Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 93
  • Jesu o Fepa Bongata

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu o Fepa Bongata
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu O Fepa Likete Ka Mohlolo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Jesu O Fepa Likete Ka Mohlolo
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Jesu o Fepa ba Likete ka Mahobe le Litlhapi Tse Seng Kae
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Jesu o Fepa Batho ba Likete
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 93

PALE EA 93

Jesu o Fepa Bongata

HO SA tsoa etsahala taba e ’ngoe e tšabehang. Johanne Mokolobetsi o sa tsoa bolaoa. Herodiase, e leng mosali oa morena, o ne a mo hloile. O ile a ba a etsa hore morena a khaole Johanne hlooho.

Ha Jesu a utloa seo, o utloa bohloko haholo. O ikela sebakeng se ka thōko a le mong. Empa batho ba mo sala morao. Ha Jesu a bona bongata, o bo utloela bohloko. Kahoo o bua le bona ka ’muso oa Molimo, ’me o phekola ba kulang har’a bona.

Mantsiboeeng ao barutuoa ba hae ba tla ho eena ba re: ‘E se e le mantsiboea joale, ’me mona ho hōle le metse. E-re batho bana ba tsamaee e le hore ba ithekele lijo metseng e haufi.’

Jesu a araba a re: ‘Ba ke ke ba tsamaea. Ba feng lijo ba je.’ Jesu o sheba Filipi, oa mo botsa o re: ‘Re ka reka lijo tse lekaneng ho fepa batho baa bohle hokae?’

Filipi oa araba o re: ‘Ho reka lijo tse lekaneng hore e mong le e mong a tšoarise mala feela ho tla re hloka chelete e ngata haholo.’ Andrease o re: ‘Moshemane enoa ea nkileng lijo tsa rōna, o na le mahobe a mahlano le litlhapi tse peli feela. Empa lijo tsena li ke ke tsa lekana batho bana bohle.’

Jesu o re: ‘E-re batho ba lule mohloeng.’ A ntan’o leboha Molimo bakeng sa lijo tseo, ’me a qala ho li ngoatha. Ka mor’a moo barutuoa ba abela batho bohle bohobe le tlhapi. Ho na le banna ba 5 000 le basali ba bangata haholo le bana. Bohle baa ja baa khora. Eitse ha barutuoa ba bokella lijo tse setseng, tsa tlala libaskete tse 12!

Joale Jesu o re barutuoa ba hae ba kene seketsoaneng ba tšele Leoatle la Galilea. Bosiu ho tsoha moea o matla, ’me maqhubu a isa seketsoana koana le koana. Barutuoa ba tšohile haholo. Eitse har’a bosiu, ba bona motho e mong a tla ho bona a tsamaea holim’a metsi. Ba lla ke ho tšoha, kaha ha ba tsebe seo ba se bonang.

Jesu o re: ‘Le se ke la tšoha. Ke ’na!’ Empa ba ntse ba sa kholoe. Kahoo Petrose o re: ‘Haeba ke uena Morena, e-re ke tsamaee holim’a metsi ke tle ho uena.’ Jesu o re: ‘Tloo!’ Joale Petrose oa tsoa ’me o tsamaea holim’a metsi! Ha a le hare a tšoha eaba o qala ho teba, empa Jesu a mo pholosa.

Jesu o ile a boela a fepa batho ba likete-kete hamorao. Lekhetlong lena a ba fepa ka mahobe a supileng le litlhapi tse seng kae. Le lekhetlong lena lijo tsa e-ba ngata haholo bakeng sa bohle. Na hase tsela e babatsehang ee eo Jesu a hlokomelang batho ka eona? Ha re sa tla hlola re tšoenyeha ka letho ha a se a busa e le morena ea khethiloeng ke Molimo!

Matheu 14:1-32; 15:29-38; Johanne 6:1-21.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela