Khaolo ea 49
Leeto le Leng la Boboleli Galilea
KA MOR’A lilemo tse ka bang peli tsa ho bolela ka matla, na joale Jesu o tla qala ho khoehlisa ebe o tsoela pele ka monyebe? Ho fapana le hoo, o atolosa tšebetso ea hae ea boboleli ka ho qala leeto le leng hape, la boraro Galilea. O etela metse eohle le metsana sebakeng seo, a ruta masynagogeng ’me a bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Seo a se bonang leetong lena se mo kholisa ho feta leha e le neng pele ka tlhokahalo ea ho eketsa mosebetsi oa boboleli.
Hohle moo Jesu a eang teng, o bona matšoele a hlokang ho phekoloa le ho tšelisoa moeeng. A joaloka linku tse se nang molisa, a khathetse a bile a saretsoe, ’me o a utloela bohloko. O bolella barutuoa ba hae: “Kotulo e kholo ruri, empa basebetsi ha ba bakae. Rapelang ke hona Morena oa kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ea hae.”
Jesu o rerile ho nka bohato. O bitsa baapostola ba 12, bao a ba khethileng hoo e ka bang selemo pejana. O ba arola ka bobeli, a ba etsa lihlopha tse tšeletseng tsa baboleli, ’me o ba fa litaelo. Oa hlalosa: “Le se ke la ea ho ba-lichaba, ’me le se ke la kena motseng ofe kapa ofe oa ba-Samaria; le mpe le ee linkung tsa ntlo ea Iseraele tse timetseng. Ha le ntse le tsamaea, le bolele, le re: ’Muso oa maholimo o atametse.”
’Muso ona oo ba eang ho bolela ka oona ke oo Jesu a ba rutileng hore ba o rapelle thapelong ea mohlala. ’Muso o ne o atametse ka kutloisiso ea hore Morena ea khethiloeng oa Molimo, Jesu Kreste, o ne a le teng. E le ho etsa bopaki ba hore barutuoa ba hae ke baemeli ba ’muso oo o phahametseng batho, Jesu o ba fa matla a ho folisa ba kulang esita le a ho tsosa bafu. O ba laela ho etsa litšebeletso tsena ntle ho tefello.
Hape o bolella barutuoa ba hae hore ba se ke ba etsa tokisetso ea lintho tsa nama bakeng sa leeto la boboleli. “Le se ke la inkela gauda, leha e le silevera, leha e le tšepe e khubelu ka maqhaameng a lōna; leha e le mokotla oa tsela, le likobo tse peli, le lieta, le lere; hobane ea sebetsang o lokeloa ke lijo tsa hae.” Bao ba ananelang molaetsa ba tla arabela ’me ba nehelane ka lijo le marobalo. Joalokaha Jesu a re: “Ha le kena motseng, kapa motsaneng ofe le ofe, le botse hore na ke ofe oa teng ea nang le tšoanelo; le lule ha hae le be le tlohe.”
Joale Jesu o fana ka litaelo tsa hore na ba atamele beng ba matlo joang ka molaetsa oa ’Muso. O laela hore, “Enore ha le kena tlung, le e lumelise. Ekare ha ntlo eo e e-na le tšoanelo, khotso ea lōna a e tle ho eona; empa ha e se na tšoanelo, khotso ea lōna e khutlele ho lōna. E mong le e mong ea sa le amoheleng, le polelo tsa lōna a sa li utloe, ha le e-tsoa tlung eo, kapa motseng oo, le hlohlore lerōle la maoto a lōna.”
Jesu o senola hore kotlo ea motse o hanang molaetsa oa bona e tla ba boima haholo. Oa hlalosa: “Ka ’nete ke re ho lōna: Kotlo ea ba lefatše la Sodoma le Gomorrha e tla ba chatsi ho ea motse oo, ka tsatsi la kahlolo.” Mattheu 9:35–10:15; Mareka 6:6-12; Luka 9:1-5.
▪ Jesu o qala leeto la boraro la boboleli Galilea neng, ’me le mo kholisa ka eng?
▪ Ha a roma baapostola ba hae ba 12 ho ea bolela, o ba fa litaelo life?
▪ Ke hobane’ng ha ho ne ho nepahetse hore barutuoa ba rute hore ’Muso o ne o atametse?