Jesu Bophelo le Tšebeletso Tsa Hae
Ho Bonahala ho Hong Hape ha Jesu
BARUTUOA ba sa ntsane ba tepelletse. Ha ba utloisise se boleloang ke lebitla le feela, leha e le ho lumela litlaleho tsa mosali. Joale hamorao ka Sontaha, Kleopa le morutuoa e mong ba tloha Jerusalema ba ea Emmause, bohōle bo ka bang lik’hilomithara tse 11.
Tseleng, ha ba ntse ba buisana ka liketsahalo tsa letsatsi, motho eo ba sa mo tsebeng a ikopanya le bona. Oa botsa: “Le ntse le buisana ka taba life le ntse le tsamaea?”
Barutuoa baa ema, lifahleho tsa bona li tepelletse, ’me Kleopa oa arabela: “Ke uena u le mong har’a ba ahileng Jerusalema ea sa tsebeng taba tse hlahileng teng tšiung tsena.”
Oa botsa: “Life?”
Baa arabela: ‘Tsa Jesu oa Nazaretha. Baprista ba baholo le babusi ba rōna ba mo neetse ho ahloleloa lefu, ba ba ba mo thakhisa. Ha e le rōna, re ne re tšepile hobane ke eena ea tla lopolla Iseraele.’
Kleopa le ea nang le eena ba hlalosa liketsahalo tse makatsang tsa letsatsi leo—tlaleho ea pono ea mohlolo ea mangeloi le lebitla le se nang letho—empa joale ba bolela ho makala ha bona mabapi le se boleloang ke lintho tsena. Motho eo ba sa mo tsebeng oa ba khalemela: “Jo! batho ba se nang kutloisiso, ba pelo tse liehang ho lumela tsohle tse boletsoeng ke baprofeta! Hleka e ne e se tšoanelo hore Kreste a utloisoe bohloko boo, a ntoo kena khanyeng ea hae na?” Eaba joale o ba hlalosetsa litemana ho tsoa tabeng e ngotsoeng e halalelang e mabapi le Kreste.
Qetellong ba fihla haufi le Emmause, ’me motho eo ba sa mo tsebeng a etsa eka o fetela pele. Kahobane ba batla ho tseba haholoanyane, barutuoa baa mo phehella: “Hlola le rōna, hobane e se e le mantsiboea, le letsatsi le se le rapame.” Kahoo a lula bakeng sa lijo. Ha a rapela ’me a ngoatha bohobe le ho ba nea, ba hlokomela hore efela ke Jesu ea ikapesitseng ’mele oa motho. Empa joale oa nyamela.
Joale ba utloisisa hore na ke joang motho eo ba sa mo tsebeng a neng a tseba lintho tse ngata hakana! Baa botsa: “Ana lipelo tsa rōna li ne li sa chese ka hare ho rōna, ha a ntse a bua le rōna tseleng, a re hlalosetsa Mangolo na?” Ka ntle ho tieho, baa ema ’me ba khutlela morao Jerusalema ba potlakile, moo ba fumaneng baapostola le ba neng ba phuthehile le bona. Pele Kleopa le ea nang le eena ba ka bua ho hong, ba bang ba bolela ba thabile: “Morena o tsohile bafung ka ’nete; o bile o bonoe ke Simone.” Joale bobeli ba bona ba hlalosa kamoo Jesu a bonahetseng le ho bona ka teng. Lena ke lekhetlo la bone leo a bonahetseng ka lona ho barutuoa ba hae ba fapaneng letsatsing leo.
Esita le hoja menyako e notletsoe hobane barutuoa ba tšaba Bajode, hang-hang Jesu o iponahatsa lekhetlo la bohlano. O ema hantle har’a bona ’me o re: “Khotso e be le lōna.” Ba tšohile, ba nahana hore ba bona moea. Joale, a hlalosa hore hase sethotsela, Jesu o re: “Le tšohela’ng? ’me mehopolo e joalo e hlahela’ng lipelong tsa lōna? Bonang liatla tsa ka le maoto a ka, hobane ke ’na ka sebele. Ntoboketseng, le bone; hobane seriti ha se na nama le masapo, joale kaha le mpona ke e-na le ’ona.” Ba ntse ba le leqe ho lumela hobane ho phela ha hae ho bonahala ho sa kholehe.
Ho ba thusa ho utloisisa hore efela ke Jesu, oa botsa: “Na mona le na le ntho e jeoang na?” Ka mor’a ho amohela sekotoana sa hlapi e besitsoeng le ho e-ja, o qala ho ba ruta, o re: “Ke tsona litaba tseo nkileng ka le bolella tsona, ha ke sa na le lōna [pele ho lefu la ka], ka re: Tsohle tseo ke ngoliloeng ka tsona molaong oa Moshe le baprofeteng le lipesalemeng, e ka khona li etsahale.”
Ha a tsoela pele ka seo ha e le hantle, se neng se lekana le thuto ea Bibele ho bona, Jesu o ile a ruta: “Ho no ho ngoliloe joalo, ’me ho no ho tšoanela hore Kreste a utloisoe bohloko, ’me a tsohe bafung ka letsatsi la boraro; ho tle ho boleloe ka lebitso la hae pako le tšoarelo ea libe ho lichaba tsohle ho qala ka Jerusalema.—Lōna, le lipaki tsa taba tseo.”
Ka lebaka le itseng Thomase ha a eo sebokeng sena sa bohlokoa sa Sontaha mantsiboea. Kahoo matsatsing a latelang, ba bang ka thabo baa ’molella: “Re bone Morena.”
Thomase oa hanyetsa: “Ekare ha ke sa bone maqeba a lithakhisa matsohong a hae, ka kenya monoana oa ka maqebeng a lithakhisa, ka kenya le letsoho la ka lehlakoreng la hae, nke ke ka lumela.”
Matsatsi a robeli hamorao barutuoa ba boetse ba kopane ka tlung. Nakong ena Thomase o na le bona. Le hoja menyako e notletsoe, Jesu o ema hape ka har’a bona ’me o re: “Khotso e be le lōna.” Joale, o retelehela ho Thomase, oa mo mema: “Tlisa monoana oa hao mona, ’me u talime liatla tsa ka; ntša letsoho la hao, u le kenye lehlakoreng la ka, ’me u se ke ua ba ea sa lumeleng, u mpe u be ea lumelang.”
Thomase a hoeletsa: “Morena oa ka le Molimo oa ka!”
Jesu oa ’motsa: “Kahobane u mpone, Thomase, u lumetse. Ho lehlohonolo ba lumetseng, leha ba sa ka ba bona.” Luka 24:11, 13-48; Johanne 20:19-29.
◆ Motho ea sa tsejoeng o botsa barutuoa ba babeli eng tseleng e eang Emmause?
◆ Ke eng seo motho eo ba sa mo tsebeng a se buang se etsang hore lipelo tsa barutuoa li chese ka hare ho bona?
◆ Barutuoa ba lemoha joang hore motho eo ba sa mo tsebeng ke Jesu?
◆ Ha Kleopa le eo a nang le eena ba khutlela Jerusalema, ke tlaleho efe e thabisang eo ba e utloang?
◆ Jesu o bonahala joang ka lekhetlo la bohlano ho barutuoa ba hae, ’me ke eng e etsahalang nakong eo?
◆ Ke eng se etsahalang matsatsi a robeli ka mor’a ho bonahala ha Jesu ka lekhetlo la bohlano, ’me Thomase o kholiseha joang qetellong hore Jesu oa phela?