Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w11 10/1 maq. 24-25
  • Nako eo ka Eona re Lokelang ho Lula re Falimehile

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nako eo ka Eona re Lokelang ho Lula re Falimehile
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moshemane ea Ileng a Khaleha
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • “Ha ke Molato oa Mali a Mang Kapa Mang”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Ho Etsahala’ng ha Motho a Hlokahala?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • “Le Lule le Lebetse”!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
w11 10/1 maq. 24-25

Ruta Bana ba Hao

Nako eo ka Eona re Lokelang ho Lula re Falimehile

MOHLOMONG ua lumela hore ho lula u falimehile ha u le sekolong ke habohlokoa. Bana ba bangata baa robala ha ba le ka tlelaseng, empa hore u ithute, u lokela ho lula u falimehile. Mohlomong u boetse u ea libokeng moo u ithutang Bibele.

U nahana hore u ka etsa’ng e le hore u lule u falimehile?—a Tlhahiso e ’ngoe ke hore u robale e sa le ka nako bosiu. Mohlomong ho robala hakhutšoaane motšehare oa mantsiboea le hona ho ka u thusa. A re bone hore na re ka ithuta’ng ho se ileng sa etsahalla mocha e mong ea ileng a robala bosiu ha moapostola Pauluse a ntse a fana ka puo. Sheba ka Bibeleng ho Liketso khaolo ea 20, temaneng ea 7 ho ea ho ea 12, ’me u bone se ileng sa etsahala.

Pauluse o ne a etetse phutheho e motseng oa Troase o koung ea leoatle. Bibele e re Pauluse “o ne a tla tloha letsatsing le hlahlamang” ka sekepe. Kahoo o ile “a lelefatsa puo ea hae ho fihlela har’a mp’a bosiu.” Rea bala: “A lutse fensetereng, mohlankana ea itseng ea bitsoang Eutikase a tšoaroa ke boroko bo tebileng ha Pauluse a ntse a bua.” Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo?—

Eutikase o ile a oa a le fensetereng ’me “a oa mokatong oa boraro.” Pauluse le ba bang ba ile ba mathela mokatong o ka tlaase kapele kamoo ba neng ba ka khona. Eutikase o ne a rapaletse fatše, a shoele! Na u ka nahana kamoo ba neng ba utloile bohloko kateng?— Bibele e re Pauluse o ile a nka Eutikase ’me a mo kopa ka matsoho. Ka mor’a nakoana Pauluse o ile a hoeletsa ka thabo, a re: ‘Se tšoenyeheng, oa phela!’ Molimo o ne a tsositse Eutikase!

Re ka ithuta eng ka Molimo ho se ileng sa etsahalla Eutikase?— Seo re ithutang sona ke hore Jehova, Ntate oa rōna oa leholimo a ka tsosa bafu, ho akarelletsa le bana. Ka sebele, Jehova oa u utloisisa ’me o u rata esita le ho feta batsoali ba hao. Ha Jesu a ne a le lefatšeng o ile a bontša hore na Ntate oa hae o joang ha a kopa bana ba banyenyane ka matsoho ’me a ba hlohonolofatsa. O ile a boela a tsosa bana, ho akarelletsa le ngoanana ea lilemo li 12.

Ho tseba hore Ntate oa hao oa leholimo oa u rata, ho etsa hore u ikutloe joang?— Ka sebele ho etsa hore le rōna re rate Jehova re be re mamele seo A se buang. Na ua tseba hore na re ka bontša joang hore rea Mo rata?— Tsela e ’ngoe ke ka ho mo bolella hore rea mo rata. Jesu o ile a re: “Ke rata Ntate.” Leha ho le joalo, Jesu o ile a etsa ho fetang feela hore a re o rata Molimo. O ile a bontša seo ka liketso.

Jesu o ne a mamela Molimo. Jesu o ile a re: “Kamehla ke etsa lintho tse mo khahlisang.” Haeba re etsa se tšoanang, re tla leka ka hohle ho lula re falimehile nakong eo re lokelang ho falimeha, e le hore re thabise Jehova le Mora hae Jesu.

Bibeleng ea Hao Bala

  • Liketso 20:7-12

  • Luka 8:49-56

  • Johanne 8:29; 14:31

a Ha u bala sehlooho sena le ngoana, motoa o u hopotsa hore u etse khefu ’me u khothalletse ngoana hore a ntše maikutlo a hae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela