khethile e mong oa bara ba hae hore e be morena.’ Ha Samuele a bona Eliabe, mora e moholo oa Jese, o re ka pelong: ‘Ka sebele enoa ke eena eo Jehova a mo khethileng.’ Empa Jehova o re ho eena: ‘U se ke ua sheba bolelele ba hae le botle ba hae. Ha kea mo khetha hore e be morena.’

Joale Jese o bitsa mor’a hae Abinadabe ’me o mo tlisa ho Samuele. Empa Samuele o re: ‘Che, le eena Jehova ha aa mo khetha.’ Ka mor’a moo Jese o tlisa mor’a hae Shama. Samuele o re: ‘Che, le enoa Jehova ha aa mo khetha.’ Jese o tlisa bara ba hae ba supileng ho Samuele, empa Jehova ha a khethe le ea mong oa bona. Samuele oa botsa: ‘Na bashemane baa ke phetho?’

Jese o re: ‘Oa ho fela o sa le teng. Empa ha a eo o alositse linku.’ Ha Davida a kena, Samuele oa bona hore ke moshemane e motle. Jehova o re: ‘Enoa ke eena. Mo tšele ka oli.’ Samuele oa mo tšela. Nako e tla fihla ea hore Davida e be morena oa Iseraele.

1 Samuele 17:34, 35; 16:1-13.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela