THUTO EA 93
Jesu o Khutlela Leholimong
Jesu o ile a kopana le barutuoa ba hae Galilea, eaba o ba fa taelo ea bohlokoa o re: ‘E-eang ’me le etse batho barutuoa lefatšeng lohle. Le ba rute lintho tsohle tseo ke le rutileng tsona ’me le ba kolobetse.’ A ba tšepisa a re: ‘Hopolang, ke na le lona kamehla.’
Matsatsi a 40 ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o ile a hlaha ho barutuoa ba hae ba makholo Galilea le Jerusalema. O ile a ba ruta lithuto tsa bohlokoa a ba a etsa mehlolo e mengata. Eaba o kopana le baapostola ba hae Thabeng ea Mehloaare ka lekhetlo la ho qetela. Jesu o ile a re ho bona: ‘Le se ke la tloha Jerusalema. Le lule le lebelletse seo Ntate a se tšepisitseng.’
Baapostola ha baa ka ba utloisisa hore na o ne a re’ng. Kahoo, ba mo botsa ba re: ‘Na joale u se u tl’o ba Morena oa Iseraele?’ Jesu a ba araba a re: ‘Nako ea hore Jehova a nketse Morena ha e-s’o fihle. Haufinyane le tla amohela matla a moea o halalelang ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, Judea le Samaria le ho isa karolong e hole-hole ea lefatše.’
Joale Jesu a nyolohela leholimong, eaba leru lea mo koahela. Barutuoa ba hae ba ne ba ntse ba mo shebile empa o ne a ile.
Eaba barutuoa ba tloha Thabeng ea Mehloaare ba ea Jerusalema. Kamehla ba ne ba kopana kamoreng e ka holimo ’me ba rapela. Ba ne ba emetse hore Jesu a tle a ba fe litaelo tse eketsehileng.
“Litaba tse monate tsa ’Muso li tla boleloa lefatšeng lohle hore batho ba lichaba tsohle ba li utloe ebe ke hona bofelo bo tlang.”—Matheu 24:14