Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 11/8 leq. 31
  • Nako Eo Lefatše le Lecha le Tla Tla ka Eona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nako Eo Lefatše le Lecha le Tla Tla ka Eona
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pontšo
  • Seo U Lokelang ho se Etsa
  • Na Lefatše Lee le tla Pholoha?
    Na Lefatše Lee le Tla Pholoha?
  • Jesu o Ile a re Lefatše le Tla Felisoa Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
  • Lipotso Tse ’Nè ka Bofelo Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Bofelo ba Lefatše
    Tsoha!—2015
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 11/8 leq. 31

Nako Eo Lefatše le Lecha le Tla Tla ka Eona

LEFATŠE le lecha la Molimo le tla tla ha lena la hona joale le feta. Empa u ka ’na ua botsa, ‘Na ka sebele re ka lumela hore lefatše lee le tla fela?’ Ha e le hantle, nahana, na ho na le le kileng la fela pele?

E, ho latela bopaki bo felisang pelaelo, ho na le lefatše le kileng la fela. Bibele e re: “Lefatše la mehleng eo [mehla ea Noe] le timelitsoe ka ’ona, ha le koahetsoe ke metsi.” Molimo ‘haa ka a hauhela lefatše la khale, a mpa a boloka Noe, ’moleli oa ho loka, e le eena oa boroba meno e le ’meli, mohla a tlisang moroallo holim’a lefatše la banyefoli.’—2 Petrose 2:5; 3:6.

Hlokomela hore e ne e le “lefatše la banyefoli,” kapa tsamaiso ea lintho e khopo, le ileng la timela. Ho ileng ha fela e ne e se polanete Lefatše, maholimo a tletseng linaleli, kapa lelapa la batho. Ha baphonyohi ba Moroallo ba eketseha ka palo, lefatše le leng (la rōna la hona joale) le ile la e-ba teng. Ho tla etsahala eng ka lona?

Ka mor’a ho bolela hore lefatše la mehla ea Noe le ile la timetsoa, Bibele e tsoela pele: “Ha e le maholimo a joale le lefatše la joale, li boloketsoe mollo ke lentsoe lona leo.” (2 Petrose 3:7) Mollo o tšoantšetsa timetso ea lefatše. Ka sebele, “lefatše [le teng kajeno] lea feta.” (1 Johanne 2:17) Empa neng?

Baapostola ba Jesu ba ile ba batla ho tseba, kahoo ba ile ba botsa: “Re bolelle, lintho tsee li tla etsahala neng? ’me pontšo ea ho tla ha hao, le ea bofelo ba lefatše e tla ba efe?” (Mattheu 24:3, King James Version) Ha Jesu a araba o ile a fana ka pontšo e neng e tla etsa hore batho ba phelang nakong ea phethahatso ea eona ba khone ho tseba hore lefatše le leng le ne le le haufi le ho fela; lefatše le lecha le ne le tla le nkela sebaka. Pontšo eo e ne e le efe?

Pontšo

Pontšo eo e ne e akareletsa likarolo tse ngata, e, liketsahalo tse ngata li ile tsa boleloa esale pele. Hore pontšo eo e phethahatsoe, kaofela ha tsona li ne li lokela ho etsahala ka tsela e hlokomelehang ka nako e tšoanang, nakong ea moloko o le mong. (Mattheu 24:34) Liketsahalo tseo ke life?

Tse ling tse boletsoeng ke Jesu ke tsena: “Sechaba se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantše ’muso o mong. Litšisinyeho tse kholo tsa lefatše li tla ba teng, le litlala ka nģa tse ngata, le mafu a akaretsang.” “Le tla neeloa ho tšoenngoa, le tla bolaoa, ’me le tla hlouoa ke lichaba tsohle ka baka la lebitso la ka. . . . Lerato la ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ea bokhopo.”—Luka 21:10, 11; Mattheu 24:7-9, 12.

Moapostola Pauluse o ile a boela a fana ka maemo a mang a neng a tla tšoaea ‘mehla ea qetello’ ea lefatše lena. O ile a ngola: “Mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko. Hobane batho e tla ba baithati, le ba ratang leruo, . . . le ba sa utloeng batsoali ba bona, ba hlokang teboho le borapeli; e tla ba ba se nang lerato la hlaho, . . . le bahalefi, le baikhohomosi, ba ratang menate ea nama, e seng Molimo; ba tla ba le sebopeho sa borapeli, empa e le ba latotseng matla a jona.”—2 Timothea 3:1-5.

Ka sebele, u kile ua bona kapa ua utloela ka lintho tsena tsohle—liqhoebeshano tsa machaba tse ileng tsa baka lintoa tsa nako e fetileng, litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše, mafu a seoa a akaretsang le likhaello tsa lijo, lehloeo le ho hlorisoa ha balateli ba Kreste, ho eketseha ha ho hloka molao, le linako tse bohloko tse ke keng tsa lekanngoa. Ka ntle ho lintho tsena, Bibele e bolela esale pele hore Molimo o tla “senya ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) Batho ba hlile ba senya lefatše hona joale!

Ka November ea selemo se fetileng, likoranta li ne li e-na le lihlooho tsa litaba tse kang sena: “Bo-rasaense ba ka Sehloohong ba Lemosa ka ho Senngoa ha Lefatše.” Dr. Henry Kendall, ea ileng a hapa khau ea Nobel ebile e le molula-setulo oa Lekhotla la Bo-rasaense ba Tšoenyehileng, o ile a re: “Temoso ena hase pheteletso, ’me hase tšoso.” Sehlooho se seng sa koranta se ile sa tlaleha: “Lethathamo la bo-rasaense ba 1 575 ba ileng ba rala temoso eo le ne le hlahisa mabitso a bo-rasaense ba tummeng thutong ea machaba ea saense.” Temoso ea bona ea ho felisoa ho feletseng ha lefatše la rōna ha ea lokela ho hlokomolohuoa!

Ho ke ke ha e-ba le pelaelo ka hona. Pontšo e ntse e phethahatsoa ka likarolo tsohle tsa eona, ho akareletsa le ho bolela ha Jesu ntho pele ho nako ho ka sehloohong: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang,” e, bofelo ba lefatše lena. (Mattheu 24:14) Jesu o boletse hore bofelo bo tla tla ha litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li boletsoe lefatšeng ka bophara. ’Me ho bolela hoo ho se ho ntse ho etsoa ka tekanyo e boletsoeng esale pele ke Lipaki tsa Jehova!

Seo U Lokelang ho se Etsa

Ka hona, bopaki bohle bo supa ’nete ea hore lefatše le lecha la Molimo le haufi haholo. Empa, hore u tle u pholohe bofelo ba lefatše lena ’me u thabele bophelo lefatšeng le lecha, ho na le seo u lokelang ho se etsa. Ka mor’a ho bolela hore “lefatše lea feta,” Bibele e bontša se lebeletsoeng ho uena, ha e hlalosa: “Ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.

Kahoo u lokela ho ithuta thato ea Molimo ’me u e etse. Lipaki tsa Jehova li ka thabela ho u thusa ho etsa sena. Joale u ka pholoha bofelo ba lefatše lena hore u thabele mahlohonolo a lefatše le lecha la Molimo ka ho sa feleng.

Haeba ka mor’a ho bala makasine oona u na le lipotso leha e le life tsa Bibele, ka kōpo ikutloe u lokolohile ho iteanya le Lipaki tsa Jehova Holong ea ’Muso e leng sebakeng sa heno, kapa u ngolle bahatisi ba makasine oona. (Bona leqephe 5.)

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]

NASA photo

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Nako ea matšoenyeho a maholo e tla pele feela ho lefatše le lecha

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela