Buka ea Bibele ea 52—1 Ba-Thessalonika
Mongoli: Pauluse
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Korinthe
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 50 C.E
1. (a) Ho ile ha tla joang hore Ba-Thessalonika ba Pele e ngoloe? (b) See se etsahetse neng, ka hona lengolo lee le khethollehile ka tsela efe?
E NE e le hoo e ka bang ka selemo sa 50 C.E. ha moapostola Pauluse, leetong la hae la bobeli la boboleli, a etela motse oa Macedonia oa Thessalonika ’me a theha phutheho ea Bokreste moo. Pele selemo se fela, ha Pauluse a ntse a le Korinthe a e-na le Silvane (Silase ea boleloang bukeng ea Liketso) le Timothea, o ile a susumelletseha ho ngola lengolo la hae la pele le eang ho Bathessalonika ho ba tšelisa le ho ba matlafatsa tumelong. E ka ’na eaba hoo ho etsahetse ho ella qetellong ea 50 C.E. Ho bonahala eka lengolo lena le khethollehile ka hore ke lona la pele mangolong a Pauluse le ileng la fetoha karolo ea Mangolo a Halalelang a Bibele ’me, mohlomong ntle ho Kosepele ea Mattheu, ke eona buka ea pele e ileng ea ngoloa ea Mangolo a Segerike a Bokreste.
2. Ho na le bopaki bofe bo pakang bongoli le bonnete ba Ba-Thessalonika ba Pele?
2 Ho na le bopaki bo bongata haholo bo tšehetsang bonnete le botšepehi ba lengolo lena. Pauluse o itsebahatsa ka lebitso e le eena mongoli, ’me litaba tse ka har’a buka ena li lumellana le likarolo tse ling kaofela tsa Lentsoe le bululetsoeng. (1 Ba-Thess. 1:1; 2:18) Epistole ena e boleloa ka lebitso mathathamong a mangata a pele-pele a Mangolo a bululetsoeng, ho kopanyelletsa le Mosaletsa oa Muratori.a Ba-Thessalonika ba Pele e qotsitsoe kapa e supiloe ke bangoli ba bangata ba pele ba kereke, ba akarelletsang Irenaeus (oa lekholong la bobeli la lilemo C.E.), ea e bolelang ka lebitso. Chester Beatty Papyrus No. 2 (P46), ea hoo e ka bang ka 200 C.E., e na le Ba-Thessalonika ba Pele, ’me buka e ’ngoe ea loli ea lekholong la boraro la lilemo (P30), eo hona joale e leng Ghent, Belgium, e na le mesaletsa ea Ba-Thessalonika ba Pele le ba Bobeli.b
3, 4. Phello ea katleho ea pele ea tšebeletso ea Pauluse Thessalonika e bile efe?
3 Ho talima histori e khutšoanyane ea phutheho ea Thessalonika hanyenyane feela pele ho nako ea ho ngoloa ha lengolo lena, ho rala motheo o bontšang boemo bo ileng ba tlisa kameho ea Pauluse e tebileng ka baena ba neng ba le motseng oo. Ho tloha qalong feela, phutheho eo e ile ea feta tlas’a tlhoriso le khanyetso tse matla. Ho Liketso khaolo 17, Luka o tlaleha ka ho fihla ha Pauluse le Silase Thessalonika, “moo synagoge ea ba-Jode e neng e le teng.” Ka Lisabbatha tse tharo, Pauluse o ile a ba bolella, a behelana mabaka le bona ka Mangolo, ’me ho na le lintho tse bontšang hore o ile a lula moo nako e telele ho feta moo, hobane o ile a fumana nako ea ho iqalla khoebo ea hae ’me, ka holimo ho tsohle, o ile a fumana nako ea ho thea le ho hlophisa phutheho.—Lik. 17:1; 1 Ba-Thess. 2:9; 1:6, 7.
4 Tlaleho e ho Liketso 17:4-7 e bolela ka ho hlakileng phello ea boboleli ba moapostola Thessalonika. Bajode ba tletse mōna ka ho atleha ha tšebeletso ea Pauluse ea Bokreste, ba ile ba hlophisa sehlopha sa mahoo-hoo ’me ba baka mofere-fere motseng. Ba ile ba hlasela ntlo ea Jasone ’me ba mo hulanyetsa ho babusi ba motse hammoho le baena ba bang, ba ntse ba hooa ba re: “Batho bao ba ferekantseng lefatše lohle, ba tlile le koano; Jasone o ba amohetse, athe kaofela ha bona ba etsa tse loantšanang le litaelo tsa Cesare, ba re, morena e mong o teng, e leng Jesu.” Jasone le ba bang ba ile ba tlameha ho ntša beile pele ba lokolloa. Molemong oa baena ba ka phuthehong, haesita le molemong oa polokeho ea bona ea botho, Pauluse le Silase ba ile ba balehisetsoa Berea bosiu. Empa phutheho ea Thessalonika e ne e se e theiloe joale.
5. Pauluse o ile a bontša kameho le thahasello e lerato phuthehong ea Thessalonika joang?
5 Khanyetso e bohale e hlahang ho Bajode e ile ea sala Pauluse morao ho ea fihla Berea ’me ea sokela ho emisa boboleli ba hae moo. Joale o ile a ea Athene, Greece. O ne a ntse a laba-labela ho tseba hore na baena ba hae ba Thessalonika ba ne ba tsoella joang tlas’a matšoenyeho. O ile a leka ka makhetlo a mabeli ho khutlela ho bona, empa lekhetlong ka leng ‘Satane o ile a mo thibela.’ (1 Ba-Thess. 2:17, 18) Pauluse a amehile haholo ka phutheho e nyenyane ’me ka masoabi a maholo a elelloa matšoenyeho ao ba neng ba feta tlas’a ’ona, o ile a khutlisetsa Timothea Thessalonika ho ea tšelisa baena le ho ba tiisa haholoanyane tumelong. Ha Timothea a khutla ka tlaleho ea hae e thabisang, Pauluse o ile a thabisoa haholo ke litaba tsa botšepehi ba bona bo tiileng le har’a tlhoriso e mabifi. Joale tlaleho ea bona e ne e se e fetohile mohlala ho balumeli ho pholletsa le Macedonia le Akaia eohle. (1:6-8; 3:1-7) Pauluse o ile a leboha Jehova Molimo ka tiisetso ea bona e tšepahalang, empa o ile a boela a hlokomela hore ha ba ntse ba tsoela pele ho hōla moeeng, ba ne ba tla hloka tataiso le keletso tse eketsehileng. Ka hona, ha Pauluse a ntse a le Korinthe hammoho le Timothea le Silvane, o ile a ngola lengolo la hae la pele le eang ho Bathessalonika.
LITABA TSE KA HARE TSA BA-THESSALONIKA BA PELE
6. Pauluse o babatsa Bathessalonika ka eng?
6 Bathessalonika ke mohlala ho balumeli ba bang (1:1-10). Pauluse o qala lengolo la hae le eang ho Bathessalonika ka pabatso e mofuthu bakeng sa mosebetsi oa bona o tšepahalang, ho sebetsa ka thata ka lerato, le ho tiisetsa tšepong. Litaba tse molemo tse boletsoeng har’a bona ha lia boleloa ka lipolelo feela empa ‘le ka matla le ka kholiso e kholo.’ Bathessalonika, ba etsisa mohlala oo ba o filoeng, ba ile ba amohela lentsoe “ka thabo ea Moea o Halalelang” ’me bona ka bobona ea e-ba mohlala ho balumeli bohle ba Macedonia, Akaia, esita le libakeng tse hōle ho feta moo. Ba ile ba furalla melimo ea bona ea litšoantšo ka ho felletseng, “ho sebeletsa Molimo o phelang, oa ’nete, le ho lebella Mora oa oona maholimong.”—1:5, 6, 9, 10.
7. Pauluse le metsoalle ea hae ba ile ba bonahatsa boikutlo bofe ha ba ntse ba le har’a Bathessalonika, ’me ba ile ba ba khothatsa ka matla hore ba etse’ng?
7 Kameho e lerato ea Pauluse ka Bathessalonika (2:1–3:13). Ka mor’a ho tšoaroa hampe Filippi, Pauluse le metsoalle ea hae ba ile ba ba le sebete sa ho ea bolela ho Bathessalonika. Ha baa ka ba etsa sena hobane e le ba khahlisang batho kapa e le maseaqheme kapa ba ipatlela tlotliso e tsoang ho batho. Ho fapana le hoo, Pauluse o re, “re bile mosa har’a lōna, joale ka moanyesi ha a hlokomela bana ba hae ka lerato. Ka mokhoa o joalo, ka baka la ho le rata, re elelitse hore re tla le nea e seng Evangeli ea Molimo feela, empa le eona meea [“liphefumolohi,” NW] ea rōna, kahobane le le baratuoa ba rōna ruri.” (2:7, 8) Ba ile ba tsoela pele ho khothatsa Bathessalonika ka matla, joalokaha ntate a khothatsa bana ba hae, hore ba ’ne ba tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Molimo, o neng o ba biletsa ’Musong oa oona le khanyeng ea oona.
8. Bathessalonika ba fetohile nyakallo ho Pauluse joang, ’me o rapella eng molemong oa bona?
8 Pauluse o ba babatsa ka ho amohela ha bona ntle ho tika-tiko litaba tse molemo kamoo li hlileng li leng ka teng, e le “lentsoe la Molimo.” Hase bona feela ba hlorisoang ke batho ba habo bona, hobane balumeli ba pele ba Judea ba ile ba hlokofatsoa ke mahloriso a tšoanang matsohong a Bajode. Pauluse, a amehile haholo ka katleho ea bona, ka makhetlo a mabeli o ile a batla ho ea ho bona ka seqo empa Satane o ile a mo thibela. Baena ba Thessalonika ke moqhaka oa nyakallo ho Pauluse le basebetsi-’moho le eena, ke “khanya le thabo” ea bona. (2:13, 20) Ha Pauluse a se a sa khone ho mamella ho lula a sa tsebe litaba tse ba amang, o ile a romela Timothea Thessalonika ho tiisa tumelo ea bona le ho ba tšelisa. Joale Timothea o sa tsoa khutla ka litaba tse molemo tsa katleho ea bona ea moea le lerato la bona ’me sena se tliselitse moapostola matšeliso le thabo. Pauluse o leboha Molimo ’me o rapella hore Morena a ke a ba fe keketseho, e le hore ba ka hōla leratong la bona e mong ho e mong, le hore lipelo tsa bona li “hloke sekoli khalalelong” pel’a Molimo Ntate nakong ea ho ba teng ha Morena Jesu.—3:13.
9. Ke eng seo Pauluse a se khothalletsang ka matla mabapi le bohloeki ba bomolimo le ho ratana?
9 Ho sebeletsa ka khalalelo le ka tlhompho (4:1-12). Pauluse o babatsa Bathessalonika ka ho tsamaea ka mokhoa o khahlisang Molimo, ’me o ba khothatsa ka matla hore ba tsoele pele ho etsa hoo ka botlalo haholoanyane. Motho ka mong “a tsebe ho bolokela pitsa ea hae khalalelong le hlonephong, e seng litakatsong tse mpe.” Ho sena, ha ho ea lokelang ho kena-kenana le litokelo tsa moena oa hae. Hobane Molimo ha oa ba biletsa “litšileng, empa e le khalalelong. Ka baka leo, ea nyatsang tseo, ha a nyatse motho, empa o nyatsa Molimo.” (4:4, 5, 7, 8) Pauluse o babatsa Bathessalonika hobane ba bontša lerato e mong ho e mong, ’me o ba khothatsa hore ba tsoele pele ho etsa sena ka tekanyo e felletseng haholoanyane, sepheo sa bona e be ho phela ka khutso le ho ameha ka litaba tseo e leng tsa bona le ho sebetsa ka matsoho a bona. Hobane ba lokela ho tsamaea ka boitlhompho “ka nģeng ea ba kantle.”—4:12.
10. Baena ba lokela hore ba be le boikutlo bofe mabapi le ba ithobaletseng lefung?
10 Tšepo ea tsoho (4:13-18). Ha e le ka ba robetseng lefung, baena ha baa lokela ho hlomoha joalokaha batho ba hlokang tšepo ba hlomoha. Haeba ba na le tumelo ea hore Jesu o ile a shoa a ba a tsoha hape, ka ho tšoanang, ka Jesu Molimo o tla tsosa ba bang ba ithobaletseng lefung. Nakong ea ho ba teng ha Morena, o tla theoha leholimong ka mohoo o fanang ka taelo, “’me ba shoetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.” Ka mor’a moo, ba ntseng ba phela ba tla ‘nkeloa marung ho ea khahlanyetsa Morena sebakeng,’ hore ba be le Morena ka mehla.—4:16, 17.
11. Ke hobane’ng ha Bathessalonika ba lokela ho falimeha, ’me ba lokela ho tsoela pele ho etsa’ng?
11 Ho lula ba falimehile ha letsatsi la Jehova le atamela (5:1-28). “Letsatsi la Jehova le tla hantle feela joaloka lesholu bosiu.” Ke nakong eo batho ba reng “Khotso le tšireletseho!” moo timetso ea tšohanyetso e tlang ho ba oela holimo hang-hang. Ka baka leo, Bathessalonika a ba ke ba lule ba falimehile joaloka “bara ba leseli le bara ba motšehare,” ba hlaphoheloe kelellong ’me ba apare “tšireletso ea sefuba ea tumelo le lerato le heleme ea tšepo ea poloko.” (5:2, 3, 5, 8, NW) Ena ke nako ea hore ba tšelisane ’me ba matlafatsane. Bohle a ba ke ba “hlomphe haholo-holo ka lerato” ba sebetsang ka thata le ba okametseng har’a bona. Ka lehlakoreng le leng, ba sa laoleheng ba tlameha ho lauoa, ba fokolang ba matlafatsoe, ’me ho bontšoe mamello ho bohle. E, Pauluse oa ngola: “Le mpe le batle ka mehla se ka bang molemo ho e mong le e mong har’a lōna, le ho bohle.”—5:13, 15.
12. Qetellong Pauluse o fana ka keletso litabeng life tsa bohlokoa, ’me o qetella lengolo la hae le eang ho Bathessalonika joang?
12 Qetellong, Pauluse o fana ka keletso litabeng tse ’maloa tsa bohlokoa: ‘Thabang ka mehla. Se phetseng ho rapela, lebohang bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Le boloke mollo oa moea o ntse o tuka. Le hlomphe boprofeta. Le batle bopaki ba lintho tsohle, le khomarele se setle. Le suthe mofuteng o mong le o mong oa bokhopo.’ (5:16-22, NW) Joale o rapella hore oona Molimo oa khotso o ba halaletse ka ho felletseng e le hore ba lule ba hloka sekoli moeeng, sephefumolohing, le ’meleng nakong ea ho ba teng ha Morena Jesu Kreste. O phetha lengolo lena ka mantsoe a mofuthu a khothatso le ka taelo e tiileng ea hore baena bohle ba balloe lengolo lena.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
13. Pauluse le metsoalle ea hae e ne e le mohlala o phahameng oa eng, ’me pontšo ea boithaopo ea lerato e ba le phello efe ka phuthehong?
13 Lengolong lena Pauluse o bontšitse moea oa kameho e lerato ka baena ba hae. Eena le basebeletsi-’moho le eena ba ile ba beha mohlala o phahameng oa lerato le mosa, ’me ha baa ka ba fa baena ba bona ba ratoang ba Thessalonika litaba tse molemo tsa Molimo feela empa ba ile ba ba fa esita le liphefumolohi tsa bona. Balebeli bohle a ba ke ba leke ka matla ho thea tlamo e joalo ea lerato pakeng tsa bona le liphutheho tsa habo bona! Pontšo e joalo ea lerato e tla susumelletsa bohle ho bontša lerato e mong ho e mong, joalokaha Pauluse a itse: “’Me Morena a le hōlise, ’me a le atisetse lerato la ho ratana, le la ho rata bohle, joale ka ha re le rata le rōna.” Lerato lena le bontšoang ka boithaopo har’a batho bohle ba Molimo ke le matlafatsang haholo. Le etsa hore lipelo li ‘tiisoe, li hloke sekoli khalalelong, pel’a Molimo, Ntat’a rōna, ho tleng ha Morena oa rōna Jesu Kreste hammoho le bahalaleli ba hae bohle.’ Le khetholla Bakreste lefatšeng le senyehileng le le boitšoaro bo bobe e le hore ba ka tsamaea ka khalalelo le bohloeki ba bomolimo ka hona ba thabisa Molimo.—3:12, 13; 2:8, NW; 4:1-8.
14. Ke ka tsela efe Ba-Thessalonika ba Pele e leng mohlala o motle ka ho fetisisa oa keletso e nang le mosa le tlhompho, le e lerato?
14 Lengolo lena le fana ka mohlala o motle ka ho fetisisa oa keletso e nang le mosa le tlhompho, le e lerato ka phuthehong ea Bokreste. Le hoja baena ba Thessalonika ba ne ba cheseha ’me ba tšepahala, ho ne ho e-na le lintlha tse lokelang ho lokisoa. Leha ho le joalo, tabeng ka ’ngoe, Pauluse o babatsa baena ka litšoaneleho tsa bona tse ntle. Ka mohlala, ha a lemosa khahlanong le boitšoaro bo litšila, o qala pele ka ho ba babatsa ka ho tsamaea ka mokhoa o khahlisang Molimo ’me joale o ba khothalletsa hore ba etse hoo “ka botlalo haholoanyane,” e mong le e mong a boloke pitsa ea hae bohloeking ba bomolimo le tlhomphong. Joale, ka mor’a ho ba babatsa ka lerato la bona la boena, o ba khothatsa ka matla hore ba tsoele pele tseleng ena “ka tekanyo e felletseng haholoanyane,” ba amehe ka litaba tseo e leng tsa bona ’me ba phele bophelo bo hlomphehang pel’a ba ka ntle. Ka mosa le ka tlhompho, Pauluse o laela baena ba hae hore ba “pheelle ho etsetsana tse molemo, le ho li etsetsa bohle.”—4:1-7, 9-12, NW; 5:15, BPN.
15. Ke eng se bontšang hore Pauluse o ile a bolela tšepo ea ’Muso ka cheseho ha a ntse a le Thessalonika, ’me ke keletso efe e ntle eo a ileng a fana ka eona tabeng ee?
15 Ka makhetlo a mane Pauluse o bua ka “ho ba teng” ha Jesu Kreste. Ho bonahala eka Bakreste ba Thessalonika ba neng ba sa tsoa sokoloha ba ne ba thahasella thuto ena haholo. Ha Pauluse a le motseng oa habo bona, ntle ho pelaelo o ile a bolela ka sebete ka ’Muso oa Molimo o matsohong a Kreste, joalokaha seo eena le metsoalle ea hae ba ileng ba qosoa ka sona se bontša: “Kaofela ha bona ba etsa tse loantšanang le litaelo tsa Cesare, ba re, morena e mong o teng, e leng Jesu.” (Lik. 17:7; 1 Ba-Thess. 2:19, NW; 3:13, NW; 4:15, NW; 5:23, NW) Baena ba Thessalonika ba ne ba behile tšepo ea bona ’Musong oo ’me, ba e-na le tumelo ho Molimo, ba ne ba lebelletse “Mora oa oona maholimong, eo o mo tsositseng bafung, e leng Jesu,” ho ba lopolla bohaleng bo tlang. Ka mokhoa o tšoanang, ho hlokahala hore bohle ba tšepileng ’Muso oa Molimo kajeno ba ele hloko keletso e ntle ea Ba-Thessalonika ba Pele ea hore ba hōle leratong, ka lipelo tse tiileng le tse se nang sekoli, e le hore ba tle ba ’ne ba ‘tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Molimo, o ba biletsang ’musong oa oona le khanyeng ea oona.’—1 Ba-Thess. 1:8, 10; 3:12, 13; 2:12.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona chate “Mathathamo a Pele a Ikhethang a Mangolo a Segerike a Bokreste,” leqephe 303.
b The Text of the New Testament, ea Kurt le Barbara Aland, e fetoletsoeng ke E. F. Rhodes, 1987, maqephe 97, 99.