Khaolo ea 24
Lebaka Leo ka Lona Jesu a Tlileng Lefatšeng
MOHLA Jesu a neng a e-na le barutuoa ba hae ba bane Kapernauma ba ne ba tšoarehile haholo, ’me ha letsatsi le likela, batho ba Kapernauma ba ’na ba mo tlisetsa bohle ba kulang hore a ba phekole mantsiboea. Ho ne ho se nako ea boinotši.
Joale e se e le hoseng ha letsatsi le latelang. Ho sa ntse ho le lefifi, Jesu oa ema ’me o tsoela ka ntle a le mong. O ea sebakeng se thōko moo a ka rapelang Ntate oa hae a le boinotšing. Empa boinotši ba Jesu e ba ba nakoana hobane ha Petrose le ba bang ba hlokomela hore ha a eo, baa tsoa ba il’o ’matla.
Ha ba fumana Jesu, Petrose o re: “Bohle ba u batla.” Batho ba Kapernauma ba batla hore Jesu a lule le bona. Ka sebele ba ananela seo a ba etselitseng sona! Empa na Jesu o tlile lefatšeng feela ka sepheo sa hore a etse liphekolo tse joalo tsa mohlolo? O re’ng ka see?
Ho latela tlaleho e ’ngoe ea Bibele, Jesu o arabela barutuoa ba hae: “A re eeng metseng e re teetseng hare, ke tle ke rute le teng, hobane ke tletse hona.” Le hoja batho ba phehella Jesu hore a lule, o re ho bona: “E ka khona ke bolelle le metse e meng Evangeli ea ’muso oa Molimo; hobane ke rometsoe hona.”
E, Jesu o tlile lefatšeng haholo-holo ho tla bolela ka ’Muso oa Molimo o tla tlosa qoso lebitsong la Ntat’ae ’me o phekole maloetse ’ohle a batho ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, Jesu o fana ka bopaki ba hore o rometsoe ke Molimo ka ho etsa liphekolo tsa mohlolo. Ka tsela e tšoanang, makholo a lilemo pele, Moshe o ile a etsa mehlolo ho paka hore ke mohlanka oa Molimo.
Joale ha Jesu a tloha Kapernauma ho ea bolela metseng e meng, barutuoa ba hae ba bane ba tsamaea le eena. Bana ba bane ke Petrose le ngoan’abo Andrease, le Johanne le ngoan’abo Jakobo. U tla hopola hore beke pele ho mona, ba ne ba ile ba mengoa hore e be bona basebetsi-’moho le Jesu ba pele.
Leeto la Jesu la ho bolela Galilea a e-na le barutuoa ba hae ba bane le atleha ka ho tsotehang! Ha e le hantle, tlaleho e buang ka liketso tsa hae e tuma le ho ea fihla Syria. Matšoele a maholo a tsoang Galilea, Judea le ka mose ho Nōka ea Jordane a latela Jesu le barutuoa ba hae. Mareka 1:35-39; Luka 4:42, 43; Mattheu 4:23-25; Exoda 4:1-9, 30, 31.
▪ Ho etsahala eng hoseng ha letsatsi le latelang leo Jesu a neng a tšoarehile ka lona Kapernauma?
▪ Jesu o rometsoe lefatšeng ka lebaka lefe, ’me mehlolo ea hae e sebelelitse morero ofe?
▪ Jesu o ile a tsamaea le bo-mang leetong la hae la ho bolela Galilea, ’me karabelo e bile efe liketsong tsa Jesu?