Khaolo ea 128
Jesu oa Phela!
HA BASALI ba fumana lebitla la Jesu le se na letho, Maria Magdalena o titima ho ea bolella Petrose le Johanne. Leha ho le joalo, ka ho hlakileng basali ba bang ba sala lebitleng. Kapele-pele lengeloi lea hlaha ’me le ba memela ka hare.
Mona basali bana ba bona lengeloi le leng hape, ’me le leng la mangeloi le re ho bona: “Ha e le lōna, le se ke la tšoha, hobane kea tseba hoba le batla Jesu, ea kileng a thakhisoa. Ha a sa le mona, hobane o tsohile joale ka ha a na a boletse. Tlong, le bone tao eo Morena a neng a beiloe ho eona. Le mpe le phakise le ee ho bolella barutuoa ba hae hore o tsohile bafung.” Kahoo, ka tšabo le ka thabo e khōlō, basali bana le bona baa titima.
Nakong ena, Maria o se a fumane Petrose le Johanne, ’me oa ba tlalehela: “Ba tlositse Morena lebitleng, ’me ha re tsebe moo ba ’meileng teng.” Hang-hang baapostola ba babeli ba tloha moo ba titima. Johanne o siea Petrose—kaha ho bonahala eka o monyenyane ho eena—’me o fihla pele lebitleng. Nakong ena basali ba se ba tsamaile, ’me ha ho motho moo. Johanne oa inama ’me o nyarela ka lebitleng ’me o bona masela, empa o sala ka ntle ho lebitla.
Ha Petrose a fihla, ha a tsila-tsile empa o kena ka hare. O bona masela a behiloe moo fatše hammoho le lesela le neng le sebelisitsoe ho thatela hlooho ea Jesu. Le ne le phuthiloe ’me le behiloe sebakeng se le seng. Joale Johanne le eena o kena ka lebitleng ’me o lumela tlaleho ea Maria. Empa Petrose le Johanne ha ba utloisise hore Jesu o tsositsoe, esita le hoja A ne a ba bolelletse hangata hore O tla tsosoa. Ba tsielehile, bobeli ba bona ba khutlela hae, empa Maria, ea khutletseng lebitleng, oa sala.
Khabareng, basali ba bang ba potlaketse ho ea bolella barutuoa hore Jesu o tsositsoe, joalokaha mangeloi a ba laetse ho etsa joalo. Ha ba ntse ba titima joalo ka lebelo le leholo, Jesu o teana le bona ’me o re: “Lumelang!” Ba itihela maotong a hae ’me baa mo khumamela. Joale Jesu o re: “Se tšoheng; e-eang, le bolelle banab’eso hore ba ee Galilea; ke moo ba tla mpona teng.”
Pejana, ha ho ne ho e-ba le tšisinyeho ea lefatše ’me mangeloi a itlhahisa, masole a mo lebetseng a ile a ba joaloka bafu. Ha a hlaphoheloa, hang-hang a ile a khutlela motseng ’me a bolella baprista ba baholo se etsahetseng. Ka mor’a ho kopana le “baholo” ba Bajode, ho ile ha etsoa qeto ea ho leka ho koahela taba ena ka ho neha masole tjotjo. A ile a laeloa: “E-reng: Barutuoa ba hae ba tlile bosiu, ba mo utsoitse re robetse.”
Erekaha masole a Roma a ka ’na a fumana kotlo ea lefu ka baka la ho robala libakeng tsa ’ona tsa bolebeli, baprista baa tšepisa: “’Me leha ’musisi a utloa taba eo [ea ho khaleha ha lōna], ke rōna re tla mo kholisa, re le sireletse.” Erekaha tjotjo e ne e le e ngata ka ho lekaneng, masole a ile a etsa joalokaha a laetsoe. Kahoo, tlaleho ea bohata ea ho utsuoa ha setopo sa Jesu e ile ea hasana hohle har’a Bajode.
Maria Magdalena, ea setseng lebitleng, o utloile bohloko haholo. Ekaba Jesu o hokae? Ha a nyarela ka lebitleng, o bona mangeloi a mabeli a apereng liaparo tse tšoeu, a itlhahisitseng hape! Le leng le lutse hloohong ’me le leng le lutse maotong moo setopo sa Jesu se neng se robetse teng. Aa botsa: “Mosali, u llela’ng?”
Maria oa arabela: “Ke kahobane ba tlositse Moren’a ka, ’me ha ke tsebe moo ba ’meileng teng.” Joale oa reteleha ’me o bona motho e mong ea boelang a pheta potso eo: “Mosali, u llela’ng?” ’Me motho enoa o boetse oa botsa: “U batla mang?”
Ka ho nahana hore motho enoa ke mohlokomeli oa serapa seo lebitla leo le leng ho sona, Maria o re ho eena: “Monghali, ha ekaba ke uena u mo tlositseng, mpolelle moo u ’meileng teng, ke tle ke ee, ke mo nke.”
Motho eo o re: “Maria!” ’Me hang-hang a tseba ka tsela e tloaelehileng eo a buang le eena ka eona hore ke Jesu. Oa hooa: “Rab·boʹni!” (ke hore “Moruti!”). ’Me ka thabo e khaphatsehang, oa mo tšoara. Empa Jesu o re: “Se nkame, hobane ha ke e-so ho nyolohele ho Ntate; u mpe u ee ho banab’eso, u re ho bona: Ke nyolohela ho Ntate, e leng le Ntat’a lōna, ho Molimo oa ka, e leng le Molimo oa lōna.”
Joale Maria o titimela moo baapostola le barutuoa ba bang ba bokaneng teng. O phaella ka tlaleho ea hae tlalehong eo basali ba bang ba seng ba fane ka eona mabapi le ho bona Jesu ea tsositsoeng. Empa ho bonahala eka banna bana, ba sa kang ba kholoa basali ba pele, le Maria ha ba mo kholoe. Mattheu 28:3-15; Mareka 16:5-8; Luka 24:4-12; Johanne 20:2-18.
▪ Ka mor’a ho fumana lebitla le se na letho, Maria Magdalena o etsa’ng, ’me basali ba bang ba ba le phihlelo efe?
▪ Petrose le Johanne ba arabela joang ha ba fumana lebitla le se na letho?
▪ Ke mang eo basali ba bang ba kopanang le eena ha ba le tseleng ba il’o tlalehela barutuoa ka tsoho ea Jesu?
▪ Ke eng se etsahetseng ho masole a lebetseng, ’me karabelo ea baprista tlalehong ea ’ona e ile ea ba efe?
▪ Ho etsahala’ng ha Maria Magdalena a setse a le mong lebitleng, ’me karabelo ea barutuoa litlalehong tsa basali baa ke efe?