Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 10/1 maq. 10-14
  • Matšeliso a Tsoang ho Molimo oa Khotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matšeliso a Tsoang ho Molimo oa Khotso
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Ho Tleng ha Hae’
  • Litaelo tse Molemong oa Rōna
  • Ho Tšelisoa ke Tšepo ea Tsoho
  • Tatelano ea Tsoho
  • “Bafu ba Tla Tsosoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Buka ea Bibele ea 52—1 Ba-Thessalonika
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Re Kholisehile Hore Tsoho e Tla ba Teng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Tšepo ea Tsoho e na le Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 10/1 maq. 10-14

Matšeliso a Tsoang ho Molimo oa Khotso

“Le ke le tšelisane ka lipolelo tseo.”—1 BA-THESSALONIKA 4:18.

1. Ke lithapeli life tsa Pauluse tse bontšang thahasello ea hae khotsong?

MOAPOSTOLA Pauluse o ne a lakatsa ka matla hore phutheho ea Bokreste e thabele khotso. Kahoo, mangolo a 13 a hae, joalokaha re a boloketsoe Mangolong a bululetsoeng, a qala ka kōpo ea hore ba a ngoletsoeng ba ke ba thabele khotso e tšoang ho Molimo. Ka mohlala, Pauluse o ngolla phutheho e nyenyane ea Thessalonika, hore: “Le ke le neoe mohau le khotso.” Ho ea qetellong ea lengolo lona leo, o etsa thapeli: “Molimo oa khotso, oona ka sebele, o le halaletse, o le etse ba phethehileng; kaofela ha moea oa lōna, le ha pelo ea lōna, le ha ’mele oa lōna, ho bolokeloe ho hlaheng ha Morena oa rōna Jesu Kreste ho se na sekoli.”—1 Ba-Thessalonika 1:1; 5:23.

2. (a) Pauluse o bontšitse kameho ea mofuta ofe ka phutheho? (b) Baholo ba Bakreste kajeno ba ka latela mohlala oa Pauluse joang?

2 Pauluse le metsoalle ea hae ba ne ba sa ka ba iqenehela ‘ho sebetsa ka thata’ har’a balumeli bao ba bacha. Pauluse o itse: “Re bile mosa har’a lōna, joale ka moanyesi ha a hlokomela bana ba hae ka lerato. Ka mokhoa o joalo, ka baka la ho le rata, re elelitse hore re tla le nea e seng Evangeli ea Molimo feela, empa le eona meea ea rōna, kahobane le le baratuoa ba rōna ruri.” Na mantsoeng ao ha re utloe kameho e haufi, lerato la ’nete le le tebileng tseo Pauluse a neng a li utloa bakeng sa phutheho eo? Ka sebele, ke mohlala oa lerato leo baholo ba Bakreste ba le bontšang liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova tse ka bang 50 000 ho pota lefatše kajeno.—1 Ba-Thessalonika 2:7-9; Johanne 13:34, 35; 15:12-14.

3. (a) Timothea o khonne joang ho tsoela phutheho ea Thessalonika molemo? (b) Hona ho lumellana le eng kajeno?

3 Moleki, Satane, o ne a lihetse Bakreste bao ba Thessalonika mahloriso. Ka hona Pauluse a ba romella Timothea e le hore ‘a ka ba tiisa le ho ba khothatsa bakeng sa tumelo ea bona.’ Timothea a khutlela ho Pauluse Athene ka tlaleho e thabisang ka botšepehi ba bona le lerato la bona. Bohle ba tšeliseha haholo ke ho tseba ka tumelo le botšepehi har’a bona ’me ba tsoela pele ho rapela Molimo hore o koale moo ba haelloang teng. (1 Ba-Thessalonika 3:1, 2, 5-7, 10) Hona le hona, ho bontša tokisetso ea puso ea Molimo kajeno, ka balebeli ba tsamaeang ba hahang liphutheho, haesita le moo Lipaki tsa Jehova li sebeletsang tlas’a thibelo kapa mahloriso a bohale.—Esaia 32:1, 2.

‘Ho Tleng ha Hae’

4, 5. (a) Pauluse o etsa thapeli efe moo, ’me ke hobane’ng ha e lokela ho re khahla ka ho khethehileng hona joale? (b) Ke hobane’ng ha mehla ea rōna e le ea bohlokoa bo ikhethang?

4 Moapostola Pauluse o phetha karolo ena ea lengolo la hae ka thapeli ena: “Morena a le hōlise, ’me a le atisetse lerato la ho ratana, le la ho rata bohle, joale ka ha re le rata le rona, a tle a tiise lipelo tsa lōna; li hloke sekoli khalalelong, pel’a Molimo, Ntat’a rōna, ho tleng ha Morena oa rōna Jesu Kreste hammoho le bahalaleli ba hae bohle.”—1 Ba-Thessalonika 3:12, 13.

5 Mona Pauluse o ne a shebela hōle nakong e tlang, nakong ea ‘ho tla ha Jesu le ea ho fela ha lefatše’ mohla “Mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae, mangeloi a e-na le eena kaofela.” Morena oa rōna oa leholimo o fihlile ka 1914. Hona joale Jesu, a le teroneng ea hae ea khanya e sa bonahaleng, o ahlola lichaba le batho ba lefatše, o arola batho ba ikokobelitseng, ba kang linku hore ba tle ba bolokoe ‘mahlomoleng a maholo’ le ho bolokeloa bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise.—Mattheu 24:3-21; 25:31-34, 41, 46.

Litaelo tse Molemong oa Rōna

6. Hona joale re lokela ho ela hloko khothatso efe ea Pauluse?

6 Na u e mong ea hahamallelang pakane ea bophelo bo sa feleng? Haeba ho joalo, u tlameha ho ela hloko seo Pauluse a se boleletseng Bathessalonika mona: “Ha e le ka ho hong, banab’eso, rea le rapela, hape re le khothatsa ka Morena Jesu, hore, joale ka ha le ithutile ho rōna kamoo le tšoanetseng ho tsamaea le ho khahlisa Molimo, le ’ne le hōle teng kamehla. Le tsoe le tseba litaelo tseo re le neileng tsona ka Morena Jesu.” (1 Ba-Thessalonika 4:1, 2) Tse ling tsa “litaelo” tseo Pauluse a li hatisang moo ke life?

7. (a) Ke ‘taelo’ efe ea bohlokoa e fanoeng moo? (b) Ha re amohetse moea oa Molimo, ke hobane’ng ha re ke ke ra hlokomoloha ho ikalosa le ka letsatsi?

7 ‘Taelo’ ea pele e amana le boitšoaro bo botle. Pauluse o boletse pepenene: “Ho rata ha Molimo ke ho re le halalele, le hore le tšabe bofebe, le hore e mong le e mong ho lōna a tsebe ho bolokela pitsa ea hae khalalelong le hlonephong, e seng litakatsong tse mpe, joale ka bahedene ba sa tsebeng Molimo.” Ka thabo, re ‘tseba’ Molimo le Mora oa oona, Jesu Kreste, ’me re hahamallela bophelo bo sa feleng. E ka ba mahlabisa-lihlong a makaakang haeba re ne re ka itumella hore re hulanyetsoe hape qhafutsong ea lefatše ea boitšoaro bo bobe! Leha ho le bohloko ho ho bolela, ba bang ba pholohile lilemo likampong tsa mahloriso le lichankaneng, kapa ba qeta nako e telele tšebeletsong e chesehang ea boromuoa, hore feela hamorao ba tlohelle Moleki a ba tšoase ba sa ikalosa boitšoarong. Kaha re amohetse moea o halalelang oa Molimo, e se eka re ke ke ra o “soabisa” ka boitšoaro bo bobe ba botona kapa ba botšehali.—1 Ba-Thessalonika 4:3-8; Johanne 17:3; 1 Ba-Korinthe 10:12, 13; Ba-Efese 4:30.

8, 9. (a) “Lerato la boena” ke eng? (b) Re ka hlaolela lerato le joalo joang, hona ka molemo ofe?

8 ‘Taelo’ e latelang ea Pauluse e mabapi le phila·del·phiʹa, “lerato la boena.” (1 Ba-Thessalonika 4:9, 10) Lena ke pontšo e khethehileng ea lerato le nang le motheo, a·gaʹpe leo Pauluse a boetseng a le buellang ka mofuthu mona temaneng ea 9, hammoho le khaolong ea 3, litemana 6 le 12. Phila·del·phiʹa ke lerato la ba atamelaneng haholo, le kang leo ka ho totobetseng le neng le bonahala pakeng tsa Jesu le Petrose, le pakeng tsa Davida le Jonathane. (Johanne 21:15-17; 1 Samuele 20:17; 2 Samuele 1:26) Le ka phaelloa ho a·gaʹpe, ha ho hahuoa bolekane bo haufi, joalokaha ka mohlala, bo bonahala thabong e akaretsang ea botsoalle eo Lipaki tse ngata tsa Jehova li e fumanang hammoho tšebeletsong ea bopula-maliboho le liketsong tse ling tsa puso ea Molimo.

9 Pauluse o re: “Le ’ne le hōle teng kamehla.” Kamehla re ka atolosa lerato la rōna la boena. Tšoaneleho ena e ntle e khaphatseha ka ho khethehileng ha baholo le bahlanka ba sebeletsang ba etella pele tšebeletsong e chesehang ea ’Muso. Ha bohle ka phuthehong ba tšoarehile ho ‘batleng ’Muso pele,’ liphapang tse bakoang ke ho se phethahale hoa botho, likhohlano tsa botho, le mathata a tšoanang li chechela morao. Kamehla re ke re boloke mahlo a rōna pakaneng!—Mattheu 6:20, 21, 33; 2 Ba-Korinthe 4:18.

10. Rōna, joaloka Bakreste, re ka ‘etsa ka mokhoa o tšoanelang’ joang?

10 Mona Pauluse o tlamella ‘taelo’ e ’ngoe—hore re ho etse sepheo sa rōna ho phela ka khutso, re shebane le litaba tsa rōna ’me re sebetse ka matsoho a rōna. Ha re ntse re ‘etsa ka mokhoa o tšoanelang’ joalo bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi, re bonahatsa lerato le nang le motheo le lerato la boena, litlhoko tsohle tsa rōna li tla khotsofatsoa.—1 Ba-Thessalonika 4:11, 12; Johanne 13:35; Ba-Roma 12:10-12.

Ho Tšelisoa ke Tšepo ea Tsoho

11. (a) Ke hobane’ng ha joale Pauluse a kenyeletsa tsoho? (b) Kenyeletso ee ea Pauluse e lokela ho re ama joang?

11 Joale moapostola Pauluse o bua ka tšepo e khōlō ea tsoho. Empa ke hobane’ng ha Pauluse a kenyeletsa taba ee? O ne a batla ho matlafatsa baena ba hae hore ba mamelle mahloriso a neng a ba tlela. Ba ne ba le kotsing ea ho lahleheloa ke bophelo ba bona. Ho bonahala hore ka nako eo ba bang ba ne ba robetse lefung. Balumeli bahabo bona ba ne ba hloka matšeliso. (1 Ba-Thessalonika 2:14-20) Ba nahana hore “ho tla ha Kreste” ho se ho le haufi, ba ne ba ipotsa hore na ho tla etsahala joang ka ba seng ba shoele. Seo joale Pauluse a se ngolang ha se tšelise feela ba lahleheloang ke baratuoa ba Bakreste empa hape se khothaletsa ho mamella ho fihlela ha ho chaba “letsatsi” la Jehova. Keletso ea Pauluse e lokela ho re thusa kaofela hore re bontše ho tsitsa moeeng ha re ntse re tsoela pele ho bolela litaba tse molemo, re lebelletse bofelo ba ho qetela ba tsamaiso ena ea lintho.—2 Ba-Thessalonika 1:6-10.

12. Ke matšeliso afe a sebele ao joale re ka bang le oona ha moratuoa a e-shoa, hona a tsoa mohloling ofe?

12 Pauluse o re: “Banab’eso, ha ke rate hore le ka hloka tsebo tabeng ea ba ithobaletseng, le tle le se ke la hlomoha joale ka ba bang ba se nang tšepo.” (1 Ba-Thessalonika 4:13) Ke matšeliso a makaakang le khotso ea kelello tse ka fumanoang tšepong ea tsoho! Hoo e ka bang lilemo tse hlano hamorao, Pauluse o ne a tla kenyelletsa lengolo la hae la bobeli le eang ho Bakreste ba Korinthe ka ho re: “Le neoe mohau le khotso ke Molimo, Ntat’a rōna, le ke Morena Jesu Kreste. Ho bokoe Molimo, e leng Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste, Ntat’a mehauhelo, Molimo oa matšeliso ’ohle, o re tšelisang mahlomoleng ’ohle a rōna, hore ba leng mahlomoleng, leha e le afe le afe, re tle re tsebe ho ba tšelisa ka matšeliso ao le rōna re tšelisoang ka ’ona ke Molimo.”—2 Ba-Korinthe 1:2-4.

13, 14. (a) Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a batla hore Bakreste ba be le tsebo ka se boleloang ke lefu? (b) Mangolo a supa hore boemo ba bafu ke bofe?

13 Moapostola o ne a sa batle hore re hloke tsebo ka boemo ba bafu. Ka nako ea teng, bokoenehi bo boholo bo ne bo tla kena har’a ba ipolelang hore ke Bakreste, ka hona ba ne ba tla khutlela likhopolong tsa Bababilona le Bagerike. Bakoenehi ba joalo ba ne ba tla amohela thuto ea Plato ea hore moea oa motho ha o shoe—eo joale e leng thuto ea motheo ’musong ’ohle oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Lerelinyana le likolohang “bophelo ba kamorao ho lefu,” e-bang ho thoe bo leholimong, pelekatoring kapa sebakeng sa tlhokofatso ea ka ho sa feleng, ha le fane ka matšeliso a ’nete. Ho feta moo, ho se shoe hoa tlhaho ho hanana le thuto ea tsoho, hobane motho a ka tsosetsoa hape joang bophelong haeba moea o sa shoe?

14 Mona Pauluse o ngola ka “ba ithobaletseng” lefung. E, “ba ithobaletseng.” Motho ea robetseng ha a seli ka eng kapa eng ’me ha a khone ho etsa mosebetsi leha e le ofe. (Bapisa Moeklesia 9:5, 10.) Ho na le nako tšebeletsong ea Jesu ea ha a ile a re Lazaro “o robetse” le hore eena, Jesu, o ne a tla mo “tsosa borokong.” Ha barutuoa ba Kreste ba sa utloisise mantsoe ao, “Jesu a ba bolella phatlalatsa, a re: Lazaro o shoele.” Bo-khaitseli ba Lazaro, Maretha le Maria, ba tšelisoa ke tšepo ea tsoho, ’me Jesu a ba tlisetsa matšeliso a mang hape. Empa e tlameha e be tumelo ea bona e ile ea matlafatsoa hakaakang ha Jesu a tsosa borokong ba lefu motsoalle oa hae ea neng a se a e-na le matsatsi a mane a shoele!—Johanne 11:11-14, 21-25, 43-45.

15. (a) Tšepo ea rōna tsohong e matlafatsoa joang? (b) Re ka thusoa joang hore re buse pelo ka lefu la moratuoa?

15 Mohlolo oo, hammoho le liketso tse ling tsa Jesu tsa ho tsosa bafu, ’me hoa bohlokoahali, le hore Jehova a tsose Jesu ka boeena—liketsahalo tsena tsohle tse nang le bopaki bo botle, li tiisa kholiseho ea rōna tšepong e babatsehang ea tsoho. (Luka 7:11-17; 8:49-56; 1 Ba-Korinthe 15:3-18) Ke ’nete hore lefu le tlisa masoabi le meokho, ’me ho thata ho lokisa kelello hore e lumellane le bosieo ba moratuoa. Empa ke matšeliso a makaakang le matla tseo re li fumanang tiisong ea hore Morena ’Musi ea Phahameng Jehova “o tla felisa lefu ka ho sa eeng kae . . . o tla felisa meokho lifahlehong tsohle”! (Esaia 25:8; Tšenolo 21:4) Pheko e ‘ngoe e molemo ka ho fetisisa ea masoabi ke ho tšoareha haholo tšebeletsong ea Molimo oa khotso, ho abela ba bang tšepo e khathollang ea ’Muso eo rōna re e amohetseng ka teboho e kana-kana.—Bapisa Liketso 20:35.

Tatelano ea Tsoho

16, 17. (a) ‘Sera sa ho qetela’ se tla felisoa joang? (b) Pauluse o hlalosa tatelano efe ea tsoho joale?

16 Tumelo ea rōna e matla hore Kreste, “thakangoaha” ea tsoho eo hona joale a beiloeng teroneng ka letsohong le letona la Molimo maholimong, o tla phethahatsa merero e khanyang ea Jehova ea ’Muso. (Ba-Heberu 6:17, 18; 10:12, 13) Joalokaha Pauluse a bolela lengolong le leng: “Hobane e ka khona [Jesu Kreste] a buse, a tle a be a bee lira tsohle ka tlas’a maoto a hae. Sera se tlang ho felisoa morao-rao ke lefu.” Joang? Karolo e ’ngoe e tla etsoa ka tsoho le ho tlosoa hoa liphello tsa lefu la Adama. Moapostola o ne a sa tsoa ho hlalosa ka tsela ena: “Lefu ha le hlahile ka motho, tsoho ea bafu le eona e hlahile ka motho. Hobane joale ka ha bohle ba e-shoa ka Adama, bohle le joale ba tla boela ba phele ka Kreste. Empa e mong le e mong o tla tsoha nakong eo e leng ea hae; thakangoaha ke Kreste; hamorao ke bao e leng ba Kreste; ba tla tsoha ho tleng ha hae.” (1 Ba-Korinthe 15:20-26) Pauluse joale lengolong la hae la pele le eang ho Bathessalonika, o bua ka tatelano eona ena ea tsoho a re:

17 “Hobane ha re lumetse hoba Jesu o kile a shoa, a ba a tsoha, le hona re tšoanetse ho lumela hoba ba ithobaletseng [lefung], Molimo o tla ba tsosa ka Jesu, ’me o ba hlahise le eena. Re fela re le bolella ka polelo ea Morena, hore, ha e le rōna ba tlang ho phela le ho salla ho tla ha Morena, re ke ke ra raka ba robetseng. Hobane Morena ka sebele o tla theoha leholimong ka mohoo, ka lentsoe la arekangeloi, le ka terompeta ea Molimo, ’me ba shoetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.”—1 Ba-Thessalonika 4:14-16.

18. Batlotsuoa ba neng ba ‘ithobaletse’ lefung ba tsositsoe neng?

18 Kamorao ho 1914, ‘ho tleng’ hoa Jesu matleng a ’Muso, eena, e le lengeloi le leholo, o ntša taelo ea leholimo bakeng sa ba “ho Kreste” hore ba phuthehe. Tabeng ea batlotsuoa ba joalo ba “ithobaletseng” lefung, pitso ena e kang ea terompeta e ba biletsa tsohong ea moea ho kena maholimong. Ke khale Molula-Qhooa o fane ka maikutlo a hore tsoho ena ea Bakreste ba tlotsitsoeng e qalile ka selemo sa 1918.

19. Ke neng hona e le joang ba saletseng ba tlang ho ‘nkeloa marung,’ hona ka morero ofe?

19 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka Bakreste ba tlotsitsoeng ba sa ntsaneng ba le lefatšeng, bao hona joale e leng sehlopha se ntseng se fokotseha sa ba ka tlaase ho 10 000? Bana, le bona, ba tlameha ho phetha bophelo ba bona ba lefatšeng ka botšepehi. Joalokaha eka o ne a e-na le bona ho tleng hoa Kreste, Pauluse o re: “Ebe moo, rōna ba phelang, ba saletseng nakong eo, re nkeloang marung hammoho le bona, ho ea khahlanyetsa Morena sebakeng; ’me ka mokhoa o joalo, re tla ba le Morena ka mehla.” (1 Ba-Thessalonika 4:17; bapisa Tšenolo 1:10.) Kahoo, ka nako ea teng, bohle ba 144 000 ba tla tsosetsoa ho ea sebeletsa e le baprista le marena Thabeng ea Sione ea leholimong le Konyana, Jesu Kreste. “Eo ke tsoho ea pele.” (Tšenolo 14:1, 4; 20:4, 5) Empa ke eng e sa ntsaneng e emetse batho ba libillione ba mabitleng a bona hona joale?

20, 21. (a) Ke eng e emetseng batho ba limillione ba mabitleng a bona? (b) Ke sehlopha sefe seo ho sa tl’o hlokahala hore se shoe lefatšeng, hona hobane’ng? (c) Haeba batho ka bomong ba sehlopha sena ba ka shoa, ke tebello efe e thabisang e teng bakeng sa bona?

20 Le hoja Pauluse a sa ba bolele ka ho toba lengolong la hae la pele le eang ho Bathessalonika, Tšenolo 20:12 e re tiisetsa hore “bafu ba banyenyane le ba baholo” ba tla tsosoa ho ema ka pel’a terone ea kahlolo ea Molimo. (Bona le Johanne 5:28, 29.) Leha ho le joalo, kajeno “bongata bo boholo ba batho” bo baloang ka limillione bo se bo bokelletsoe ka pele ho terone eo. E le sehlopha, bana ba tla bolokoa ba phela hore ba fete ‘mahlomola a maholo’ a haufi. Ba alosoa ke Konyana ’me e ba isa “lilibeng tsa metsi a bophelo,” e le hore ha se hlole ho hlokahala hore ba ka shoa holim’a lefatše. Empa ka lebaka la ho hëla kapa liketsahalo tse sa lebelloang, ba bang ho bona ba ka ’na ba shoa nakong ea ha Morena a le ‘teng.’ (Tšenolo 7:9, 14, 17; Moeklesia 9:11) Ho thoe’ng ka baa?

21 Tšepo e thabisang ea tsoho ea pejana e emetse ‘linku tsohle tse ling’ tsohle tse joalo. (Johanne 10:16) Tumelo ea tsona le mesebetsi ea tsona, joaloka tsa Abrahama oa boholo-holo, li se li ba tlisitse boemong ba botsoalle le Molimo. Joaloka banna le basali bao ba tumelo ba hlalositsoeng ho Ba-Heberu khaolo ea 11, “linku tse ling” tsena tsa kajeno li mamelletse liteko. Ka ho utloahalang le tsona, li tla latsoa “tsoho e molemonyana,” ha ho pelaelo hore e tla ba nakoana kamor’a Harmagedone. (Ba-Heberu 11:35, NW; Jakobo 2:23) Ka sebele, e mong le e mong eo ka tumelo a ‘iphepileng ka nama ea Jesu a ba a noa mali a hae,’ o tla kopanela phethahatsong ea tšepiso ea hae: “O na le bophelo bo sa feleng; ’me ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo.”—Johanne 6:54; Ba-Roma 5:18, 21; 6:23.

22. Re ka tšelisana joang?

22 Hoba a bue ka tšepo e khanyang ea tsoho, Pauluse o’a khothatsa: “Le ke le tšelisane ka lipolelo tseo.” (1 Ba-Thessalonika 4:18) Joale o bua hape ka litaba tsa bohlokoa mabapi le ‘ho tla ha Morena oa rōna Jesu.’ (1 Ba-Thessalonika 5:23) Ke life? Bona sehlooho “Khotso e Tšoang ho Molimo—Neng?”

Ka Bokhutšoaane—

◻ Pauluse o entse lithapeli life lebitsong la Bakreste?

◻ Moapostola o fana ka “litaelo” life molemong oa rōna?

◻ Lentsoe la Molimo le re tšelisa joang mabapi le bafu?

◻ Pauluse o hlalosa tatelano efe ea tsoho?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela