Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 65
  • ’Muso oa Aroloa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Muso oa Aroloa
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Muso oa Aroloa
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Jehova a ke ke a Tlohela ba Tšepahalang ba Hae
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Buka ea Bibele ea 11—1 Marena
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • E ka be e Ile ea E-ba Motsoalle oa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 65

PALE EA 65

’Muso oa Aroloa

NA U tseba lebaka leo monna eo a tabolang seaparo sa hae ka lona? Jehova o mo laetse ho etsa joalo. Monna enoa ke moprofeta oa Molimo Akija. Na ua tseba hore moprofeta ke’ng? Ke motho eo Molimo a mo bolellang se tla etsahala pele ho nako.

Mona Akija o bua le Jeroboame. Jeroboame ke monna eo Solomone a neng a mo behile hore a hlokomele mosebetsi o mong oa kaho. Ha Akija a kopana le Jeroboame tseleng mona, Akija o etsa ntho e makatsang. O hlobola seaparo se secha seo a se apereng ’me o se tabola likotoana tse 12. O re ho Jeroboame: ‘Inkele likotoana tse 10.’ Na u tseba lebaka la hore Akija a fe Jeroboame likotoana tse 10?

Akija o hlalosa hore Jehova o tlil’o amoha Solomone ’muso. O re Jehova o tlil’o fa Jeroboame meloko e 10. Hona ho bolela hore Roboame mor’a Solomone o tla salloa ke ho busa meloko e ’meli feela.

Ha Solomone a utloa seo Akija a se boleletseng Jeroboame, o halefa haholo. O leka ho bolaea Jeroboame. Empa Jeroboame o balehela Egepeta. Ka mor’a nakoana, Solomone oa shoa. E bile morena ka lilemo tse 40, empa joale ho behoa Roboame mor’a hae hore e be morena. Jeroboame o utloela a le Egepeta hore Solomone o shoele, kahoo o khutlela Iseraele.

Roboame hase morena ea molemo. O tšoara batho ka sehlōhō le ho feta ntat’ae Solomone. Jeroboame le banna ba bang ba bohlokoa ba ea ho Morena Roboame ’me ba re a buse batho hantle. Empa Roboame ha a mamele. Ha e le hantle, o ba tšoara ka sehlōhō le ho feta pele. Kahoo batho ba etsa Jeroboame morena oa meloko e 10, empa Roboame o tsoela pele a busa meloko e ’meli e leng oa Benjamine le oa Juda.

Jeroboame ha a batle ha batho ba hae ba ea Jerusalema ho ea rapela tempeleng ea Jehova. Kahoo o etsa manamane a mabeli a khauta ’me o re batho ba ’muso oa meloko e 10 ba a rapele. Kapele naha e tlala bokebekoa le pefo.

Ho boetse ho na le khathatso ’musong oa meloko e ’meli. Le pele ho feta lilemo tse hlano Roboame e le morena, morena oa Egepeta oa tla ’me o loantša Jerusalema. O nka matlotlo a mangata tempeleng ea Jehova. Kahoo tempele e qeta nako e khutšoanyane feela e le boemong ba eona ba pele.

1 Marena 11:26-43; 12:1-33; 14:21-31.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela