Khaolo ea 129
O Iponahatsa ka Makhetlo a Eketsehileng
BARUTUOA ba sa ntsane ba tepelletse. Ha ba utloisise hore na lebitla le se nang letho le bolela eng, ebile ha ba lumele litlaleho tsa basali. Kahoo, hamorao ka Sontaha, Kleopa le morutuoa e mong ba tloha Jerusalema ba ea Emmause, sebaka se ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 11.
Tseleng, ha ba ntse ba buisana ka liketsahalo tsa letsatsi leo, motho e mong eo ba sa mo tsebeng o kena har’a bona. Oa botsa: “Le ntse le buisana ka taba life le ntse le tsamaea?”
Barutuoa baa ema, lifahleho tsa bona li bontša ho khathala matla, ’me Kleopa oa arabela: “Ke uena u le mong har’a ba ahileng Jerusalema ea sa tsebeng taba tse hlahileng teng tšiung tsena.” Oa botsa: “Life?”
Baa arabela: ‘ Tsa Jesu oa Nazaretha. Baprista ba baholo le babusi ba rōna ba mo neetse ho ahloleloa lefu, ba ba ba mo thakhisa. Ha e le rōna, re ne re tšepile hobane ke eena ea tla lopolla Iseraele.’
Kleopa le ’mate oa hae ba hlalosa liketsahalo tse makatsang tsa letsatsi leo—tlaleho ea pono ea mohlolo ea mangeloi le lebitla le se nang letho—empa joale ba bolela ka ho makala ha bona mabapi le se boleloang ke lintho tsena. Motho enoa eo ba sa mo tsebeng oa ba khalemela: “Jo! batho ba se nang kutloisiso, ba pelo tse liehang ho lumela tsohle tse boletsoeng ke baprofeta! Hleka e ne e se tšoanelo hore Kreste a utloisoe bohloko boo, a ntoo kena khanyeng ea hae na?” Joale o ba hlalosetsa litemana tsa lengolo le halalelang tse buang ka Kreste.
Qetellong ba fihla haufi le Emmause, ’me motho enoa eo ba sa mo tsebeng o etsa eka o fetela pele. Kahobane ba batla ho utloa ho eketsehileng, barutuoa baa mo phehella: “Hlola le rōna, hobane e se e le mantsiboea.” Kahoo oa lula ’me o emela lijo. Ha a rapela ’me a ngoatha bohobe a bile a ba neha bona, ba hlokomela hore efela e le Jesu ea nkileng ’mele oa botho. Empa joale oa nyamela.
Joale ba utloisisa hore na ho tlile joang hore e be motho enoa eo ba sa mo tsebeng o tseba lintho tse ngata hakana! Baa botsa: “Ana lipelo tsa rōna li ne li sa chese ka hare ho rōna, ha a ntse a bua le rōna tseleng, a re hlalosetsa Mangolo na?” Ka ntle ho tieho, baa ema ’me ba khutlela morao Jerusalema ba potlakile, moo ba fumanang baapostola le ba phuthehileng hammoho le bona. Pele Kleopa le ’mate oa hae ba ka bua ho hong, ba bang ba bolela ba thabile: “Morena o tsohile bafung ka ’nete; o bile o bonoe ke Simone.” Joale bobeli ba bona ba hlalosa kamoo Jesu a iponahalitseng ho bona ka teng. Lena ke lekhetlo la bone leo a iponahalitseng ka lona ho barutuoa ba hae ba fapaneng letsatsing leo.
Jesu o iponahatsa ka tšohanyetso lekhetlo la bohlano. Le hoja menyako e notletsoe kahobane barutuoa ba tšaba Bajode, oa kena, o ema har’a bona, ’me o re: “Khotso e be le lōna!” Ba tšohile, ba nahana hore ba bona moea. Joale, ha a hlalosa hore hase sethotsela, Jesu o re: “Le tšohela’ng? ’me mehopolo e joalo e hlahela’ng lipelong tsa lōna? Bonang liatla tsa ka le maoto a ka, hobane ke ’na ka sebele. Ntoboketseng, le bone; hobane seriti ha se na nama le masapo, joale kaha le mpona ke e-na le ’ona.” Leha ho le joalo, ba ntse ba le leqe ho lumela.
Ho ba thusa ho utloisisa hore efela ke eena Jesu, oa botsa: “Na mona le na le ntho e jeoang na?” Hoba a amohele leqa la hlapi e besitsoeng ’me a le je, o re: “Ke tsona litaba tseo nkileng ka le bolella tsona, ha ke sa na le lōna [pele ho lefu la ka], ka re: Tsohle tseo ke ngoliloeng ka tsona molaong oa Moshe le baprofeteng le lipesalemeng, e ka khona li etsahale.”
Ha a tsoela pele ka seo, ha e le hantle, e hlileng e kang ke thuto ea Bibele ho bona, Jesu oa ba ruta: “Ho no ho ngoliloe joalo, ’me ho no ho tšoanela hore Kreste a utloisoe bohloko, ’me a tsohe bafung ka letsatsi la boraro; ho tle ho boleloe ka lebitso la hae pako le tšoarelo ea libe ho lichaba tsohle, ho qala ka Jerusalema. Lōna, le lipaki tsa taba tseo.”
Ka lebaka le itseng Thomase ha a eo sebokeng sena sa bohlokoa sa Sontaha mantsiboea. Kahoo matsatsing a latelang, ba bang ba ’molella ka thabo: “Re bone Morena.”
Thomase oa hanyetsa: “Ha ke sa bone maqeba a lithakhisa matsohong a hae, ka kenya monoana oa ka masobeng a lithakhisa, ’me ka kenya letsoho la ka lehlakoreng la hae, ha nka ke ka lumela.”
Matsatsi a robeli hamorao barutuoa ba boetse ba phuthehile hammoho ka tlung. Lekhetlong lena Thomase o na le bona. Le hoja menyako e notletsoe, Jesu o boetse o ema har’a bona ’me o re: “Khotso e be le lōna!” Joale, o retelehela ho Thomase, oa mo mema: “Tlisa monoana oa hao mona, u bone matsoho a ka; u tlise le letsoho la hao, u le kenye lehlakoreng la ka, ’me u se ke ua hloka tumelo.”
Thomase oa hooa: “Morena oa ka le Molimo oa ka!”
Jesu oa ’motsa: “Na u lumetse kahobane u mpone? Ho lehlohonolo ba lumelang leha ba sa ka ba bona.” Luka 24:11, 13-48; Johanne 20:19-29, BPN.
▪ Motho enoa eo barutuoa ba babeli ba sa mo tsebeng o ba botsa ka lintho life ha ba le tseleng e eang Emmause?
▪ Ke eng seo motho enoa eo barutuoa ba sa mo tsebeng a se buang se etsang hore lipelo tsa bona li chese ka hare ho bona?
▪ Barutuoa ba lemoha joang hore na motho enoa eo ba sa mo tsebeng ke mang?
▪ Ha Kleopa le ’mate oa hae ba khutlela Jerusalema, ke tlaleho efe e thabisang eo ba e utloang?
▪ Jesu o iponahatsa joang ka lekhetlo la bohlano ho barutuoa ba hae, ’me ho etsahala’ng nakong eo?
▪ Ke eng se etsahalang matsatsi a robeli ka mor’a ho iponahatsa ha Jesu ka lekhetlo la bohlano, ’me qetellong Thomase o kholisoa joang hore Jesu oa phela?