Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 102
  • Jesu oa Phela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu oa Phela
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o Hopola Mora oa Hae
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Jesu oa Phela!
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Jesu oa Phela!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Jesu oa Phela!
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 102

PALE EA 102

Jesu oa Phela

NA UA tseba hore mosali eo le banna baa ke bo-mang? Mosali enoa ke Maria Magdalena, motsoalle oa Jesu. Banna ba apereng liaparo tse tšoeu ke mangeloi. Kamore ena e nyenyane eo Maria a shebileng ka har’a eona, ke moo setopo sa Jesu se neng se behiloe teng ka mor’a hore a shoe. E bitsoa lebitla. Empa joale setopo ha se eo! Ke mang ea se nkileng? A re bone.

Ka mor’a hore Jesu a shoe, baprista ba re ho Pilato: ‘Ha Jesu a sa phela o ne a re o tla tsosoa ka mor’a matsatsi a mararo. Kahoo laela hore lebitla leo le lebeloe. Joale barutuoa ba hae ba ke ke ba utsoa setopo sa hae ebe ba re o tsositsoe bafung!’ Pilato o re baprista ba romele masole hore a lebele lebitla.

Empa hoseng haholo, ka letsatsi la boraro Jesu a shoele, lengeloi la Jehova le tla kapele. Le tlosa lejoe le lebitleng. Masole a tšohile hoo a sitoang le ho sisinyeha. Qetellong, ha a sheba ka lebitleng, setopo ha se sa le eo! Masole a mang a kena motseng ’me a bolella baprista. Na u tseba seo baprista bao ba babe ba se etsang? Ba fa masole ao chelete hore a bue leshano. Baprista ba re ho masole: ‘E-reng barutuoa ba hae ba tlile bosiu, ha re robetse, ’me ba utsoa setopo seo.’

Ho sa le joalo, basali ba bang bao e leng metsoalle ea Jesu ba tla lebitleng. Ba maketse hakaakang ha ba fumana le se na letho! Hang-hang ho hlaha mangeloi a mabeli a apereng liaparo tse khanyang. Aa botsa: ‘Ke hobane’ng ha le batla Jesu moo? O tsositsoe bafung. E-eang kapele le bolelle barutuoa ba hae.’ Basali bao ba matha ka lebelo! Empa ha ba le tseleng monna e mong oa ba emisa. Na ua tseba hore ke mang? Ke Jesu! O re: ‘E-eang le bolelle barutuoa ba ka.’

Ha basali ba bolella barutuoa hore Jesu oa phela le hore ba mo bone, barutuoa ha ba lumele seo. Petrose le Johanne ba mathela lebitleng ho ea iponela ka bobona, empa lebitla ha le na letho! Ha Petrose le Johanne ba tsamaea, Maria Magdalena eena oa sala. Ke nakong ena moo a shebang ka hare ’me a bona mangeloi ana a mabeli.

Na ua tseba hore ho etsahetse’ng ka setopo sa Jesu? Molimo o se nyamelitse. Molimo ha aa ka a tsosa Jesu ka ’mele oa nama oo a shoeleng ka oona. O ile a fa Jesu ’mele o mocha oa moea, o tšoanang le ’mele ea mangeloi leholimong. Empa hore a bontše barutuoa ba hae hore oa phela, Jesu a ka itlhahisa ka ’mele oo batho ba o bonang, joalokaha re tla bona.

Matheu 27:62-66; 28:1-15; Luka 24:1-12; Johanne 20:1-12.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela