Khaolo ea 3
Na Malumeli a Lefatše a Fana ka Ketello Pele e Nepahetseng?
1. Ke lipotso life tsa bohlokoa mabapi le malumeli a lefatše tse hlahisoang moo?
THE WORLD BOOK ENCYCLOPEDIA, eitse: “Bolumeli ebile a mang a matla a matla ka ho fetisisa historing.”28 Empa na malumeli a lefatše ebile matla a ’nete bakeng sa khotso le tšireletseho? Na a rutile balateli ba oona hore lerato la boena le lokela ho phahamela meeli ea bochaba le ho se tšoane hoa merabe? Hape, na likereke tsa Bokreste-’mōtoana, tsa K’hatholike, Boprostanta le Orthodox, li ipakile li e-na le ’nete polelong ea tsona ea ho latela Jesu Kreste e le “Morena oa khotso”? Kapa ha e le hantle, li tlatselitse mahloeong a tšosang bokamoso ba motho? Ho talima tlaleho ho tla fana ka karabelo e makatsang.
2. Mehloli e sa tšoaneng e re bolella eng ka tlaleho ea histori?
2 Ntlheng ena, Parade Magazine eitse: “Histori e ruta ba utloisisang ho ithuta. E ’ngoe ea lithuto tsa bohlokoa ka ho fetisisa ke hore likhohlano tse theiloeng bolumeling le ho se tšoaneng hoa mekha ea bolumeli ke tsona tseo kamehla e leng tse mpe ka ho fetisisa, tse tšoarellang ka ho fetisisa le tse rarollehang ka thata ka ho fetisisa.”29 ’Me joalokaha Chicago Tribune e boletse: “Bolumeli bo bong le bo bong bo boholo bo bolela khotso le boena le mohau, empa leha ho le joalo likhatello tse ling tse sehlōhō ka ho fetisisa le tse sa mamelleheng ka ho fetisisa historing li ’nile tsa etsoa ka lebitso la Molimo.”30 Ho hopotsoe linnete tse joalo tsa histori, mohlophisi oa koranta C. L. Sulzberger o botsa ka nepo: “Le hoja taba e ka ’na ea e-ba e hanyetsehang—na ho ke ke hoa hlokomeloa hore ntle ho lisosa tse ling, bompoli, bomorabe, bosole—bolumeli bo hōletse ho ba tšokelo e khōlō e ntseng e tšosa bophelo ba batho?”31
3. Ke mokhoa ofe o lihlong oa bolumeli o senoloang ke histori ea lekholo la rōna la bo20 la lilemo?
3 E, histori e qaphalelitsoe ka mali a liqhoebeshano tse tšehelitsoeng ke bolumeli. Lekholong la rōna la lilemo feela, nakong ea lintoa tse peli tsa lefatše le kamorao ho tsona, re bone mekhoa e hlabisang lihlong ea balumeli ba bolaeanang—Mok’hatholike a bolaea Mok’hatholike, Moprostanta a bolaea Moprostanta, Mosolomane a bolaea Mosolomane, le ba bang. ’Me baruti ka mahlakoreng a hanyetsanang, le hoja e le ba bolumeli bo le bong, ba hlohonolofatsa mabotho ao haufinyane a neng a tla be a bolaea baena ba bona ba bolumeli.
4. (a) Ke hobane’ng ha likereke tsa Bokreste-’mōtoana li le molato ka ho fetisisa? (b) Tlhaloso e ’ngoe ea bohlophisi e itse’ng ka ntoa?
4 Har’a ba molato ka ho fetisisa tabeng ena, ke likereke tsa Bokreste-’mōtoana. Hobane’ng? Hobane li ipolela hore li emela Molimo oa Bibele le Mora oa oona Jesu Kreste, ea itseng: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Johanne 13:35) Leha ho le joalo, lipolao tse mpe ka ho fetisisa li etsahetse kahare-hare ho Bokreste-’mōtoana. Joalokaha bohlophisi ba Waterloo Courier ea Iowa bo ile ba bolela: “Leha e le hore Bakreste ba kile ba seoa ke letsoalo la ho loantša Bakreste ba bang. Hoja ba etsa joalo, boholo ba lintoa tse matla ka ho fetisisa Europo bo ka be bo sa etsahala ho hang. . . . Lintoa tsa Lefatše ea I le ea II, tse ileng tsa ipabola ka litlaleho tsa Bakreste ba bolaeang Bakreste, li ka be li sa etsahala ho hang.”32
5. (a) Bibele e bolela eng ka ho hlaka ka ba sebeletsang Molimo kannete? (b) Litho tsa kereke li tlameha ho tobana le potso efe ka kereke ea tsona?
5 Tabeng ena, Bibele e hlakile: Ba sebeletsang Molimo kannete ba bolelloa hore ‘ba batle khotso, ba e phehelle,’ hore ba ‘tee liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma,’ le hore ‘ba se hlole ba ithuta ho loana.’ (1 Petrose 3:11; Esaia 2:2-4) “Re ratane, ’me re se ke ra ba joale ka Kaine, e neng e le oa e mobe [Satane Diabolose], ’me a bolaile ngoan’abo.” (1 Johanne 3:10-12) Empa balateli ba malumeli a lefatše lena ba ntse ba bolaea banab’abo bona, joaloka Kaine, ’me baruti ba bona ba tšehelitse ba phehellang tsela eo. Kahoo, haeba u le ua bolumeli, ipotse: ‘Haeba bohle lefatšeng e ne e le ba bolumeli ba ka, na lintoa li ka be li khaolitse ’me na lefatše lee hona joale e ka be e le sebaka sa khotso ea ’nete?’
6. Boemo ba karohano le ba ntoa ba malumeli a lefatše bo paka eng?
6 Boemo ba karohano le ba ntoa ba malumeli a lefatše bo paka hore Molimo hase motšehetsi oa oona. Hona ho ka ’na hoa tla e le mohlolo ho ba nahanang hore bolumeli bohle bo tlameha bo be bo lokile kaha bo ipolela hore bo emela Molimo. Empa, Bibele e bontša ka ho hlakileng hore: “Molimo hase Molimo oa mofere-fere, empa e le oa khotso.” (1 Ba-Korinthe 14:33) Hape e bontša hore ho na le bolumeli ba ’nete le ba bohata. ’Me e bolela hore ke feela bolumeli bo theiloeng ’neteng, bo lokolohileng boikaketsing, bo tšehelitsoeng ke Molimo.—Mattheu 15:7-9; Johanne 4:23, 24; Tite 1:16.
7. (a) Bibele e sebelisa tlhaloso efe ho hlalosa malumeli a lefatše? (b) A nģosoa ka molato ofe?
7 Ka lebaka la hobane bolumeli ba lefatše, ha e le hantle, bo itšilafalitse ka lebaka la phaello ea lipolotiki, khoebo, le kahisano, Bibele e bo tšoantša le seotsoa. Ha e hlalosa “seotsoa” sena, e re: “Ke ho oona ho fumanoeng mali . . . a bohle ba bolailoeng lefatšeng.” (Tšenolo 17:1-6; 18:24) E, malumeli a lefatše lena a na le molato o moholo oa mali kamanong le lipolao tsohle tsa histori ea lefatše! Ka lebaka la sena bo tla biletsoa hore bo ikarabelle.
8. Mantsoe a Jesu mabapi le “lifofu tse tsamaisang” a sebetsa joang kajeno?
8 Ka ho hlakileng, bolumeli leha e le bofe boo mekhoa ea bona e hananang le Bibele bo ne bo ke ke ba atleha ho etella batho pele ho ea khotsong ea ’nete le tšireletseho. Ke ka lebaka leo Jesu a buileng tjena ka baeta-pele ba bohata ba bolumeli ba mehleng ea hae: “Ke lifofu tse tsamaisang lifofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, li tla oela sekoting tse peli.” (Mattheu 15:14) Ka ho tšoanang, malumeli a lefatše kajeno ke “lifofu tse tsamaisang” tabeng ea ntoa le litabeng tse ling tsa bohlokoa tsa bophelo.
Na Malumeli a Lefatše a Hōlisa Boitšoaro?
9, 10. (a) Ke hobane’ng ha ho tšoarella litekanyetsong tsa ’nete tsa boitšoaro e le hoa bohlokoa bakeng sa khotso le tšireletseho? (b) Joalokaha ho rutoa ka Bibeleng, ke eng e ntšetsang pele boitšoaro bo joalo?
9 Na ho na le ea ka thabelang khotso ea ’nete le baahelani ba hae kapa tšireletseho ea sebele haeba ho sa bolokoe litekanyetso tsa ’nete tsa boitšoaro? Moo ho seng litekanyetso tse joalo, ho tloaelehile ho qala leshano, ho utsoa, bofebe, le mekhoa e tšoanang le eo. Ka lehlakoreng le leng, lerato la ’nete ho eo ho ahisanoeng le eena, le lokela ho hōlisa boitšoaro.
10 Bibele e hlalosa pono ea Molimo ka boitšoaro ka tsela ena: “Ea ratang ba bang ke eena ea phethileng molao. Hobane melao e reng: U se ke ua feba, u se ke ua bolaea, u se ke ua utsoa, u se ke ua bea bopaki ba bohata, u se ke ua lakatsa ntho ea e mong, leha e le melao efe le efe e sa leng teng, e akarelitsoe ke polelo ena e reng: Rata oa heno, joale ka ha u ithata. Lerato ha le etse oa habo motho hampe.”—Ba-Roma 13:8-10.
11, 12. (a) Na motho ea sa tšoarelleng litekanyetsong tsa boitšoaro a ka lebella ho thabela khotso le Molimo? (b) Ka nepo litekanyetso tseo li beoa ke mang?
11 Leha ho le joalo, hoa bohlokoa haholo ho feta sena, na u lumela hore motho a ka ba khotsong le Molimo, a e-na le tiiso ea mohau oa Oona le tšireletso, haeba a sa sebelise litekanyetso tsa Molimo tsa boitšoaro? Na u ka hlompha Molimo o nong o sa tl’o hloka boitšoaro bo joalo ho ba ipolelang hore baa o sebeletsa?
12 Hore Molimo o hloke hore ho khomareloe litekanyetso tsa oona, o ne o tla lokela ho hlakisa hore na litekanyetso tseo ke life. Hoo o ho entse Lentsoeng la oona, Bibele. (2 Timothea 3:16, 17) Ho bolela hore motho e mong le e mong o lokela ho iketsetsa litekanyetso tsa hae tsa boitšoaro ’me a ee ka tsona ke ho sa utloahaleng joaloka ho re motho e mong le e mong o lokela ho iketsetsa melao ea hae ea sephethe-phethe ’me a ee ka eona. U-ua tseba hore na phello e ne e tla ba efe. Ka ho utloahalang Bibele e bontša hore ho na le tsela e le ’ngoe feela e tlisang kamohelo ea Molimo. Joalokaha Jesu a boletse, litsela tse ling tsohle li isa feela timelong.—Mattheu 7:13, 14; Luka 13:24.
13-15. (a) Ke lipotso life ka boitšoaro tseo ho hlokahalang hore li botsoe mabapi le litho tsa kereke ea motho? (b) Bibele e re ho lokeloa hore ho etsoe joang ka setho sa phutheho se phehellang ho tlōla melao ea Molimo? (c) Na hona hoa etsoa likerekeng?
13 Na likereke tsa Bokreste-’mōtoana, haholo-holo, li phahamisa litekanyetso tsa Molimo tsa boitšoaro ’me ka hoo li etella lefatše lohle pele? Bophelo ba ba bangata ba likereke tseo bo senola eng? Na u setho sa kereke? Joale ipotse: ‘Haeba bohle lefatšeng ba ne ba phela joaloka litho tsa bolumeli ba ka, na hoo ho ne ho tla felisa bonokoane, mekhoa e sa tšepahaleng ea khoebo, qhoebeshano, le boitšoaro bo bobe ba botona kapa botšehali?’
14 Bibele e lemosa hore “tomoso e nyenyane e hohomosa hlama kaofela” le hore “litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.” (Ba-Galata 5:9; 1 Ba-Korinthe 15:33) Ka lebaka lena e boetse e laela Bakreste hore “le se ke la kopana le ea ipitsang moena, e leng mofebi, kapa ea lakatsang leruo, leha e le ea rapelang melimo, leha e le moetselletsi, kapa letahoa, kapa lesholu; ea joalo, le ho ja, le se n’o ja le eena. . . . Tlosang e mobe har’a lōna.”—1 Ba-Korinthe 5:11-13.
15 Ke ’nete, motho a ka ’na a nka mohato o fosahetseng ’me a hlaphoheloa. Empa ho thoe’ng ka ba itloaetsang lintho tse joalo? Haeba batho bana ba ipolela hore ba sebeletsa Molimo, ke baikaketsi. Ka sebele u hloile boikaketsi, ’me Bibele e bontša hore Molimo le oona o bo hloile le ba bo etsang. (Mattheu 23:27, 28; Ba-Roma 12:9) Ho thoe’ng he, ka bolumeli ba hao? Na bo latela taelo ea Bibele ea ‘ho tlosa’ ba phehellang ho tlōla melao ea Molimo le ba sa bontšeng pako ea ’nete? Kapa na e lumella ba joalo hore ba lule ba ntse ba le boemong bo botle, kahoo ba bea ba bang kotsing? Na boitšoarong bo etsa tšebeletso ea molomo feela ha, ha e le hantle bo iphapanyetsa liphoso, kapa bo bile bo li thooletsa?—Mattheu 15:7, 8.
16. (a) Baruti ba bangata ba re’ng hona joale ka boitšoaro ba likamano tsa botona kapa botšehali? (b) Bibele e re’ng ka boitšoaro bo joalo?
16 Baruti ba ntseng ba eketseha ba bolela hore bohlola, bofebe, le bosodoma ha li hlile ha li phoso hakaalo. Empa ha ba tumellanong le monahano oa Molimo. Lentsoe la oona le bolela ka ho hlaka: “Le se ke la lahleha: Ha e le ba litšila, ha e le ba rapelang litšoantšo, ha e le babōki le bafebi, leha e le basodoma, le masholu, le ba lakatsang leruo, le matahoa, le ba sebang ba bang, le ba utsoang, ba joalo ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo.”—1 Ba-Korinthe 6:9, 10.
Litholoana tsa ho Hana Lentsoe la Molimo
17-19. (a) Moapostola Pauluse o ne a talima Bibele joang? (b) Baruti ba bangata kajeno ba talima Bibele joang?
17 Lebaka la sehlooho leo ka lona malumeli a lefatše lena a leng boemong bo bobe hakana ba karohano le ho se laolehe ke hobane a hlokomoloha melao ea Molimo joalokaha e fumanoa Lentsoeng la oona, Bibele. Ka sebele, baruti ba bangata ba hana Bibele hore hase Lentsoe le bululetsoeng la Molimo. Empa, moapostola Pauluse ea bululetsoeng o itse: ‘Lengolo lohle le bululetsoe ke moea oa Molimo.’ (2 Timothea 3:16) Pauluse o boetse a re phehella hore re amohele Bibele “e seng joale ka hoja e le lentsoe la batho, empa . . . lentsoe la Molimo, joale ka ha e le lona ka sebele.” (1 Ba-Thessalonika 2:13) Ka sebele, Jehova Molimo, ’Mōpi ea Matla ’Ohle oa bokahohleng bo tšabisang, o ne a ka qapa buka ’me a bona hore e boloka botšepehi ba eona ho theosa le makholo a lilemo!
18 Leha ho le joalo, New Catholic Encyclopedia e re: “Lipolelo tse ngata tsa Bibele ho hang hase ’nete ha li ahloloa ho latela tsebo ea kajeno ea thuto ea mahlale le ea histori.”39 Ha a ngola ho U.S. Catholic, moprista o boletse hore pōpo ea lefatše e ne e ke ke ea etsahala ka tsela e hlalositsoeng ho Genese. ’Me ka tlaleho ea eona ka pōpo ea motho, o itse: “Morabe oa motho ha o-oa qaleha ka tsela eo.”40 Mobishopo oa Episkopale o itse: “Bibele e na le liphoso, ho se nepahale le ho ikhanyetsa. Ka lebaka leo, ke ho utloahalang hore na ke hobane’ng ha likereke tse khōlō tsa Bokreste li sa talime Bibele e le e se nang phoso.”41 Engelane, mobishopo oa Chache o itse tsoho ea Kreste ke “malepa a litaola tsa masapo.”42
19 Ka hona, baruti ba bangata ba nyenyefatsa Bibele kapa ha ba rute balateli ba bona hore ba e hlonephe le ho latela melao ea Molimo e ka ho eona. Leo ke lebaka la sehlooho la ho hloka tsebo ho sisimosang ka Lentsoe la Molimo ho tletseng har’a Bokreste-’mōtoana. Motlalehi oa bolumeli M. J. McManus o ile a ngola sena ka ba kenang kereke: “Ke mekhoa e seng mekae bolumeling e sokelang hore ka bo-1980 e ka senya bolumeli bo hlophisitsoeng ho feta boemo bo soabisang ba tsebo ea Bibele.” O ile a hlokomela hore “Bibele e ntse e le tokomane e sa baloeng le esele” ho ba bangata ba kenang likereke.43
20, 21. Liphello tsa ho hana lithuto tsa Bibele ebile life?
20 Litholoana tsa see sohle ebile life? Na malumeli a lefatše a bontšitse hore a ka nyenyefatsa lithuto tsa Bibele ’me a ’na a hlahisa khotso kapa boitšoaro bo botle har’a bakhomareli ba oona? Ho fapana le moo, maemo a ntse a mpefala lefatšeng ka bophara. Lichaba tse nang le malumeli ao e seng a Bokreste li ntse li fetoha ka ho eketsehileng tse nang le pherekano, karohano, tšenyeho ea bopolotiki le boitšoaro bo hlephileng. Empa haholo-holo Bokreste-’mōtoana ke bona bo amehileng ka ho fetisisa ke bonokoane, boitšoaro bo bobe, temallo ea lithethefatsi, qhoebeshano ea merabe le ntoa. Ho bile joalokaha Lentsoe le tšepahalang la Molimo le profetile: “Ba khesitse lentsoe la Jehova, ba na le bohlale bofe?”—Jeremia 8:9.
21 Bopaki bo ke ke ba latoloa. Bo bontša hore malumeli a lefatše lena hase matla a ’nete bakeng sa khotso le tšireletseho. ’Me a siile balateli ba oona ba sa tsebe tšepo ea ’nete—’Muso oa Molimo. Joale hoo hohle ho bontša eng?
Bofelo ba Malumeli a Lefatše bo Haufi
22, 23. Bibele e re malumeli a bohata a lefatše lee a tleloa ke eng?
22 Jesu Kreste o itse: “Setlama se seng le se seng se sa hlongoang ke Ntate ea maholimong, se tla fotholoa.” (Mattheu 15:13) Tholoana e mpe e hlahisitsoeng ke malumeli a lefatše lena e paka hore ha a ea lengoa ke Molimo. Ka hona, Bibele e profeta timetso e tlang ea litsamaiso tsohle tsa bohata tsa borapeli.
23 Ha o bua ka litsamaiso tsena tsa bolumeli ka tšoantšetso ea “Babylona e moholo” ea kang seotsoa, Molimo o bolela se latelang mabapi le ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata: “Libe tsa hae li se li kolohane ho ea fihla leholimong, ’me Molimo o hopotse makhopo a hae. . . . likotsi tsa hae li tla hlaha ka tsatsi le le leng, lefu, bofifi, le tlala, ’me o tla chesoa ka mollo; hobane o matla, [Jehova] Molimo o mo ahlolang.”—Tšenolo 18:2, 5-8.
24. Timetso e joalo e tla tla joang, hona e tsoa mohloling ofe?
24 Hlokomela hore timetso ena e tla tla ka tšohanyetso e makatsang, joalokaha eka ke ka “tsatsi le le leng.” Ho makaleng le ho nyahameng hoa batho ba bangata, bolumeli ba bohata bo tla timetsoa, bo senngoe, ke tsona lichaba tsa bopolotiki tseo bo ’nileng ba itšilafatsa ka tsona.—Tšenolo 18:10-17, 21; 17:12, 16.
25. (a) Ho Tšenolo 18:4, batho ba lakatsang ho amoheloa ke Molimo ba phehelloa ho etsa joang? (b) Ke eng e lokelang ho susumeletsa motho hore a nke bohato bo joalo?
25 Ka baka leo pitso ea bomolimo ke e reng: “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae.” (Tšenolo 18:4) Ho nka bohato bo joalo ho bolela hore motho o bona bolumeli ba bohata ka leihlo la Molimo. Ho bolela hore motho o bo nyatsa ka lebaka la litholoana tsa bona tse bolileng, boikaketsi ba bona, le tumela-khoela ea bona. Lehloeo le lokela ho utluoa ka baka la tsela eo bolumeli ba bohata bo emetseng Molimo hampe ka eona ka pel’a batho le ka baka la tsela eo bo tlatselitseng ka eona mahlomoleng le khatellong ea batho. (Ba-Roma 2:24; Jeremia 23:21, 22) Haeba u hlokomela sena, ho hang u ke ke ua hlola u tšehetsa malumeli a joalo, kahoo u bontša hore ka botlalo u tšehetsa kahlolo ea Molimo ho oona.
26. (a) Ho phaella moo, motho o tlameha ho fumana eng haeba a tla thabela khotso ea Molimo le tšireletso? (b) Motho o lokela ho batla batho ba mofuta ofe ha a batla ho fumana ba sebelisang borapeli ba ’nete?
26 Leha ho le joalo, ha hoa lekana hore u tlohe feela. U tlameha ho batla ’me u fumane borapeli ba ’nete, boo e seng ba boikaketsi bo tla u tlisetsa khotso ea Molimo le tšireletso ha timetso e profetiloeng e e-tla. Ba kopanelang borapeling bo joalo ba ’nete e tlameha ho ba batho ba seng ba ‘teile liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma ’me ba se ba sa ithute ntoa.’ (Esaia 2:4) E tlameha ho ba batho ba lumelang Lentsoe la Molimo ’me ba le phelela, ba le lumella hore e be matla a tataisang bophelong ba bona. (Pesaleme ea 119:105) Ba tlameha ho bontša lerato la ’nete, le se nang boikaketsi bakeng sa batho ba bang. (Johanne 13:35; Ba-Roma 13:8) Na borapeli bo joalo bo teng kajeno? Ba limillione ba bo fumane har’a Lipaki tsa Jehova. Lefatšeng lohle li tsejoa ka ho khomarela hoa tsona melaong ea Molimo joalokaha e fumanoa ka Bibeleng. ’Me khotso le tšireletseho tseo li li thabelang leha e le hona joale li phahamisa bonnete le matla tsa Lentsoe la Molimo.
27. U tla tseba ho bona eng hantle ka ho ba teng libokeng tsa Lipaki tsa Jehova Holong ea ’Muso ea tsona?
27 Lipaki tsa Jehova li amehile ka botebo ka boemo bo kotsi boo bolumeli ba bohata bo kentseng batho ho bona. Ka tieo li leka ho etelletsa pele Lentsoe la Molimo bophelong ba tsona. U mengoa ho shebella libokeng tsa tsona Holong ea ’Muso ea tsona e haeno ’me u batlisise ka bouena hore na li bonahatsa moea oa Molimo hakae le ho thabela khotso le tšireletseho tse tlisoang ke oona. Hape u tla bona kamoo li ithutang le ho sebelisa seo Molimo o se hlokang ho ba tla pholoha timetso e tlang ’me ba phele Tsamaisong e Ncha ea oona ea ho loka tlas’a puso ea ’Muso oa oona oa leholimo.
[Lebokose le leqepheng la 29]
Baruti ba eketsehileng ba amohela seo Bibele e se nyatsang ka hore ke boitšoaro bo bobe ba botona kapa botšehali, joalokaha lihlooho tsena tsa mohlala le litaba li bontša:
“Ha Ntho e Mpe e Fetoha e Ntle Baruti ba Tla Re Bolella.” “[Kereke ea Chache] hona joale e hlobola matla a eona a nakong e fetileng. Likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo le molekane a le mong kapa ba bangata, . . . ho tloha joale li tla nkoa e le tse amohelehang boitšoarong.”—Alberta Report.33
“Baruti ba Khutsitse ka Likamano tsa Botona le Botšehali Pele ho Lenyalo.” “Baruti ba Amerika ba thotse ka boetsalibe ho boleleng ka likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo . . . ba tšaba hore ba tla lahleheloa ke litho tse ling tsa lipharishe tsa bona. Esaia o tsebile ka baprista ba joalo. Khaolong ea 1 ea buka ea hae o qotsa Morena a re ka bona, ‘Ke tla le patela sefahleho sa ka; leha le ka etsa lithapelo tse ngata, nke ke ka mamela; matsoho a lōna a tletse mali.’ ”—Telegraph, North Platte, Nebraska.34
“Bofebe Leseling le Lerootho.” “Moruti oa Lenyesemane . . . o ile a nyarosa batho ha a hlahisa pono e fetohileng ea Kereke mabapi le Molao oa Bosupa. . . . ‘Boikutlo ba rōna ke hore re be ba nahanelang ho e-na le ba ahlolang,’ kamoo a boletseng.”—The Sunday Times, Perth, Australia.35
“Bo-nkele ba Thooletsa Manyalo a Basodoma.”—The New York Times.36
“Boikopanyo ba Kereke e Kopaneng ea Canada bo tšehelitse ho tlotsoa hoa basodoma e le basebeletsi.”—The Toronto Star.37
“Botekatse bo amoheloe ka molao—Ke Pheko e Halalelang.”—Maikutlo a bohlophisi ka Mobabatsehi oa K’hatholike ho Philadelphia Daily News.38
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Baruti ba ikhanathisitse mali matsohong ka ho tšehetsa bahatelli