Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • br78 maq. 12-14
  • Li Lumela Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Li Lumela Eng?
  • Lipaki tsa Jehova Lekholong la Mashome a Mabeli la Lilemo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Li Lumela Eng?
    Lipaki Tsa Jehova—Ke Bo-mang? Li Lumela Eng?
  • Thuto ea 10—Bibele Ke ’Nete ’me e Nepahetse
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Molaetsa oa Bibele oo re Thabelang ho o Ruta Batho
    Rata Batho u ba Etse Barutuoa
  • Karolo ea 1: Lithuto Tseo Bakreste ba li Lumelang
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
Bala Tse Ling
Lipaki tsa Jehova Lekholong la Mashome a Mabeli la Lilemo
br78 maq. 12-14

Li Lumela Eng?

Lipaki tsa Jehova li lumela ho Molimo o Matla Oohle, Jehova, ’Mōpi oa maholimo le lefatše. Bona boteng ba limakatso tse qapiloeng ka ho rarahaneng bokahohleng bo re pota-potileng ka ho utloahalang li pheha khang hore ’mōpi ea bohlale ka ho phahameng le ea matla o li entse kaofela. Feela joalokaha mesebetsi ea banna le basali e bontša litšoaneleho tsa bona, ho joalo le ka tsa Jehova Molimo. Bibele e re bolella hore “tse sa bonoeng tsa oona, e leng matla a oona a ka mehla le bomolimo ba oona, li bonahala haholo, ha e sa le lintho li hloloa, ha ho lemohuoa mesebetsi ea oona.” Hape, a sa bue, “maholimo a bolela khanya ea Molimo.”—Ba-Roma 1:20; Pesaleme ea 19:1-4.

Batho ha ba bōpe lipitsa tsa letsopa, kapa ha ba etse lithelefishene le li-computer, ntle ho morero. Lefatše le pōpo ea lona ea bophelo ba limela le liphoofolo ke tse babatsehang ka ho fetisisa. Sebopeho sa ’mele oa motho o nang le lisele tse litrillione se phahametse kutloisiso ea rōna—esita le boko boo re nahanang ka bona bo babatseha ka ho ke keng ha utloisisoa! Haeba batho ba e-na le morero ha ba hlahisa lintho tseo ba li qapileng tseo e seng tsa bohlokoa ha ho bapisoa, ka sebele Jehova o ne a e-na le morero ka pōpo ea hae e hlollang! Liproverbia 16:4 e bolela hore o na le oona: “Jehova o etselitse lintho tsohle merero ea tsona.”

Jehova o entse lefatše ka morero, joalokaha a bolelletse batho ba pele ba babeli: “Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, . . . le buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatšeng.” (Genese 1:28) Kaha ha baa ka ba utloa, batho bana ba babeli ba hlōleha ho tlatsa lefatše ka malapa a lokileng a neng a tla hlokomela ka lerato lefatše lena le limela tsa lona le liphoofolo tsa lona. Empa ho hlōleha ha bona ha ho etse hore morero oa Jehova o hlōlehe. Likete tsa lilemo hamorao ho ile ha ngoloa: “Molimo o bōpileng lefatše, moetsi oa lona . . . [ha a ka] a le bōpela lefeela.” O le “bōpetse hore le ahuoe.” Le ne le sa lokela ho timetsoa, empa “lefatše le mamella ka ho sa feleng.” (Esaia 45:18; Moeklesia 1:4; The New English Bible) Morero oa Jehova ka lefatše o tla phethahatsoa: “Morero oa ka o tla tiea, ke tla phetha thato ea ka kaofela.”—Esaia 46:10.

Ka baka leo, Lipaki tsa Jehova li lumela hore lefatše le tla hlola ka ho sa feleng, le hore batho bohle, ba phelang le ba shoeleng, ba tla lumellana le morero oa Jehova bakeng sa lefatše le ntlafalitsoeng, le ahiloeng, ba ka phela ho lona ka ho sa feleng. Batho bohle ba futsitse ho se phethahale ho Adama le Eva, ’me kahoo ke baetsalibe. (Ba-Roma 5:12) Bibele e-ea re bolella: “Moputso oa sebe ke lefu.” “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.” “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (Ba-Roma 6:23; Moeklesia 9:5; Ezekiele 18:4, 20) Joale ke joang ba ka boetseng ba phela ho kopanela mahlohonolo a lefatšeng? Ke feela ka sehlabelo sa topollo sa Kreste Jesu, hobane o itse: “Ke ’na tsoho le bophelo; ea lumelang ho ’na, leha a shoele, o tla phela.” “Bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona.”—Johanne 11:25; 5:28, 29; Mattheu 20:28.

Hoo ho tla etsahala joang? Ho hlalositsoe ‘litabeng tse molemo tsa ’muso’ tseo Jesu a qalileng ho li bolela ha a le lefatšeng. (Mattheu 4:17-23) Empa kajeno Lipaki tsa Jehova li bolela ‘litaba tse molemo’ ka tsela e khethehileng haholo.

[Chate e leqepheng la 13]

SEO LIPAKI TSA JEHOVA LI SE LUMELANG

TUMELO LEBAKA LA MANGOLO

Bibele ke Lentsoe la Molimo ’me 2 Tim. 3:16, 17;

ke ’nete 2 Pet. 1:20, 21; Joh. 17:17

Bibele e tšepahala ho feta neano Matt. 15:3; Ba-Kol. 2:8

Lebitso la Molimo ke Jehova Pes. 83:18; Esa. 26:4; 42:8;

Ex. 6:3

Kreste ke Mora oa Molimo ’me o Matt. 3:17; Joh. 8:42;14:28;

ka tlaasana ho oona 20:17; 1 Ba-Kor. 11:3;

15:28

Kreste ke letsibolo la pōpo ea Ba-Kol. 1:15; Tšen. 3:14

Molimo

Kreste o shoeletse thupeng, Ba-Gal. 3:13; Lik. 5:30

e seng sefapanong

Bophelo ba Kreste ba botho bo Matt. 20:28; 1 Tim. 2:5, 6;

lefiloe e le topollo bakeng sa Tite 2:14; 1 Pet. 2:24

batho ba utloang

Sehlabelo se le seng sa Kreste Ba-Roma 6:10; Ba-Heb. 9:25-28

se ne se lekane

Kreste o tsositsoe bafung e le 1 Pet. 3:18; Ba-Roma 6:9;

motho oa moea ea sa shoeng Tšen. 1:17, 18

Kreste o teng ka moea Joh. 14:19; Matt. 24:3;

2 Ba-Kor. 5:16; Pes. 110:1, 2

’Muso tlas’a Kreste o tla busa Esa. 9:6, 7; 11:1-5;

lefatše ka ho loka le ka khotso Dan. 7:13, 14; Matt. 6:10

’Muso o tlisa maemo a molemo a Pes. 72:1-4; Tšen. 7:9, 10,

bophelo lefatšeng 3-17;

21:3, 4

Ha ho mohla lefatše le tla Moek. 1:4; Esa. 45:18;

timetsoa kapa le fokotsoe baahi Pes. 78:69

Molimo o tla felisa tsamaiso ea Tšen. 16:14, 16; Sof. 3:8;

hona joale ea lintho ntoeng ea Dan. 2:44; Esa. 34:2

Harmagedone

Ba khopo ba tla felisoa ka ho sa Matt. 25:41-46;

feleng 2 Ba-Thess. 1:6-9

Batho bao Molimo o ba amohelang Joh. 3:16; 10:27, 28; 17:3

ba tla amohela bophelo bo sa Mar. 10:29, 30

feleng

Ho na le tsela e le ’ngoe feela Matt. 7:13, 14; Ba-Ef. 4:4, 5

e isang bophelong

Hona joale re “mehleng ea qetello” Matt. 24:3-14; 2 Tim. 3:1-5;

Luka 17:26-30

Ho shoa ha batho ho bakiloe ke Ba-Roma 5:12; 6:23

sebe sa Adama

Moea oa motho o khaotsa ho phela Ezek. 18:4; Moek. 9:10;

lefung Pes. 6:5; 146:4;

Joh. 11:11-14

Lihele ke lebitla le tloaelehileng Jobo 14:13, Dy;

la motho Tšen. 20:13, 14, KJ (ka thōko

ho leqephe)

Tšepo ea bafu ke tsoho 1 Ba-Kor. 15:20-22;

Joh. 5:28, 29; 11:25, 26

Lefu la Adama le tla fela 1 Ba-Kor. 15:26; Tšen. 21:4;

Esa. 25:8; 1 Ba-Kor. 15:54

Ke mohlatsoana feela oa ba 144 000 Luka 12:32; Tšen. 14:1, 3;

o eang leholimong ’me o tla busa 1 Ba-Kor. 15:40-53;

le Kreste Tšen. 5:9, 10

Ba 144 000 ba boela ba tsoaloa 1 Pet. 1:23; Joh. 3:3;

e le bara ba moea ba Molimo Tšen. 7:3, 4

Selekane se secha se entsoe Jer. 31:31; Ba-Heb. 8:10-13

le Iseraele oa moea

Phutheho ea Kreste e hahiloe Ba-Ef. 2:20; Esa. 28:16;

holim’a hae Matt. 21:42

Lithapelo li tlameha ho lebisoa ho Joh. 14:6, 13, 14;1 Tim. 2:5

Jehova feela ka Kreste

Litšoantšo ha lia lokeloa ho Ex. 20:4, 5; Lev. 26:1;

sebelisoa borapeling 1 Ba-Kor. 10:14;

Pes. 115:4-8

Ho tlameha ho qojoa tšebelisano Deut. 18:10-12;

le meea e mebe Ba-Gal. 5:19-21; Lev. 19:31

Satane ke ’musi ea sa bonahaleng 1 Joh. 5:19; 2 Ba-Kor. 4:4;

oa lefatše Joh. 12:31

Mokreste ha a lokela ho ba le 2 Ba-Kor. 6:14-17;11:13-15;

karolo mekhatlong ea ho Ba-Gal. 5:9; Deut. 7:1-5

kopanela tumelo

Mokreste o tlameha ho ipoloka Jak. 4:4; 1 Joh. 2:15;

a arohile lefatšeng Joh. 15:19; 17:16

Melao eohle ea batho e sa hananeng Matt. 22:20, 21;

le melao ea Molimo e lokela ho 1 Pet. 2:12; 4:15

utluoa

Ho kenya mali ’meleng ka molomo Gen. 9:3, 4; Lev. 17:14;

kapa ka methapo ke ho tlōla Lik. 15:28, 29

melao ea Molimo

Melao ea Bibele ea boitšoaro 1 Ba-Kor. 6:9, 10;

e tlameha ho utluoa Ba-Heb. 13:4; 1 Tim. 3:2;

Liprov. 5:1-23

Ho boloka Sabbatha ho ne ho filoe Deut. 5:15; Ex. 31:13;

Bajode feela ’me ho felile le Ba-Roma 10:4;

molao oa Moshe Ba-Gal. 4:9, 10;

Ba-Kol. 2:16, 17

Sehlopha sa baruti le litlotla Matt. 23:8-12; 20:25-27;

tse khethehileng ha lia nepahala Jobo 32:21, 22

Motho ha a ba teng ka ho iphetola Esa. 45:12; Gen. 1:27

ha lintho empa o bōpiloe

Kreste o beile mohlala o tlamehang 1 Pet. 2:21; Ba-Heb. 10:7;

ho lateloa ha ho sebeletsoa Molimo Joh. 4:34; 6:38

Kolobetso ka ho qoelisoa metsing Mar. 1:9, 10; Joh. 3:23;

e tšoantšetsa boinehelo Lik. 19:4, 5

Bakreste ba tlameha ho paka ’nete Ba-Roma 10:10; Ba-Heb. 13:15;

ea Mangolo phatlalatsa Esa. 43:10-12

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

LEFATŠE . . . le bōpiloe ke Jehova . . . la hlokomeloa ke motho . . . le ahuoe ka ho sa feleng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

NASA photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela