Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ti maq. 30-31
  • Rapela Molimo ka Litekanyetso Tsa Oona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Rapela Molimo ka Litekanyetso Tsa Oona
  • Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlompholla Molimo
  • Hana Boraro-bo-bong
  • Boraro-bo-bong bo Hlalosoa Joang?
    Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
  • Karolo 1—Na Jesu le Barutuoa ba Hae ba Ile ba Ruta Thuto ea Boraro-bo-bong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Tsebo e Nepahetseng ea Molimo le Mora oa Oona e Lebisa Bophelong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Na U Lokela ho bo Lumela?
    Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
Bala Tse Ling
Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
ti maq. 30-31

Rapela Molimo ka Litekanyetso Tsa Oona

JESU o itse ha a rapela Molimo: “’Me bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.” (Johanne 17:3) Tsebo ea mofuta ofe? “Thato ea [Molimo] ke hore batho ba mefuta eohle ba lokela ho bolokeha ’me ba tle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:4, NW) The Amplified Bible e ngola poleloana e qetellang ka tsela ena: “Tsebisisa hantle le ka ho nepahala ’Nete [ea bomolimo].”

Kahoo Molimo o batla hore re o tsebe le merero ea oona ka ho nepahetseng, ho lumellana le ’nete ea bomolimo. ’Me Lentsoe la Molimo, Bibele e Halalelang, ke mohloli oa ’nete eo. (Johanne 17:17; 2 Timothea 3:16, 17) Ha batho ba ithuta ka nepo seo Bibele e se buang ka Molimo, joale ba tla qoba ho tšoana le ba boletsoeng ho Ba-Roma 10:2, 3 (NW), ba neng ba e-na le “cheseho ho Molimo; empa e seng ho latela tsebo e nepahetseng.” Kapa joaloka Basamaria, bao Jesu a itseng ho bona: “Lōna, le rapela seo le sa se tsebeng.”—Johanne 4:22.

Ka lebaka leo, haeba re batla ho amoheloa ke Molimo, ho hlokahala re ipotse: “Molimo o re’ng ka oona? O batla ho rapeloa joang? Merero ea oona ke efe, hona re lokela ho ipapisa le eona joang? Tsebo e nepahetseng ea ’nete e re fa likarabelo tse nepahetseng lipotsong tse joalo. Joale re ka rapela Molimo ka litekanyetso tsa oona.

Ho Hlompholla Molimo

MOLIMO o re, “Ba ntlotlisang, le ’na kea ba tlotlisa.” (1 Samuele 2:30) Na ke ho tlotlisa Molimo ho bolela hore motho e mong o lekana le oona? Na ke ho o tlotlisa ho bitsa Maria “’mè oa Molimo” le “’Muelli oa Mosali . . . pakeng tsa ’Mōpi le libōpuoa tsa Hae,” joalokaha ho etsa New Catholic Encyclopedia? Che, likhopolo tseno li rohaka Molimo. Ha ho ea lekanang le oona; leha e le hore o kile oa ba le ’mè oa nama, kaha Jesu e ne e se Molimo. ’Me ha ho “’Muelli oa Mosali,” hobane Molimo o khethile “’muelli mahareng a Molimo le batho [a le] mong” feela, Jesu.—1 Timothea 2:5; 1 Johanne 2:1, 2.

Ha ho pelaelo hore thuto ea Boraro-bo-bong e ferekantse le ho hlapolla kutloisiso ea batho ka boemo ba ’nete ba Molimo. E thibela batho ho tseba Morena oa Bokahohleng, Jehova Molimo, ka ho nepahetseng, le ho mo rapela ka litekanyetso tsa hae. Joalokaha moruti oa thuto ea bolumeli Hans Küng a boletse: “Ke hobane’ng ha motho leha e le ofe a ka batla ho eketsa ho hong khopolong ea bonngoe ba Molimo le ho ikhetha ha oona tse ka hlapollang kapa tsa etsa bonngoe le ho ikhetha ha oona lefeela?” Empa ke sona seo ho lumela Boraro-bo-bong ho se entseng.

Ba lumelang Boraro-bo-bong ha ba “lumele ho Molimo ka tsebo e nepahetseng.” (Ba-Roma 1:28, NW) Temana eo e boetse e re: “Molimo o ba tloheletse boemong bo sa amoheleheng ba kelello, ho etsa lintho tse sa tšoaneleng.” Ba-Ro 1 Litemana ea 29 ho ea ho ea 31 li thathamisa tse ling tsa lintho tseo “tse sa tšoaneleng,” tse kang ‘polao, khohlano, ho etsa bolotsana litumellanong, ho hloka lerato la tlhaho, ho hloka mohau.’ Lintho tsona tseo ke tse ’nileng tsa etsoa ke malumeli a amohelang Boraro-bo-bong.

Ka mohlala, Balumeli ba thuto ea Boraro-bo-bong hangata ba ’nile ba hlorisa esita le ho bolaea ba neng ba hana thuto ea Boraro-bo-bong. ’Me ba bile ba fetela pejana. Ba bolaile le Balumeli ba thuto ea Boraro-bo-bong ba habo bona nakong ea ntoa. Ke eng ‘e sa tšoaneleng’ ho feta ha Mak’hatholike a bolaea Mak’hatholike, Maorthodox a bolaea Maorthodox, Maprostanta a bolaea Maprostanta—kaofela ka lebitso la Molimo o tšoanang oa Boraro-bo-bong?

Empa, Jesu o itse ka ho hlaka: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Johanne 13:35) Lentsoe la Molimo lea atolosa tabeng ena, le re: “Ke hona moo ho bonahalang bao e leng bana ba Molimo le bao e leng bana ba Diabolose: E mong le e mong ea sa etseng ho lokileng hase oa Molimo, leha e le ea sa rateng ngoan’abo.” Le tšoantša ba bolaeang bana babo bona ba moea le “Kaine, e neng e le oa e mobe [Satane], ’me a bolaile ngoan’abo.”—1 Johanne 3:10-12.

Kahoo, ho ruta lithuto tse ferekanyang ka Molimo ho isitse liketsong tse tlōlang melao ea oona. Ka sebele, se etsahetseng ka hare ho Bokreste-’mōtoana ke seo moruti oa thuto ea bolumeli oa Ledanishe Søren Kierkegaard a se hlalositseng tjena: “Bokreste-’mōtoana bo felisitse Bokreste bo sa ho hlokomele.”

Boemo ba moea ba Bokreste-’mōtoana bo tšoanela seo moapostola Pauluse a se ngotseng: “Ka molomo ba bolela hore ba tseba Molimo, empa ba o latola ka liketso; ke ba manyala le ba hanang ho utloa, ’me ba sitoa ke ho etsa mosebetsi o motle leha o le mong.”—Tite 1:16.

Haufinyane, ha Molimo o felisa tsamaiso ea hona joale e khopo ea lintho, Bokreste-’mōtoana ba Boraro-bo-bong bo tla bitsoa hore bo ikarabelle. ’Me bo tla ahloloa haboima bakeng sa liketso le lithuto tsa bona tse hlomphollang Molimo.—Mattheu 24:14, 34; 25:31-34, 41, 46; Tšenolo 17:1-6, 16; 18:1-8, 20, 24; 19:17-21.

Hana Boraro-bo-bong

HO KE ke ha e-ba le ho sekisetsa ka linnete tsa Molimo. Ka hona, ho rapela Molimo ka litekanyetso tsa oona ho bolela ho hana thuto ea Boraro-bo-bong. E hanana le seo baprofeta, Jesu, baapostola, le Bakreste ba pele ba neng ba se lumela le ho se ruta. E hanana le seo Molimo o se buileng ka oona ka Lentsoeng la oona le bululetsoeng. Ka hona, o-oa eletsa: “Lumelang hore Molimo ke ’na feela le hore ha ho o mong o tšoanang le ’na.”—Esaia 46:9, TEV.

Ha ho sebeletsoe lithahasello tsa Molimo ka ho o etsa o ferekanyang le oa mohlolo. Ho e-na le hoo, ha batho ba ntse ba ferekana ho ea pele ka Molimo le merero ea oona, hoo ho khahla haholo Sera sa Molimo, Satane Diabolose, “molimo oa lefatše lena.” Ke eena ea khothalletsang lithuto tse joalo tsa bohata ho ‘foufatsa likelello tsa ba sa lumelang.’ (2 Ba-Korinthe 4:4) ’Me thuto ea Boraro-bo-bong e boetse e sebeletsa lithahasello tsa baruti ba ratang ho lula ba tšoere batho, hobane ba etsa hore ho hlahe eka ke baruti ba thuto ea bolumeli feela ba ka e utloisisang.—Bona Johanne 8:44.

Tsebo e nepahetseng ea Molimo e tlisa khathollo e khōlō. E re lokolla lithutong tse hananang le Lentsoe la Molimo le mekhatlong e koenehileng. Joalokaha Jesu a boletse: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”—Johanne 8:32.

Ka ho tlotlisa Molimo e le ea phahameng le ho o rapela ka litekanyetso tsa oona, re ka qoba kahlolo eo o tla e tlisa holim’a Bokreste-’mōtoana ba bokoenehi haufinyane. Ho e-na le hoo, re ka lebella mohau oa Molimo ha tsamaiso ena e fela: “Lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Setšoantšo sena se betliloeng se qetileng makholo a lilemo se Fora se tšoantšetsa ho hlomphuoa ha “moroetsana” Maria ke Boraro-bo-bong. Tumelo ho Boraro-bo-bong e lebisitse ho tlotlisoeng ha Maria e le “Mè oa Molimo”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela