Khaolo ea 4
Timetso ea Lefatše Pele—Joale Khotso ea Lefatše
1-3. (a) Timetso ea lefatše eo baeta-pele ba lefatše ba lemosang ka eona ke eng? (b) Ke hobane’ng ha seo e se sona seo Bibele e buang ka sona e le timetso ea lefatše e tla hleka tsela bakeng sa khotso le tšireletseho ka nako e telele?
HO LATELA boprofeta ba Bibele, pele motho a ka thabela khotso e tšoarellang, lefatše le tlameha ho timetsoa pele. (2 Petrose 3:5-7) Empa ke hobane’ng ha hoo ho hlokahala? Timetso e tsoa hokae? ’Me e bolela eng bakeng sa batho ba lefatšeng lee?
2 Pele, ho hlokahala hore re utloisise hore timetso ea lefatše e profetoang ke Bibele ha e tšoane le koluoa ea lefatše eo baeta-pele ba bangata ba lefatše, bo-ramahlale, le ba bang ba hlokomelisang ka eona. Tlokotsi eo ba buang ka eona e tla tla e le koluoa e ’ngoe e tlisoang ke batho ka lintho tse kang tšilafatso kapa tlhōlisano ea lihlomo tsa nuclear, kapa ka bobeli. Empa, ha e le hantle, koluoa e joalo e ne e tla sia ho se tšepo ea letho bakeng sa khotso le tšireletseho tsa nako e telele lefatšeng lena.
3 Lefatše le ne le tla senngoa bakeng sa libopuoa tse phelang. Ka mohlala, mocheso oa nuclear kapa hoo ho boleloang hore ke “mariha a nuclear” li ne li tla sia baphonyohi ba se molemo ka letho—haeba ba se boemong bo bobe ho feta ba shoeleng. Ho phonyoha e ne e tla ba haholo taba ea tšohanyetso, le hoja ho bonahala bafumanehi e ne e tla ba ba pele ho utloa bohloko. Ke tšepo efe eo uena u neng u tla ba le eona ea hore u tla ba har’a baphonyohi ba koluoa e joalo? ’Me le haeba u ka pholoha, ke tšepo efe e neng e tla ba teng ea hore bophelo bo ne bo ke ke ba boela ho se tsitseng ho tletseng qhoebeshano ho busang hona joale?
Seo Bibele e se Profetang se Fana ka Tšepo
4. Ho tla timetsoa bo-mang timetsong ea lefatše eo Bibele e buang ka eona?
4 Se etsang hore timetso e profetoang ke Bibele e be e fapaneng ke hore e tla khetha, e etsoe ka morero. E ke ke ea e-ba tlokotsi e ’ngoe e tlang e le tlhoro ea liphoso tse entsoeng ke motho. Ho e-na le ho bolaea ntle ho khethollo, e tla felisa feela ba hlileng ba lokelang ho senngoa lefatšeng. Timetso ea lefatše ea mofuta ona e tumellanong le motheo oa bomolimo o ho Liproverbia 2:21, 22: “Hobane ba lokileng ba tla aha lefatšeng; ba hloekileng ba tla le rua. Empa ba babe ba tla khaoloa holim’a lefatše, ba lonya ba fotholoe ho lona.”
5, 6. (a) Ho tla etsahala joang ka lefatše ka bolona nakong ea timetso ea lefatše? (b) Ntlheng ena, ho tla ba “joale ka ha ho bile mehleng ea Noe” joang?
5 Ke eng, he, e tla timetsoa? Ba bangata ba nahana hore Bibele e profeta ka Lefatše le tla chesoa ka ho feletseng le sohle se ho lona. Empa ha ho joalo. Jesu Kreste ka boeena o itse: “Ho lehlohonolo ba bonolo; hobane ba tla ja lefa la lefatše.” (Mattheu 5:5) Ka sebele “lefa” leo e ke ke ea e-ba lehōkō le se nang bophelo! Bibele e boetse e fana ka tiiso e tiileng ea Molimo ea hore lefatše le tla hlola ka ho sa feleng e le sebaka seo batho ba phelang ho sona.—Pesaleme ea 104:5; Esaia 45:18; Mattheu 6:9, 10.
6 Tumellanong le sena, Bibele e bua ka baphonyohi ba tla sala lefatšeng hoba ‘mahlomola ao a maholo’ a fete. Jesu Kreste o boletse hore “joale ka ha ho bile mehleng ea Noe, le ho tleng ha Mor’a motho ho tla ba joalo.” Ha lefatše le timetsoa mehleng ea Noe, ho na le ba ileng ba phonyoha.—Mattheu 24:21, 37; 2 Petrose 2:5, 9; Tšenolo 7:9, 10, 13, 14.
7. Ho tla felisoa eng ka nako eo?
7 Ke eng e tla timetsoa? Ke tsamaiso ea lefatše ka bophara ea lintho eo batho ba e hahileng lefatšeng—hammoho le bohle ba e phahamisang ho e-na le ho sheba ho Molimo le puso e tšepisitsoeng ea oona bakeng sa lefatše. (Pesaleme ea 73:27, 28) Ke ka lebaka leo poleloana “ho fela ha lefatše,” e fumanoang liphetolelong tse ling tsa Bibele, e fetoleloang ka mokhoa o nepahetseng haholoanyane Libibeleng tse ling e le “bofelo ba mehla” (TLP, NE) “phetho ea mehla” (Ro), “bofelo ba tsamaiso ea lintho” (NW).—Mattheu 24:3.
8. (a) Timetso e tla hlaha mohloling ofe? (b) Hona ho tlameha ho etsahala pele tsamaiso ea hona joale ea lefatše e fihla boemong bofe?
8 Mohloli oa timetso e tlang ea lefatše—e ke ke ea e-ba batho—empa Jehova Molimo. Tšenyo ea kajeno ea tšilafatso, tlala, tšoso ea nuclear, le lintho tse joalo tse hlahisitsoeng ke ho hloka tsebo, liphoso, le tšenyeho ea batho hase tsona tse tla tlisa timetso. Ho e-na le hoo, tsena ke bopaki ba boithati le tlhōleho e feletseng ea tsamaiso ea hona joale ea lefatše. Li fana ka sesosa se loketseng hore Jehova Molimo a felise tsamaiso eo ka ho feletseng. O tšepisa hore o tla nka bohato bo joalo pele lefatše la hona joale le fihla boemong ba ho oa kapa pele lona le itimetsa. (Tšenolo 11:17, 18) Empa na bohato bo matla hakaalo ke bona feela tsela ea sebele?
Lebaka leo ka Lona Tsamaiso Ena e Tlamehang ho Fela Hore Khotso ea ’Nete e be Teng
9, 10. Histori ea batho e bontša joang hore ho hlokahala ho hong ho matla haholoanyane ho feta feela ho ntlafatsa lefatše la joale?
9 Ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore Molimo o lokela hore feela o etse liphetoho tsamaisong ea hona joale, ho e-na le hore o e senye. Empa Bibele e bontša hore ka ho utloahalang Molimo o hlokomela hore ha e na bolokiso.
10 Inahanele ka liphetoho tse ngata tseo batho ba ’nileng ba li etsa ho theosa le makholo a lilemo. Nahana ka puso ea mefuta eohle e fapa-fapaneng eo batho ba ’nileng ba e ntšetsa pele. Ho bile le mebuso ea metse, ea marena, ea sechaba ka sechaba, ea bokomonisi le ea bohatelli. Hopola hore na ke hangata hakae ’musi ea teng kapa ’muso o ’nileng oa nkeloa sebaka ka o mocha—ka likhetho, ho ketoloa ka likhoka, kapa phutuhelano. Empa leha ho le joalo ha hoa ba le pheko ea nako e telele mathateng a batho. Le bona batho ba nang le merero e metle ba lekang ho ntlafatsa seo motho a leng sona ba fumana boiteko ba bona bo senngoa ke tsamaiso ea lintho eo ba iphumanang ba lohelletsoe ho eona. Joalokaha morena ea bohlale oa boholo-holo a ile a sibolla, ka boiteko ba motho feela “ho khopameng ho ke ke ha inamoloha.”—Moeklesia 1:14, 15.
11-13. (a) Ke eng se thibelang batho hore ba ka etsa liphetoho tsamaisong ea hona joale molemong oa batho bohle? (b) Kahoo, ho ka bontšoa joang hore na ho hlokahala phetoho e kae?
11 Ka mohlala, metse ea lefatše e hlasetsoe ke mathata. Empa batho ba ke ke ba a rarolla ’me ba qalisa bocha. Ho joalo ke ’nete ka tsamaiso eohle ea moruo le ea mesebetsi e meholo ea khoebo ea lefatše. Boikhabi le bochaba li sitisa le ho thibela phetoho leha e le efe ea sebele e molemong oa batho ka kakaretso.
12 Ka hona tsamaiso eohle ea lintho e tšoana le ntlo e hahiloeng motheong o mobe, ka polane e mpe, ’me e hahiloe ka thepa e fokolang. Ho bea thepa ea ntlo hantle, kapa ho nchafatsa ntlo ho ka ba le molemo ofe? Hafeela e ntse e eme, mathata a tla ’ne a tsoelepele, ’me ntlo e tla ’ne e senyehe ho ea pele. Ntho feela e nang le kelello e ka etsoang ke ho qhaqha ntlo le ho haha e ’ngoe motheong o motle.
13 Jesu Kreste o sebelisitse papiso e batlang e tšoana le seo ha a re batho “ha ba tšèle veine e ncha makukeng a khale.” Makuka a khale a ka phatloha ke veine e ncha. (Mattheu 9:17) Ka baka leo ha a ka a leka ho nchafatsa tsamaiso ea lintho ea Sejode eo a neng a phela tlas’a eona. Ho e-na le hoo, o ile a bolela ’Muso oa Molimo e le oona tšepo feela bakeng sa khotso le tšireletseho. (Luka 8:1; 11:2; 12:31) Kahoo, le mehleng ea rōna, Jehova Molimo a ke ke a lokisa feela tsamaiso ea hona joale ea lintho, hobane hoo ho ke ke hoa tlisa molemo oa nako e telele.
14. Na ho fetisoa hoa melao e mecha ho ka etsa hore batho ba rate ho loka?
14 Lentsoe la Molimo le hatisa ’nete ea hore ho ke ke hoa etsahala hore ho loka ho kenngoe lipelong tsa batho. Haeba ba sa rate se lokileng, ha ho molao leha e le ofe o tla se kenya teng. Ho Esaia 26:10 rea bala: “Motho e mobe ha a ka hauheloa, a ke ke a ithuta ho loka; esita leha a le naheng ea toka, e ’ne e be motho ea khopo, ’me ha a talime boholo ba Jehova.”—Bapisa Liproverbia 29:1.
15, 16. Khaello ea lerato la ’nete la ho loka ka lehlakoreng la batho ba bangata e bontšitsoe joang karabelong ea bona thatong ea Molimo?
15 ’Nete e bohloko ke hore batho ba bangata ba ikhethela ho lula le tsamaiso ena ea hona joale ho sa tsotellehe ho hlōleha le bobe ba eona. Ha ba batle ho retelehela ho lokeng le ho ikokobeletsa puso e tsoang ho Molimo. Ba ka ’na ba bona tšenyeho ea litsamaiso tsa lipolotiki tsa lefatše lena, lefeela la lintoa tsa lona, boikaketsi ba malumeli a lona, le bopaki bo totobetseng ba hore boqapi ba lona ba tsa mahlale bo bakile le mathata a maholoanyane ho feta ao bo a rarollotseng. Empa ho sa tsotellehe sena sohle, ba bangata ba ikhethela ho koieeletsoa boikutlong ba bohata ba tšireletseho ke baeta-pele ba bolumeli le ba lipolotiki bao lithahasello tsa bona li leng feela ho bolokeng boemo ba litaba ba hona joale. Ba tšoana le Baiseraele bao Molimo o itseng ka bona: “Baprofeta ba profeta leshano, baprista ba busa hammoho le bona, ’me sechaba sa ka se ikhahlisetsa teng. Le tla etsa’ng qetellong?”—Jeremia 5:31; Esaia 30:12, 13.
16 Mohlomong u tseba batho ba nang le mekhoa e beang bophelo ba bona le tšireletseho ea bona le ea malapa a bona kotsing. Empa leha ho le joalo ba hana boiteko bohle ba ho ba thusa hore ba fetohe. Empa ha batho ba hana keletso le tataiso tsa Molimo, taba e tebile haholoanyane. Ba etsang joalo ba bontša hore ho hang ha ba rate ’nete le ho loka. Ka ba joalo Jesu o itse: “Pelo ea sechaba sena e nonne; litsebe tsa bona li utloa ka thata, ’me ba pompalitse mahlo a bona, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba se ke ba utloa ka litsebe, ba se ke ba utloisisa ka lipelo, ba se ke ba sokoloha ’me ke [Molimo] se ke ka ba folisa.”—Mattheu 13:15.
17. Haeba ke ’nete hore Molimo ha o thabisoe ke ho timetsa batho, ke hobane’ng ha o tla ho etsa?
17 Ka nepo, mamello ea Molimo le mohau oa oona li na le moeli. Haeba ho se joalo, lerato la oona bakeng sa ba lokileng le ne le tla ba hokae? O ke ke oa ithiba tsebe mehoong ea bona ea hore ba lopolloe mahlomoleng ao bokhopo bo a tlisetsang lefatše lena. (Luka 18:7, 8; Liproverbia 29:2, 16) Kahoo, maemo a hloka hore ho be le timetso ea lefatše. A qobella Molimo hore o nke bohato haeba o tla lula o e-na le ’nete ho se nepahetseng le haeba o tla bontša qenehelo ho ba ratang ho loka. Hase taba ea hore Molimo o khahlisoa ke ho timetsa batho. “Hleka nka thabela lefu la e mobe? ho botsa Morena Jehova. Ha ke re: Nka mo thabela, ha a ka kheloha litsela tsa hae, a tle a phele na? . . . Ha ho le joalo, sokolohang, le tle le phele.”—Ezekiele 18:23, 32.
18. Theko e tlamehang ho lefuoa bakeng sa ho lopolla batho ba ratang ho loka ho se sireletseheng ke efe?
18 Ho timetsoa hoa ba ikhethelang tsamaiso ea joale ea lintho, ke moputso o tlamehang ho lefuoa ho lopolla ba ratang ho loka ho se sireletseheng le mahlomoleng. Hona ho tumellanong le motheo oa Bibele: “Molotsana o etsoa topollo ea ea lokileng.”—Liproverbia 21:18; bapisa Esaia 43:1, 3, 4.
Liphello tse Molemo
19. Ke mekoallo efe ea khotso ea lefatše e tla tlosoa ke timetso ea tsamaiso ee ea lintho?
19 Ho timetsoa hoa tsamaiso ea joale le ba e tšehetsang ho tla lumella tsamaiso e ncha ea ho loka lefatšeng lohle eo ho eona baphonyohi ba tla tseba ho sebetsa hammoho ka kopano, e seng ka tlhōlisano ea boithati. Ho tla oa meeli e arolang ea bochaba le meeli ea bopolotiki. Ho tla beng ho felile ke moroalo o boima oa lichelete tse sebelisoang sesoleng. ’Me hape ho tla beng ho ile e tla ba meeli ea boahisani e thibelang batho hore e ka ba lelapa le kopaneng. Ntlha ea bohlokoa ho sena sohle ke hore e mong le e mong ea tla beng a phela ka nako eo o tla bua le ba bang ‘puo e le ’ngoe e hloekileng’ ea ’nete, ba rapela ’Mōpi oa bona “ka moea le ka ’nete.” Hona ho tla ba lokolla tumela-khoeleng, lineanong, le litumelong tsa bolumeli tse iketselitsoeng ke batho tse arohanyang.—Sofonia 3:8, 9; Johanne 4:23, 24.
20. Joalokaha ho bontšitsoe ke Pesaleme ea 72, ke boemo bofe bo tla ba teng lefatšeng ka bophara?
20 Ka puso ea Molimo ka Mora oa oona Kreste Jesu e le eona feela e laolang lefatše lohle, pesaleme ea boholo-holo ea Bibele e tla phethahala: “Mehleng ea hae, ea lokileng o tla atleha, ’me khotso e ea ’ne e ate ho isa ha khoeli e lesa ho ba teng. O tla busa ho nka leoatleng le leng ho isa leoatleng le leng, le ho nka nōkeng ho isa lipheletsong tsa lefatše.”—Pesaleme ea 72:7, 8.
21. Lefatše ka bolona le tla rua molemo joang timetsong e tlang ea lefatše?
21 Lefatše le tla rua molemo timetsong e tlang ea lefatše. Le ke ke la hlola le sithabetsoa ke basilafatsi ba meharo le basinyi ba sehlōhō. Matša, linōka, maoatle, le sepaka-paka li tla lopolloa litšileng tse tšolleloang ho tsona ’me li tla tloha li itlhoekisa. Kahoo Molimo o tla bontša hore ha o-oa lahla morero oa oona oa ho ba le lefatše le hloekileng, le kang serapa le tletseng batho ba bonahatsang litšoaneleho tse babatsehang tsa ’Mōpi oa bona.—Genese 1:26-28; Esaia 45:18; 55:10, 11.
22. Ho tlisoa hoa timetso e joalo ho lumellana joang le hore Molimo ke ‘Molimo oa khotso’?
22 Kahoo, ho tlisa hoa Molimo timetso ha ho hanane le hore ke ‘Molimo oa khotso.’ Leha e le hore ho hanana le hore Jesu ke “Morena oa khotso.” Ke ka lebaka la lerato la bona la khotso le toka ba nkang bohato bona ba ho khutlisetsa lefatše boemong bo hloekileng le ba ho loka.—1 Ba-Korinthe 14:33; Esaia 9:6, 7.
23, 24. Haeba re tla thabela bokamoso ba khotso le tšireletseho, joaloka motho ka mong, re lokela ho etsa eng ea bohlokoa hona joale?
23 Re le batho ka bomong, he, re lokela ho etsa joang? Jesu o bontšitse hore ba hlokomolohang litaelo tsa Molimo ba ne ba haha tšepo ea bona bakeng sa kamoso holim’a ‘lehlabathe’ le hore mohaho o joalo o ne o ke ke oa mamella lifefo tse tlang tsa timetso. O bontšitse bohlokoa bo boholo ba hore re hahe tšepo ea rōna kutlong ea Lentsoe la Molimo haeba re tla ba le bokamoso ba khotso le bo sireletsehileng.—Mattheu 7:24-27.
24 Empa ke hobane’ng ha Molimo o eme halelele hakaale ho felisa bokhopo le mahlomola? Bibele e arabela le eona potso ena, ’me e bontša seo Molimo o ’nileng oa se etsa ka makholo ana ’ohle a lilemo a fetileng ho sebetsa morero oa oona.
[Setšoantšo se leqepheng la 37]
Joalokaha batho ba phonyohile Moroallong, ho tla ba le baphonyohi ba ‘mahlomola a maholo’