Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 111
  • Moshemane ea Ileng a Khaleha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Moshemane ea Ileng a Khaleha
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nako eo ka Eona re Lokelang ho Lula re Falimehile
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • “Ha ke Molato oa Mali a Mang Kapa Mang”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Ba Robeheloa ke Sekepe Sehlekehlekeng
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Timothea—Mothusi e Mocha oa Pauluse
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 111

PALE EA 111

Moshemane ea Ileng a Khaleha

JOO! Ho etsahala’ng moo? Na moshemane eo ea rapaletseng fatše o tsoile kotsi e mpe? Bona! e mong oa batho ba tsoang ka tlung ke Pauluse! Na u bona le Timothea moo? Ebe moshemane eo o oele fensetereng?

E, ke sona se etsahetseng. Pauluse o ne a ntse a fa barutuoa ba mona Troase puo. O ne a tseba hore o tla boela a ba bona khale hobane o ne a lokela ho tsamaea ka sekepe letsatsing le latelang. Kahoo a ’na a bua ho fihlela bosiu bo boholo.

Moshemane enoa ea bitsoang Eutikase o ne a lutse fensetereng, eaba oa khaleha. A oela fatše a le fensetereng e mokatong oa boraro, a fihla a tabana fatše! Ke ka hona batho ba tšohileng hakana. Ha banna ba phahamisa moshemane eo, ba fumana eona ntho eo ba e tšohileng. Ba fumana hore o shoele!

Ha Pauluse a bona hore moshemane enoa o shoele, o robala holim’a hae ’me oa mo haka. Joale o re: ‘Le se ke la tšoha. O tla loka!’ Ehlile ho etsahala joalokaha a buile! Ke mohlolo! Pauluse o mo tsositse! Batho ba bangata ba thaba haholo.

Kaofela ba nyolohela kamoreng e ka holimo ’me baa ja. Pauluse o tsoela pele ho bua ho fihlela hoseng. Empa u ka kholiseha hore Eutikase ha a robale hape ho hang! Joale Pauluse, Timothea le ba tsamaeang le bona ba kena sekepeng. Na u tseba moo ba eang teng?

Pauluse o qetela leeto la hae la boraro la boboleli, ’me o ea hae. Leetong lena Pauluse o ne a lutse motseng oa Efese feela ka lilemo tse tharo. Kahoo lena ke leeto le lelelele ho feta la bobeli.

Ka mor’a hore a tlohe Troase, sekepe se ema Miletase ka nakoana. Kaha Efese e haufi le moo, Pauluse o romela hore banna ba baholo ba phutheho ba tle Miletase e le hore a bue le bona ka lekhetlo la ho qetela. Ka mor’a moo, ba utloa bohloko e le ruri ha sekepe se lokela ho tsamaea ’me ba bona Pauluse a tsamaea!

Qetellong sekepe se fihla Cesarea. Ha Pauluse a ntse a lula mona ha morutuoa Filipi, moprofeta Agabase o lemosa Pauluse. O re Pauluse o tla kenngoa teronkong ha a fihla Jerusalema. Ruri ho fela ho etsahala joalo. Ka mor’a lilemo tse peli a le teronkong Cesarea, Pauluse o isoa Roma ho ea qosoa ka pel’a Cesare, ’musi oa Roma. A re bone se etsahalang leetong lena la ho ea Roma.

Liketso khaolo ea 19 ho ea ho ea 26.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela