Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 90
  • O na le Mosali Selibeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O na le Mosali Selibeng
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Bua le Mosali Selibeng
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • O Ruta Mosali oa Mosamaria
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Jesu o Ruta Mosali oa Mosamaria
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ho Ruta Mosali oa Mosamaria
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 90

PALE EA 90

O na le Mosali Selibeng

JESU o phomotse selibeng Samaria. Barutuoa ba hae ba kene motseng ho ea reka lijo. Mosali eo Jesu a buang le eena o tl’o kha metsi selibeng. Jesu o re ho eena: ‘Mphe metsi ke noe.’

Sena se makatsa mosali eo haholo. Na u tseba lebaka? Ke hobane Jesu ke Mojuda, ’me mosali eo eena ke Mosamaria. Bajuda ba bangata ba hloile Basamaria. Ha ba batle le ho ba buisa feela! Empa Jesu o rata batho ba mefuta eohle. Kahoo Jesu o re: ‘Haeba u ne u tseba ea u kōpang metsi, u ka be u mo kōpa ’me o ne a tla u fa metsi a phelisang.’

Mosali eo o re: ‘Monghali, seliba se tebile ebile ha u na le nkho. Metsi aa a phelisang u tla a kha kae?’

Jesu o re: ‘Ha u noa metsi a seliba sena, u tla boela u nyoroe. Empa metsi ao ke fanang ka ’ona a phelisa motho ka ho sa feleng.’

Mosali eo o re: ‘Monghali mphe metsi ao! Joale nke ke ka hlola ke nyoroa. Ebile ha ke sa tla kha metsi mona hape.’

Mosali eo o nahana hore Jesu o bua ka metsi a sebele. Empa Jesu o bua ka ’nete e mabapi le Molimo le ’muso oa hae. ’Nete ena e tšoana le metsi a phelisang. E ka fa motho bophelo bo sa feleng.

Joale Jesu o re ho mosali eo: ‘Tsamaea u e’o lata monna oa hao u tle le eena.’

Mosali eo o re: ‘Ha ke na monna.’

Jesu o re: ‘U nepile. Empa u bile le banna ba bahlano, ’me monna eo u lulang le eena hona joale hase monna oa hao.’

Mosali eo oa makala, kaha sena sohle ke ’nete. Jesu o tsebile see joang? Ke hobane Jesu ke Ea Tšepisitsoeng ea rometsoeng ke Molimo, ’me Molimo o mo tsebisitse seo. Ka eona nako eo barutuoa ba Jesu baa fihla, ’me ba makatsoa ke hore o ntse a bua le mosali oa Mosamaria.

Re ithuta’ng ho see sohle? Se re bontša hore Jesu o mosa ho batho ba mefuta eohle. Le rōna re lokela ho ba joalo. Ha rea lokela ho nahana hore batho ba bang ba babe hobane feela e le ba morabe o mong. Jesu o batla hore batho bohle ba tsebe ’nete e isang bophelong bo sa feleng. Le rōna re lokela ho rata ho thusa batho ba bang ho ithuta ’nete.

Johanne 4:5-43; 17:3.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela