Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 98
  • Thabeng ea Mehloaare

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thabeng ea Mehloaare
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Khutlela Leholimong
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Ho Hopola Matsatsi a ho Qetela a Jesu Lefatšeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • “Hora e Tlile!”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Jesu o Khutlela Leholimong
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 98
On the Mount of Olives, Jesus speaks to some of his apostles

PALE EA 98

Thabeng ea Mehloaare

ENOA ke Jesu Thabeng ea Mehloaare. Banna ba bane bao a nang le bona ke baapostola ba hae. Ke Andrease le ngoan’abo Petrose le Jakobo le ngoan’abo Johanne. Ke tempele ea Molimo e Jerusalema eane eo u e bonelang hōjana.

The temple in Jerusalem

Ke matsatsi a mabeli ka mor’a hore Jesu a kene Jerusalema a kaletse petsana ea esele. Ke Labobeli. Hoseng Jesu o ne a le tempeleng. Ha a le moo, baprista ba leka ho mo tšoara e le hore ba mo bolaee. Empa ba tšaba ho etsa seo kaha batho ba rata Jesu.

Jesu o re baeta-pele bao ba bolumeli ke ‘linoha le malinyane a linoha!’ Jesu o re Molimo o tl’o ba otla ka lebaka la lintho tse mpe tseo ba li entseng. Ka mor’a moo Jesu o ea Thabeng ea Mehloaare, ’me baapostola bana ba bane ba qala ho mo botsa lipotso. Na ua tseba hore na ba botsa Jesu eng?

Baapostola ba batla ho tseba lintho tse tla etsahala nakong e tlang. Baa tseba hore Jesu o tla felisa bobe bohle lefatšeng. Empa ba batla ho tseba hore na seo se tla etsahala neng. Jesu o tla khutla neng ho tla busa e le Morena?

Jesu oa tseba hore balateli ba hae ba lefatšeng ha ba na ho mo bona ha a khutla. Lebaka ke hore o tla be a le leholimong, ’me ba ke ke ba mo bona moo. Kahoo Jesu o bolella baapostola ba hae tse ling tsa lintho tse tla etsahala lefatšeng ha a se a busa e le Morena leholimong. Tse ling tsa lintho tseo ke life?

Jesu o re ho tla ba le lintoa tse khōlō, batho ba bangata ba tla kula, ba lape, bonokoane bo ngatafale le hore ho tla ba le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše. Jesu o re le litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo li tla boleloa lefatšeng lohle. Na re bona lintho tsee li etsahala mehleng ee ea rōna? E! Kahoo re ka kholiseha hore hona joale Jesu o se a busa leholimong. Haufinyane o tla felisa bobe bohle lefatšeng.

Matheu 21:46; 23:1-39; 24:1-14; Mareka 13:3-10.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela