Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 11/8 maq. 26-30
  • U Batla Lefatše La Mofuta Ofe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Batla Lefatše La Mofuta Ofe?
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlhoko ea Pele
  • Lefatše la Nala
  • Lefatše le se Nang ho Kula
  • Mosebetsi o Khotsofatsang le Toka Bakeng sa Bohle
  • Menyetla le Boiketlo
  • Mofuta oa Baahi
  • Le Tla Tla Neng?
  • Ho Tšepisitsoe Bophelo bo Molemo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Bophelo Lefatšeng Le Lecha la Khotso
    Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso
  • Lefatše le Lecha la Paradeise le Haufi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
  • Bophelo Paradeiseng e Tsosolositsoeng
    Tsoha!—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 11/8 maq. 26-30

U Batla Lefatše La Mofuta Ofe?

HAEBA u ne u e-na le matla, na u ne u tla bōpa lefatše le lecha, lefatše le se nang mathata ’ohle a aparetseng batho kajeno? Haeba u ne u ka etsa joalo, na hase ho utloahalang ho lebella hore ’Mōpi oa rōna ea lerato, Jehova Molimo, ea nang le matla, o tla bōpa lefatše le lecha la ho loka?

Bibele e re: “Jehova o molemo ho bohle, mehauhelo ea hae e aparetse mesebetsi eohle ea hae. U fuparolla seatla sa hao, u kholisa tse utloang kaofela.” (Pesaleme ea 145:9, 16) Tse ling tsa lintho tseo u li lakatsang ke life? U laba-labela lefatše la mofuta ofe?

Abraham le Rose Franzblau bukeng ea bona A Sane and Happy Life: A Family Guide, ba ile ba ngola: “Haeba re ne re ka etsa phuputso ho fumana maikutlo a baahi ba lefatše ’me re botse batho ka mofuta oa lefatše leo bohle re ka ratang ho phela ho lona, ho ka etsahala hore bohle re lumellane litlhokong tse itseng tsa motheo.”

A re hlahlobisiseng litlhoko tse thathamisitsoeng ke lingaka tsena ’me re bone hore na hase lintho tse tšoanang le tseo u li batlang. Ha re ntse re etsa joalo, re tla boela re bone hore na ’Mōpi oa rōna ea lerato o tšepisitse hore o tla fana ka lintho tsena.

Tlhoko ea Pele

Lingaka tsena li thathamisitse “lefatše le se nang ntoa” e le ntho ea pele. Ka mor’a ho latsoa lintoa tse tšabehang tse ’maloa, ba bangata ba laba-labela lefatše leo ho lona batho ba ke keng ba hlola ba loana le ho bolaeana. Tšepo ea bona e bontšitsoe ka mongolo o leboteng la Moaho oa Machaba a Kopaneng o Motseng oa New York, o balehang tjena: BA TLA TEA LIPHEHLA TSA BONA TSA NTOA MEHOMA. ’ME MARUMO A BONA BA A TEE LISEKELE: SECHABA SE SENG SE KE KE SA HLOLA SE FUTUHELA SECHABA SE SENG KA LERUMO. EBILE HA BA SA TLA HLOLA BA ITHUTA NTOA.

Na u ne u tseba hore mantsoe ao ke karolo ea tšepiso e entsoeng ke Jehova Molimo? Mantsoe ao a tlalehiloe ka Bibeleng e Halalelang ho Esaia khaolo 2, temana 4, ho King James Version. Hape, ka ho bala Pesaleme ea 46:8, 9, u tla hlokomela hore ke morero oa Molimo ho felisa libetsa tsohle le ho ‘felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše.’ Lefatšeng le bōpiloeng ke Molimo la khotso, le se nang ntoa, boprofeta bona ba Bibele bo thabisang bo tla phethahala: “Ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feiga ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang.”—Mikea 4:4.

Na u ne u ke ke ua lokolisa “lefatše le se nang ntoa” e le tlhoko ea motheo ea mofuta oa lefatše leo u le batlang? Ak’u nahane feela, ’Mōpi oa rōna e Moholo o le tšepisitse!

Lefatše la Nala

Tlhoko ea hao ea bobeli e ne e tla ba efe? Na e ne e tla tšoana le ena e latelang, “lefatše le se nang tlala, leo ho lona bofuma le ho hloka li tla felisoa ka ho feletseng”? Na e ne e ke ke ea e-ba ntho e thabisang ha ho ne ho ke ke ha hlola ho e-ba le ngoana ea bolaoang ke tlala? Ka sebele u ka rata ho phela lefatšeng la nala. Empa ke mang ea ka tiisang see?

Ak’u nahane ka seo Molimo a se tšepisang: “Lefatše ka bolona ka sebele le tla beha lihlahisoa.” “Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng.” (Pesaleme ea 67:6, NW; 72:16) E, lefatšeng le lecha la Molimo, lijo tse monate li tla ba ngata. Bibele e re tiisetsa hore Jehova “o tla etsetsa lichaba kaofela mokete oa lijo tse hlabosang, mokete oa liveine tse monate tse nkiloeng holim’a litšifa, mokete oa lijo tse hlabosang, tsa moko.”—Esaia 25:6.

Le hoja ho le ka ’nģane ho matla a batho ho tlisa lefatše le se nang tlala, ha ho ka ’nģane ho matla a Molimo hore a ka le tlisa. Mor’a Hae, Jesu Kreste, o bontšitse hore ho fepa batho bohle e ke ke ea e-ba bothata tlas’a ’Muso oa Molimo. Ha Jesu a sa le lefatšeng, o ile a fepa batho ba likete-kete ka ho atisa bohobe le litlhapi tse seng kae ka mohlolo.—Mattheu 14:14-21; 15:32-38.

Lefatše le se Nang ho Kula

U ke ke ua fumana motho ea kulang kae kapa kae lefatšeng leo bohle re le batlang. Kahoo tlhoko ea boraro ha e makatse. Lingaka tseo li ile tsa ngola: “E ne e tla ba lefatše le se nang ho kula, lefatše leo batho bohle ba neng ba tla ba le monyetla oa ho phela bophelo ba bona bohle ba lokolohile mafung a ka thibeloang le a phekolehang.”

Ak’u nahane hore na e tla ba phomolo e kaakang ha ho se ho se ea tšoaroang ke sefuba kapa boloetse leha e le bofe! Batho ba ke ke ba felisa ho kula, empa Jehova Molimo a ka ho felisa. ’Me o tšepisa hore lefatšeng la hae le lecha “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” Ho e-na le hoo, “mahlo a lifofu a tla tutuboloha, litsebe tsa ba thibaneng litsebe li bulehe. Sehlotsa se tla tlōla joale ka khama, leleme la semumu le tla bina.” (Esaia 33:24, NW; 35:5, 6) E, Molimo o tla “hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.”—Tšenolo 21:4.

Ha Jesu Kreste a ne a le lefatšeng, o ile a bontša hore na re ka lebella eng ka tekanyetso e khōloanyane lefatšeng le lecha la Molimo. O ile a tutubolla lifofu, a thibolla litsebe tsa lithōlo, a rarolla maleme a limumu, a etsa hore liqhoala li tsamaee, hape o bile a tsosa le bafu.—Mattheu 15:30, 31; Luka 7:21, 22.

Mosebetsi o Khotsofatsang le Toka Bakeng sa Bohle

Ntle le pelaelo, mosebetsi o khotsofatsang le toka bakeng sa bohle li ne li tla ba teng lefatšeng leo uena le hoo e batlang e le batho bohle le ka le ratang. Kahoo lingaka li ile tsa ngola: “Ea bone, e ne e tla ba lefatše le nang le mosebetsi bakeng sa ba ratang ho amohela moputso bakeng sa ho iphelisa le ho phelisa malapa a bona.” ’Me li ile tsa phaella: “Ea bohlano, e ne e tla ba lefatše leo motho e mong le e mong a tla thabela tokoloho tlas’a molao, ho na le toka bakeng sa bohle.”

Le ka mohla puso ea batho ha e e-s’o ka e khona ho finyella litlhoko tsena tsa bophelo bo thabileng. Empa lefatše le lecha la Molimo le tla li finyella. Bibele e tšepisa sena mabapi le mosebetsi o molemo oo batho ba tla o etsa nakong eo: “Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona; ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona. . . . Bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona. Ba ke ke ba sebeletsa lefeela.”—Esaia 65:21-23.

Ho thoe’ng ka tokoloho le toka bakeng sa bohle? Ho sa tsotellehe hore na babusi ba batho ba lekile ka tieo hakae, ba hlōlehile ho fana ka lintho tsena ho batho bohle. Ho hloka toka le khatello ho ntse ho tsoela pele ho rena lefatšeng ka bophara. Kahoo le ka mohla batho ba ke ke ba finyella tlhoko ena. Empa Molimo ea Matla ’Ohle a ka khona. Jesu Kreste ea tsositsoeng bafung ke ’Musi oa hae ea khethiloeng, ’me Jehova o re ka eena: “Mokhethoa oa ka, eo moea oa ka o khahlisoang ke eena; . . . o tla tlisetsa lichaba ho loka.”—Esaia 42:1; Mattheu 12:18.

E, Bibele e tšepisa hore tlas’a ’Muso oa Molimo “tse bōpiloeng li tla holloa bohlankeng ba tšenyeho, li tle li be tokollong ea khanya ea bana ba Molimo.” (Ba-Roma 8:21) E tla ba lefatše le lecha le thabileng hakaakang ha ho na le tokoloho le toka bakeng sa bohle!

Menyetla le Boiketlo

Ka sebele lefatšeng leo u le batlang, baahi bohle ba ne ba tla thabela menyetla e lekanang ho sa tsotellehe morabe kapa bochaba. Ka hona, ha ho makatse hore ebe tlhoko ea motheo ea botšelela e boletsoeng ke lingaka tseo ke hore: “E ne e tla ba lefatše leo ho lona motho e mong le e mong a neng a tla ba le monyetla oa ho hlahisa matla a hae le litalenta ka ho feletseng, ’me a putsoe bakeng sa boiteko ba hae, ntle le leeme.”

Le ka mohla batho ha ba e-s’o ka ba khona ho bōpa lefatše leo batho bohle ba thabelang ho tšoaroa hantle ho lona. Leeme haesita le ho hlorisoa ha batho ba sa amoheleheng ba fokolang ka palo li tsoela pele li sa khaotse. Leha ho le joalo, Morena oa lefatše le lecha la Molimo, Jesu Kreste, o tla etsisa mohlala oa Jehova, Ntate oa hae, ea ‘sa talimeng tšobotsi ea motho, ea sa amoheleng tjotjo.’ (Lipolelo 10:17, BPN; Ba-Roma 2:11) Se tla etsa hore lefatše le lecha le tlang le be molemohali ke hore batho ba ke ke ba rutoa feela hore ba latele ho hloka leeme ha Jehova Molimo empa hape ba tla rutoa ho ho sebelisa.—Esaia 54:13.

Hangata bophelo ba batho bo ’nile ba neheloa mosebetsing o boima haholo ba e-na le phomolo e fokolang kapa ho hang ba se na eona. Kahoo ka sebele u tla lumellana le tlhoko ea motheo e latelang, e leng: “Ea bosupa, e ne e tla ba lefatše leo batho bohle ba neng ba tla ba le boiketlo bo lekaneng bakeng sa ho thabela lintho tseo ba li nkang e le tse molemo bophelong.”

Ka ho tseba tlhoko ea motho ea linako tsa phomolo le boikhathollo, Jehova Molimo Molaong oa hae oa boholo-holo o ile a etsa tokisetso ea letsatsi la phomolo la beke le beke. (Exoda 20:8-11) Ka hona, re ka kholiseha hore lefatšeng la hae le lecha, Molimo o tla etsa hore tlhoko ea rōna ea boikhathollo le mefuta e lokileng ea boikhathollo e phethahatsoe.

Mofuta oa Baahi

Ntho ea bohlokoa ea ho qetela eo lingaka li faneng ka eona e hlalosa litšobotsi tsa bao e neng e tla ba baahi ba “mofuta oa lefatše leo re ka ratang ho phela ho lona.” Bona hore na ha u nahane hore litšobotsi tseo ba li thathamisang ke tsa bohlokoa. “Ea borobeli, e ne e tla ba lefatše leo bohlokoa bo boholo bo neng bo tla behoa litšobotsing tse khethollang motho ho liphoofolo, tse kang bohlale le bokhoni ba boqapi, tlhompho le botšepehi, lerato le botšepehi bo sa sekisetseng, boitlhompho le ho hloka boithati, le ho ameha ka batho ba bang.”

Na u ne u ke ke ua rata ho phela lefatšeng leo e mong le e mong a bonahatsang litšobotsi tsa boitšoaro bo botle tsa botšepehi, lerato, botšepehi bo sa sekisetseng, ho hloka boithati, le ho ameha ka batho ba bang? Ka sebele ona ke mofuta oa lefatše leo u le batlang! Ha ho babusi ba batho ba ka fanang ka lona. Ke Jehova Molimo feela ea ka fanang ka lona. ’Me o tla etsa joalo hobane lefatše la hae le lecha hase feela toro eo eseng ea sebele.—Pesaleme ea 85:10, 11.

Le Tla Tla Neng?

Joalokaha ho hlokometsoe sehloohong se fetileng, motsoalle ea haufi-ufi oa Jesu Kreste o ile a ngola: “Re lebeletse, ka pallo ea oona [Molimo], maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.” (2 Petrose 3:13) Joalokaha Jesu a hlokometse, nako ea ho phethahatsoa ha tšepiso ena e tla ba “nchafalong ea tsohle, mohla Mor’a motho a lulang teroneng ea khanya ea hae.”—Mattheu 19:28.

Tšimolohong Molimo o ile a laela Adama le Eva, batho ba pele ba babeli, ho atolosa tšimo ea Paradeise eo A neng a ba behile ho eona. O ne a batla hore ba be le bana ’me hammoho le bona ba etse lefatše lohle tšimo e ntle ea Edene. (Genese 1:26-28; 2:7-9, 15) Le hoja Adama le Eva ba ile ba hlōleha ho phetha morero ona, nchafalong ha Kreste a busa ’Musong, Paradeise ea lefatše e tla tsosolosoa. Qetellong, maemo a kang a Edene a tla atolosetsoa lefatšeng ka bophara. Ka tsela ena ’Mōpi oa rōna ea lerato o tla phethahatsa morero oa hae oa motheo oa ho ba le lefatše le nang le khotso, le lokileng. Empa le tla tla neng?

Na u nahana joaloka ba bangata ba reng, ‘Le tla tla ka nako e ’ngoe empa eseng nakong ea bophelo ba rōna.’ Empa, u tseba joang? Na nako ea rōna ea matšoenyeho a lefatše a ke keng a lekanngoa e ka ba pontšo ea hore lefatše le lecha la Molimo le haufi? Re ka tseba joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Lefatšeng le lecha, ho tla ba le khotso, bophelo bo phethahetseng, le katleho

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Cubs: Courtesy of Hartebeespoortdam Snake and Animal Park

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Lefatšeng le lecha, batho ba tla thabela mosebetsi o molemo

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Lefatšeng le lecha, ho tla ba le nako ea mesebetsi ea boikhathollo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela