Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • T-19 maq. 2-6
  • Na Lefatše Lee le tla Pholoha?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Lefatše Lee le tla Pholoha?
  • Na Lefatše Lee le Tla Pholoha?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lefatše Lea Fela—Le Nkeloa Sebaka ke le Leng
  • Bokamoso ba Lefatše Lena
  • “Pontšo”
  • Nako Eo Lefatše le Lecha le Tla Tla ka Eona
    Tsoha!—1993
  • Metsi a Timetsa Lefatše—Na a Tla le Timetsa Hape?
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Na ho Fela ha Lefatše ho Boletsoeng Esale Pele ho Haufi?
    Tsoha!—1995
  • Timetso e Profetiloeng ea Lefatše e Tla Tla Neng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
Bala Tse Ling
Na Lefatše Lee le Tla Pholoha?
T-19 maq. 2-6

Na Lefatše Lee le tla Pholoha?

Ha ho moloko o mong o kileng oa utloa ho boleloa ka bofelo ba lefatše ho feta moloko oa rōna. Batho ba bangata ba tšohile hore lefatše le tla felisoa ke koluoa ea nuclear. Ba bang ba nahana hore tšilafalo e ka ’na ea felisa lefatše. Ba bang bona ba khathatsehile ka hore pherekano ea moruo e tla thulanya lichaba ka lihlooho.

Na lefatše lee le ka hla la fela? Haeba le ka fela, seo se tla bolela’ng? Na ho na le mohla lefatše le kileng la fela?

Lefatše Lea Fela—Le Nkeloa Sebaka ke le Leng

E, lefatše le kile la fela. Nahana ka lefatše le ileng la fetoha le khopo haholo mehleng ea Noe. Bibele ea hlalosa: “Lefatše la mehleng eo le timelitsoe ka ’ona, ha le koahetsoe ke metsi.” Bibele e boetse e re: “Ha [Molimo] o sa ka oa hauhela lefatše la khale, oa mpa oa boloka Noe, ’moleli oa ho loka, e le eena oa boroba meno e le ’meli, mohla o tlisang moroallo holim’a lefatše la banyefoli.”—2 Petrose 2:5; 3:6.

Hlokomela hore na bofelo ba lefatše leo bo ile ba bolela eng ’me ba se ke ba bolela eng. Ha boa ka ba bolela ho fela ha batho. Noe le lelapa la hae ba ile ba pholoha Moroallo oa lefatše lohle. Ho bile joalo le ka polanete Lefatše le maholimo a matle a tletseng linaleli. Ho ileng ha felisoa ke “lefatše la banyefoli” e leng tsamaiso e khopo ea lintho.

Qetellong, ha bana ba Noe ba ntse ba eketseha, ho ile ha hlaha lefatše le leng hape. Lefatše leo la bobeli, kapa tsamaiso ea lintho, le ’nile la ba teng ho fihlela kajeno. Histori ea lona e tletse ka ntoa, tlōlo ea molao le pefo. Ho tla etsahala eng ka lefatše lee? Na le tla pholoha?

Bokamoso ba Lefatše Lena

Ka mor’a ho bolela hore lefatše la mehleng ea Noe le ile la timetsoa, tlaleho ea Bibele e tsoela pele: “Ha e le maholimo a joale le lefatše la joale, li boloketsoe mollo ke lentsoe lona leo.” (2 Petrose 3:7) Ka sebele, joalokaha mongoli e mong oa Bibele a hlalosa: “Lefatše [le teng hona joale] lea feta.”—1 Johanne 2:17.

Bibele ha e bolele hore lefatše la sebele kapa maholimo a tletseng linaleli a tla feta, joalokaha a sa ka a feta mehleng ea Noe. (Pesaleme ea 104:5) Ho e-na le hoo, lefatše lena, le “maholimo” a lona, kapa balaoli ba puso ba tlas’a tšusumetso ea Satane, le “lefatše” la bona kapa mokhatlo oa batho, le tla felisoa joalokaha eka ke ka mollo. (Johanne 14:30; 2 Ba-Korinthe 4:4) Lefatše lena, kapa tsamaiso ea lintho, le tla felisoa joalokaha ka sebele ho ile ha felisoa lefatše pele ho Moroallo. Esita le Jesu Kreste o buile ka boemo ba “mehleng ea Noe” e le mohlala oa se neng se tla etsahala pelenyana ho bofelo ba lefatše lena.—Mattheu 24:37-39.

Ka ho totobetseng, ha Jesu a ne a bua ka mehla ea Noe, e ne e le ha a arabela potso ea baapostola ba hae: “Pontšo ea ho tla ha hao, le ea bofelo ba lefatše e tla ba efe?” (Mattheu 24:3, King James Version) Balateli ba Jesu ba ne ba tseba hore lefatše lena le tla fela. Na tebello ee e ile ea ba tšosa?

Ho fapana le hoo, ha Jesu a hlalosa liketsahalo tse neng li tla etsahala pele ho bofelo ba lefatše, o ile a ba khothalletsa hore ba nyakalle ‘hobane topollo ea bona e se e le haufi.’ (Luka 21:28) E, ho lopolloa ho Satane le tsamaiso ea hae e khopo ea lintho ho ea lefatšeng le lecha la khotso!—2 Petrose 3:13.

Empa lefatše lee le tla fela neng? Jesu o fane ka “pontšo” efe ea ‘ho tla ha hae, le ea bofelo ba lefatše’?

“Pontšo”

Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng mona e le “ho tla” ke pa·rou·siʹa, ’me le bolela “ho ba teng,” ke hore, ka sebele motho a be teng. Kahoo ha “pontšo” e bonahala, ho ke ke ha bolela hore Kreste o haufi le ho tla empa hore o se a ntse a khutlile ’me a le teng. Ho ne ho tla bolela hore o se a qalile ho busa ka tsela e sa bonahaleng e le morena oa leholimo le hore haufinyane o tla felisa lira tsa hae.—Tšenolo 12:7-12; Pesaleme ea 110:1, 2.

Jesu ha aa ka a fana ka ketsahalo e le ’ngoe feela e le “pontšo.” O ile a hlalosa liketsahalo tse ngata tsa lefatše le maemo. Kaofela li ne li tla etsahala nakong eo bangoli ba Bibele ba bolelang hore ke “mehleng ea qetello.” (2 Timothea 3:1-5; 2 Petrose 3:3, 4) Nahana ka tse ling tsa lintho tseo Jesu a boletseng esale pele hore li ne li tla tšoaea ‘mehla ea qetello.’

“Sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantše ’muso o mong.” (Mattheu 24:7) Kajeno lintoa li ’nile tsa eketseha ho feta leha e le neng pele. Rahistori e mong o ile a hlokomela: “Ntoa ea Pele ea Lefatše [e qalileng ka 1914] e bile ntoa ea pele e ‘felletseng.’” Leha ho le joalo, ntoa ea bobeli ea lefatše e bile e senyang haholoanyane. ’Me ntoa e ntse e tsoela pele ho rusulla lefatše. E, mantsoe a Jesu a phethahetse ka tsela e hlollang!

“Litlala li tla ba teng.” (Mattheu 24:7) Ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše ho ile ha kena tlala eo mohlomong e leng eona e khōlō ho tsohle historing. Tlala e tšabehang e boetse ea ba teng ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše. Seoa sa phepo e fosahetseng se ama karolo e le ’ngoe ho tse hlano ea baahi ba lefatše, se bolaea bana ba limillione tse ka bang 14 selemo se seng le se seng. Ka sebele, ho bile le “litlala”!

“Litšisinyeho tse kholo tsa lefatše li tla ba teng.” (Luka 21:11) Ka karolelano, palo ea batho ba shoeleng selemo ka seng litšisinyehong tsa lefatše ho tloha ka 1914 e mena haleshome palo ea ba shoeleng makholong a fetileng a lilemo. Nahana ka tse ’maloa feela tsa tse khōlō: 1920, Chaena, ha shoa ba 200 000; 1923, Japane, ha ba le mahlatsipa a 99 300; 1939, Turkey, ha shoa ba 32 700; 1970, Peru, ha shoa ba 66 800; ’me ka 1976, Chaena, ha ba le mahlatsipa a ka bang 240 000 (kapa, ho ea ka mehloli e meng, a 800 000). Ka sebele, ke “litšisinyeho tse kholo tsa lefatše”!

“Mafu a akaretsang.” (Luka 21:11) Hang ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, batho ba ka bang limillione tse 21 ba ile ba bolaoa ke mokakallane oa Spain. Science Digest e ile ea tlaleha hore: “Historing eohle ha ho e-so be le ketelo e matla le e potlakileng hakaalo ea lefu.” Ho tloha ka nako eo, lefu la pelo, kankere, AIDS, le mafu a mang a ’nile a bolaea batho ba makholo a limillione.

“Ngatafalo ea bokhopo.” (Mattheu 24:12) Ho tloha ka 1914 lefatše la rōna le ’nile la tsejoa e le la tlōlo ea molao le pefo. Libakeng tse ngata ha ho motho ea ikutloang a sireletsehile ho tsamaea literateng esita le motšehare. Bosiu batho ba lula matlong a notletsoeng le a etselitsoeng mekoallo, ba tšaba ho ea ka ntle.

Ho ile ha boleloa esale pele hore lintho tse ling tse ngata li ne li tla etsahala mehleng ea qetello, ’me kaofela ha tsona lia etsahala. Sena se bolela hore bofelo ba lefatše bo atametse. Empa ka ho thabisang, ho tla ba le baphonyohi. Ka mor’a ho bolela hore “lefatše lea feta,” Bibele ea tšepisa: “Ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.

Kahoo ho hlokahala hore re tsebe thato ea Molimo ’me re e etse. Joale re ka pholoha bofelo ba lefatše lena hore re thabele ka ho sa feleng mahlohonolo a lefatše le lecha la Molimo. Bibele e tšepisa hore ka nako eo: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona [batho]; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.”—Tšenolo 21:3, 4.

Ntle leha ho bontšitsoe ka hosele, litšupiso tsohle tsa Bibele li hlaha Bibeleng ea Sesotho.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 6]

Photo Credits: Airplane: USAF photo. Child: WHO photo by W. Cutting. Earthquake: Y. Ishiyama, Hokkaido University, Japan.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela