Li Lumela Eng?
LIPAKI TSA JEHOVA li lumela ho Molimo ea Matla ’Ohle, Jehova, ’Mōpi oa maholimo le lefatše. Ho ba teng ha limakatso tse qapiloeng ka tsela e rarahaneng bokahohleng bo re pota-potileng ho bontša ka ho hlakileng hore ’Mōpi ea bohlale ka ho fetisisa le ea matlahali ke eena ea li entseng kaofela. Feela joalokaha mesebetsi ea banna le basali e bonahatsa litšoaneleho tsa bona, ho joalo le ka ea Jehova Molimo. Bibele e re bolella hore “litšobotsi tsa hae tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng.” Hape, “maholimo a bolela khanya ea Molimo” a ntse a khutsitse.—Baroma 1:20; Pesaleme ea 19:1-4.
Batho ha ba bōpe lipitsa tsa letsopa, leha e le hona ho etsa lithelevishene le lik’homphieutha ba se na morero. Lefatše le pōpo e ho lona ea lintho tse phelang, e leng limela le liphoofolo, ke tse hlollang ka ho fetisisa. Pōpeho ea ’mele oa motho o nang le lisele tse libilione e phahametse kutloisiso ea rōna—esita le boko boo re nahanang hore ke bo ikhethang ka tsela e ke keng ea utloisisoa! Haeba batho ba e-na le morero ha ba hlahisa lintho tseo ba li qapileng tseo e seng tsa bohlokoa hakaalo ha ho bapisoa, ka sebele Jehova Molimo o ne a e-na le morero ka pōpo ea hae e hlollang! Liproverbia 16:4 e bolela hore o na le morero: “Jehova o entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe bakeng sa morero oa hae.”
Jehova o entse lefatše ka morero, joalokaha a ile a bolella batho ba pele ba babeli: “Atang le ngatafale le tlale lefatše . . . , le laole litlhapi tsa leoatle le libōpuoa tse fofang tsa maholimo le sebōpuoa se seng le se seng se phelang se hahabang lefatšeng.” (Genese 1:28) Kaha ha baa ka ba mamela, batho bana ba babeli ba ile ba hlōleha ho tlatsa lefatše ka malapa a lokileng a neng a tla hlokomela lefatše lena ka lerato hammoho le limela le liphoofolo tse ho lona. Empa ho hlōleha ha bona ha ho etse hore morero oa Jehova o hlōlehe. Lilemo tse likete hamorao, ho ile ha ngoloa: ‘Molimo, ’Mōpi oa lefatše, ha aa ka a le bōpela lefeela.’ O ‘le etselitse hore le be le baahi.’ Ha le na ho timela, empa “lefatše le hlola ka ho sa feleng.” (Esaia 45:18; Moeklesia 1:4, Bibele e tloaelehileng ea Sesotho) Morero oa Jehova ka lefatše o tla phethahala: “Morero oa ka o tla ema o tiile, ’me ke tla etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e thabelang.”—Esaia 46:10.
Ka hona, Lipaki tsa Jehova li lumela hore lefatše le tla ba teng ka ho sa feleng le hore batho bohle, ba phelang le ba shoeleng, ba tlang ho lumellana le morero oa Jehova bakeng sa lefatše le ntlafalitsoeng, le ahiloeng, ba ka phela ho lona ka ho sa feleng. Batho bohle ba futsitse ho se phethahale ho Adama le Eva, ka hona ke baetsalibe. (Baroma 5:12) Bibele ea re bolella: “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu.” “Ba phelang baa tseba hore ba tla shoa; empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.” “Moea o etsang sebe—ke oona o tla shoa.” (Baroma 6:23; Moeklesia 9:5; Ezekiele 18:4, 20) Joale ke joang ba ka boelang ba phela e le hore ba kopanele litlhohonolofatsong tsa lefatšeng? Ke feela ka sehlabelo sa Kreste Jesu sa thekollo, etsoe o ile a re: “Ke ’na tsoho le bophelo. Ea bontšang tumelo ho ’na, esita le hoja a ka shoa, o tla phela.” “Bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe.”—Johanne 5:28, 29; 11:25; Matheu 20:28.
See se tla etsahala joang? Se ile sa hlalosoa ke “litaba tse molemo tsa ’muso,” tseo Jesu a ileng a qala ho li bolela ha a sa le lefatšeng. (Matheu 4:17-23) Empa kajeno Lipaki tsa Jehova li bolela litaba tse molemo ka tsela e khethehileng haholo.
[Chate e leqepheng la 13]
SEO LIPAKI TSA JEHOVA LI SE LUMELANG
Tumelo Lebaka la Mangolo
Bibele ke Lentsoe la Molimo 2 Tim. 3:16, 17;
’me ke ’nete 2 Pet. 1:20, 21; Joh. 17:17
Bibele e tšepahala ho feta Mat. 15:3; Bakol. 2:8
lineano
Lebitso la Molimo ke Jehova Pes. 83:18; Esa. 26:4;
Kreste ke Mor’a Molimo ’me o Mat. 3:17; Joh. 8:42; 14:28;
ka tlaase ho Eena 20:17; 1 Bakor. 11:3;
Kreste e bile letsibolo la Bakol. 1:15; Tšen. 3:14
pōpo ea Molimo
Kreste o shoetse thupeng, Bagal. 3:13; Lik. 5:30
eseng sefapanong
Bophelo ba Kreste e le motho Mat. 20:28; 1 Tim. 2:5, 6;
bo lefuoe e le thekollo bakeng 1 Pet. 2:24
sa batho ba mamelang
Sehlabelo sa Kreste se le seng Baroma 6:10; Baheb. 9:25-28
se ne se lekane
Kreste o ile a tsosoa bafung 1 Pet. 3:18; Baroma 6:9;
e le motho oa moea ea sa shoeng Tšen. 1:17, 18
Boteng ba Kreste ke ba moea Joh. 14:19; Mat. 24:3;
Hona joale re ‘nakong ea bofelo’ Mat. 24:3-14; 2 Tim. 3:1-5;
’Muso o tlas’a Kreste o tla Esa. 9:6, 7; 11:1-5;
busa lefatše ka ho loka le Dan. 7:13, 14; Mat. 6:10
ka khotso
’Muso o tla tlisa maemo a Pes. 72:1-4; Tšen. 7:9, 10,
phethahetseng a bophelo lefatšeng 13-17;
Ha ho mohla lefatše le tla Moek. 1:4; Esa. 45:18;
timetsoa kapa le hloke baahi Pes. 78:69
Molimo o tla felisa tsamaiso Tšen. 16:14, 16; Sof. 3:8;
ena ea lintho ntoeng ea Dan. 2:44; Esa. 34:2;
Har–magedone 55:10, 11
Ba khopo ba tla timetsoa ka Mat. 25:41-46; 2 Bathes. 1:6-9
ho sa feleng
Batho bao Molimo a ba amohelang Joh. 3:16; 10:27, 28;
ba tla fumana bophelo bo sa 17:3; Mar. 10:29, 30
feleng
Ho na le tsela e le ’ngoe feela Mat. 7:13, 14; Baef. 4:4, 5
e lebisang bophelong
Batho ba shoa ka lebaka la sebe Baroma 5:12; 6:23
sa Adama
Lihele ke lebitla le Jobo 14:13, Dy;
tloaelehileng la moloko oa batho Tšen. 20:13, 14, AV (mongolo
o ka thōko ho leqephe)
Tšepo bakeng sa bafu ke tsoho 1 Bakor. 15:20-22;
Lefu le tlisitsoeng ke Adama 1 Bakor. 15:26, 54;
le tla fela Tšen. 21:4; Esa. 25:8
Ke mohlatsoana oa ba 144 000 Luka 12:32; Tšen. 14:1, 3;
feela o eang leholimong le 1 Bakor. 15:40-53;
o busang le Kreste Tšen. 5:9, 10
Ba 144 000 ba tsoaloa hape e 1 Pet. 1:23; Joh. 3:3;
le bara ba Molimo ba moea Tšen. 7:3, 4
Selekane se secha se etsoa le Jer. 31:31; Baheb. 8:10-13
Iseraele ea moea
Phutheho ea Kreste e thehiloe Baef. 2:20; Esa. 28:16;
holim’a hae Mat. 21:42
Lithapelo li lokela ho lebisoa Joh. 14:6, 13, 14; 1 Tim. 2:5
ho Jehova feela ka Kreste
Ha hoa lokela ho sebelisoa Ex. 20:4, 5; Lev. 26:1;
litšoantšo borapeling 1 Bakor. 10:14; Pes. 115:4-8
Ho sebelisana le meea ho lokela Deut. 18:10-12;
ho qojoa Bagal. 5:19-21; Lev. 19:31
Satane ke ’musi ea sa bonahaleng 1 Joh. 5:19; 2 Bakor. 4:4;
oa lefatše Joh. 12:31
Mokreste ha aa lokela ho kenella 2 Bakor. 6:14-17; 11:13-15;
mekhatlong ea tumelo e Bagal. 5:9; Deut. 7:1-5
kopanetsoeng
Mokreste o lokela ho lula a Jak. 4:4; 1 Joh. 2:15;
arohile lefatšeng Joh. 15:19; 17:16
Ho mamela melao ea batho e sa Mat. 22:20, 21;
hananeng le melao ea Molimo 1 Pet. 2:12; 4:15
Ho kenya mali ’meleng ka ho a Gen. 9:3, 4; Lev. 17:14;
ja kapa ka ho a tšela methapong Lik. 15:28, 29
ho khahlanong le melao ea Molimo
Melao ea Bibele e mabapi le 1 Bakor. 6:9, 10; Baheb. 13:4;
boitšoaro e tlameha ho hlomphuoa 1 Tim. 3:2; Liprov. 5:1-23
Ke Iseraele feela e neng e Deut. 5:15; Ex. 31:13;
laetsoe hore e boloke Sabatha Baroma 10:4; Bagal. 4:9, 10;
’me hoo ho ile ha fela hammoho Bakol. 2:16, 17
le Molao oa Moshe
Sehlopha sa baruti le litlotla Mat. 23:8-12; 20:25-27;
tse khethehileng li fosahetse Jobo 32:21, 22
Kreste o behile mohlala o 1 Pet. 2:21; Baheb. 10:7;
tlamehang ho lateloa Joh. 4:34; 6:38
tšebeletsong ea Molimo
Kolobetso ea ho qoelisoa ka ho Mar. 1:9, 10; Joh. 3:23;
feletseng e tšoantšetsa boinehelo Lik. 19:4, 5
Bakreste ba paka ’nete ea Baroma 10:10; Baheb. 13:15;
Mangolo phatlalatsa ka thabo Esa. 43:10-12
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
LEFATŠE . . . le bōpiloe ke Jehova . . . le hlokomeloa ke batho . . . le lula le e-na le baahi ka ho sa feleng