Khaolo 5
Li Bolela ho Khutla ha Morena (1870-1914)
“Histori e latelang ha e fanoe feela hobane ke susutlelletsoe ho lokolisa tataiso ea Molimo tseleng ea leseli, empa e fanoe ka ho khetheha hobane ke lumela hore hoa hlokahala hore ’nete e boleloe ka mokhoa o hlomphehang, e le hore lipolelo tse sothiloeng le tse tletseng leeme li ka tanolloa, le hore babali ba rōna ba bone kamoo Morena a ’nileng a fana ka thuso le tataiso ho tla fihlela hona joale.”a
KA MOR’A ho bua mantsoe ao Charles Taze Russell o ile a tsoela pele ho lokolisa liketsahalo tse lebisitseng ho hatiseng ha hae Millennial Dawn (eo hamorao e ileng ea bitsoa Studies in the Scriptures) le Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence (eo hona joale e tsejoang e le Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova). Lipaki tsa Jehova li thahasella histori ena ka ho khethehileng. Hobane’ng? Hobane kutloisiso ea tsona ea hona joale ea linnete tsa Bibele le mosebetsi oa tsona e ka saloa morao ho fihlela lilemong tsa bo-1870 le mosebetsing oa C. T. Russell le metsoalle ea hae, ’me ho tloha moo ea saloa morao ho ea ka Bibeleng le Bokresteng ba pele.
Charles Taze Russell e ne e le mang? Na histori ea mosebetsi oa hae e fana ka bopaki ba thuso le tataiso ea Morena?
Ho Batla ’Nete
C. T. Russell o hlahetse United States, Allegheny (eo hona joale e leng karolo ea Pittsburgh), Pennsylvania, ka February 16, 1852. E ne e le mora oa bobeli oa Joseph L. le Ann Eliza (Birney) Russell, bao e neng e le litho tsa kereke ea Presbytery bao batsoali ba bona ba hlahetseng Scotland le Ireland. ’Mè oa Charles o ile a shoa ha Charles a le lilemo li robong feela, empa ho tloha a sa le monyenyane, Charles o ne a susumelitsoe ke batsoali ba hae ba babeli ba ratang bolumeli. Ho joalokaha motsoalle e mong oa moraonyana oa C. T. Russell a boletse, “ba ile ba otlolla thupa e sa le metsi; ’me e ile ea hōla e sekametse Moreneng.” Le hoja a hōlisitsoe e le setho sa kereke ea Presbytery, qetellong Charles e ile ea ba setho sa Congregational Church hobane o ne a rata lipono tsa eona.
Ntle ho pelaelo Charles e mocha e ne e le rakhoebo ea atlehileng. Ha a le lilemo li 11 feela, o ile a kopanela khoebo le ntate oa hae lebenkeleng la liphahlo tsa banna le atlehileng. Charles o ile a atolosa khoebo eo, ’me qetellong o ile a tsamaisa mabenkele a ’maloa a fapaneng a le mong. Le hoja a ne a tsoella hantle khoebong, o ne a tšoenyehile haholo moeeng. Ke hobane’ng ha a ne a tšoenyehile?
Batsoali ba Charles ba ne ba lumela ka tieo litumelo tsa likereke tsa Bokreste-’mōtoana ’me ba ile ba etsa hore le eena a li amohele ha ba ntse ba mo hōlisa. Ka hona Charles e monyenyane o ile a rutoa hore Molimo ke lerato, empa ba mo ruta hore o bōpile batho ba futsitse ho se shoe ebile o fane ka sebaka sa mollo seo ho sona a tlang ho hlokofatsa ka ho sa feleng bohle ka ntle ho ba khethiloeng esale pele hore ba bolokehe. Khopolo ena e ile ea kukunela pelo e tšepahalang ea Charles e mocha lilemong. O ile a re: “Molimo ea ka sebelisang matla a hae ho bōpa batho bao a tsebileng le ho ba khethela esale pele hore ba tla hlokofatsoa ka ho sa feleng, e ne e ke ke eaba o bohlale, o na le toka kapa o lerato. E ne e tla ba litekanyetso tsa hae li fokola ho feta tsa batho ba bangata.”
Empa Russell e mocha o ne a sa latole hore Molimo o teng; o ne a mpa feela a sa amohele lithuto tsa likereke tse lumeloang ka ho tloaelehileng. O ile a hlalosa: “Hanyane ka hanyane ke ile ka hlokomela hore le hoja tumelo ka ’ngoe ho tsena e ne e e-na le linnete tse itseng, ka kakaretso li ne li khelosa ebile li le khahlanong le Lentsoe la Molimo.” Ha e le hantle, litumelong tsa likereke, “linnete tse itseng” li ne li pupelitsoe ke lithuto tsa bohetene tse ferekanyang tse neng li thophothetse Bokresteng bo silafalitsoeng nakong ea bokoenehi bo nkileng lilemo tse makholo-kholo. Eitse ha Russell a furalla litumelo tsa kereke ’me a batla ’nete, o ile a hlahlobisisa malumeli a mang a hlahelletseng a Bochabela, empa a fumana hore ha a khotsofatse.
Ho Tsitsa Tumelong
Leha ho le joalo, thupa ena e ne e otlollotsoe ke batsoali ba tšabang Molimo; e ne e “sekametse Moreneng.” Ha a ntse a batla ’nete, mantsiboeeng a mang ka 1869, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e ileng ea tsitsisa tumelo e thekeselang ea Charles. Ha a ntse a tsamaea maloka le lebenkele la Russell Federal Street, o ile a utloa ’mino oa bolumeli o hlahang ka holong e mokatong o ka tlaase. Ho latela mantsoe a hae, ho etsahetse tjena:
“Ka tšohanyetso, mantsiboeeng a mang ke ile ka fapohela ka holong e ’ngoe e tletseng lerōle le e litšila, eo ke neng ke utloile ho thoe ho tšoareloa litšebeletso tsa bolumeli ho eona, ho bona hore na batho ba seng bakae ba kopanelang moo ho na le ho hong ho batlang ho utloahala hoo ba ka fanang ka hona ho feta litumelo tsa likereke tse ngata. Holong eo, ka lekhetlo la pele, ke ile ka utloa lipono tse itseng tsa bolumeli ba Second Adventist [Advent Christian Church], moruti e ne e le Monghali Jonas Wendell . . . Ka hona, kea lumela hore ke tlameha ho leboha bolumeli ba Adventist hammoho le lihlotšoana tse ling tsa bolumeli. Le hoja tsela eo bo neng bo hlalosa Mangolo ka eona e ne e sa hlaka, . . . e ne e lekane, tlas’a tšusumetso ea Molimo, bakeng sa ho tsitsisa tumelo ea ka e thekeselang ea hore Bibele e bululetsoe ke Molimo, le ho mpontša hore litlaleho tsa baapostola le baprofeta li amana ka tsela e momahaneng. Seo ke se utloileng se ile sa etsa hore ke e’o ithuta Bibele ka cheseho le phalimeho e eketsehileng ho feta leha e le neng pele, ’me ke tla lula ke ntse ke leboha Morena ka tataiso eo; hobane le hoja bolumeli ba Adventist bo sa ka ba nthusa ho fumana ’nete leha e le ’ngoe, bo ile ba nthusa haholo ho falatsa liphoso tseo ke neng ke ithutile tsona, ’me ba ntlhomella bakeng sa ’Nete.”
Seboka seo se ile sa tsosolosa boikemisetso ba Russell e monyenyane ba ho batla ’nete ea Mangolo. Se ile sa mo etsa hore a e’o ithuta Bibele ka tieo e khōloanyane ho feta leha e le neng pele. Kapele-pele Russell o ile a lumela hore ke nako ea hore ba ’nileng ba sebeletsa Morena ba fumane tsebo e hlakileng ka morero oa Hae. Kahoo, ka 1870, a susumetsoa ke cheseho, eena le metsoalle ea hae e seng mekae e Pittsburgh le Allegheny e haufi ba ile ba kopana ’me ba theha sehlopha sa ho ithuta Bibele. Ho latela se boletsoeng ke motsoalle e mong oa Russell oa morao-rao, sehlotšoana sena sa ho ithuta Bibele se ne se khannoa ka mokhoa oona: “Motho e mong o ne a botsa potso. Ebe ba buisana ka eona. Ba ne ba phetla mangolo ’ohle a amanang le ntlha eo ebe ha ba khotsofalitsoe ke ho lumellana ha litemana tseo, qetellong ba bolela qeto ea bona ’me ba e ngole fatše.” Joalokaha Russell a ile a lumela hamorao, nako ea “ho tloha ka 1870 ho ea ho 1875 e ne e le nako ea khōlo e sa fetoheng lerekong le tsebong le leratong la Molimo le Lentsoe la oona.”
Ha batho bana ba tšepahalang ba batlang ’nete ba ntse ba hlahlobisisa Mangolo, ba ile ba hlakeloa ke lintho tse ’maloa. Ba ile ba bona linnete tsa Mangolo tse amanang le ho shoa ha sephefumolohi sa motho le hore ho se shoe ke mpho e neng e tla fumanoa ke bao e leng majalefa-’moho le Kreste ’Musong oa hae oa leholimo. (Ezek. 18:20; Ba-Roma 2:6, 7) Ba ile ba qala ho utloisisa thuto ea sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste le monyetla oo tokisetso ena e faneng ka oona ho batho. (Matt. 20:28) Ba ile ba hlokomela hore le hoja Jesu a ile a tla lefatšeng ka lekhetlo la pele e le motho oa nama, ha a khutla o ne a tla ba teng a sa bonahale e le motho oa moea. (Joh. 14:19) Ho phaella moo ba ile ba ithuta hore sepheo sa ho khutla ha Jesu e ne e se ho timetsa batho bohle, empa e le ho hlohonolofatsa malapa a batho ba utloang. (Ba-Gal. 3:8) Russell o ngotse: “Re ile ra utloisoa bohloko haholo ke liphoso tsa bolumeli ba Second Adventist, bo neng bo lebelletse ho khutla ha Kreste nameng, le bo rutang hore lefatše le tsohle tse ho lona ntle ho litho tsa bolumeli ba Second Adventist le tla chesoa.”
Ruri linnete tsa Mangolo tse ileng tsa hlakela sehlotšoana sena sa Bibele li ile tsa etsa hore se furalle lithuto tsa bohetene tse neng li thophothetse Bokresteng nakong ea bokoenehi bo bileng teng ka lilemo tse makholo-kholo. Empa na Russell le metsoalle ea hae e ratang lintho tsa moea ba ile ba fumana linnete tsee tse tsoang ka Bibeleng ntle ho thuso ea ba bang?
Tšusumetso ea ba Bang
Russell o ile a bua pepenene ka thuso ea ho ithuta Bibele eo a ileng a e fumana ho ba bang. Ha aa ka a leboha Jonas Wendell oa bolumeli ba Second Adventist feela empa o ile a boela a bua ka lerato ka batho ba bang ba babeli ba neng ba mo thusitse ho ithuta Bibele. Russell o itse ka banna bana ba babeli: “Ho ithuta Lentsoe la Molimo le baena bana ba ratehang ho ile ha lebisa makhulong a matala mohato ka mohato.” E mong, George W. Stetson, e ne e le seithuti se tiileng sa Bibele e bile e le moruti oa Advent Christian Church e Edinboro, Pennsylvania.
E mong, George Storrs, e ne e le mohatisi oa makasine oa Bible Examiner, Brooklyn, New York. Storrs, ea hlahileng ka December 13, 1796, qalong o ile a susumelletsoa ho hlahloba seo Bibele e se buang ka boemo ba bafu ke ho bala ho hong ho hatisitsoeng (le hoja ka nako eo ho ne ho sa tsejoe) ke seithuti se hlokolosi sa Bibele, Henry Grew, oa Philadelphia, Pennsylvania. Storrs o ile a fetoha ’muelli ea chesehang oa ho neng ho thoe ke selekane sa ho se shoe—thuto ea hore sephefumolohi sea shoa le hore ho se shoe ke mpho e tlang ho fumanoa ke Bakreste ba tšepahalang. O ile a boela a re kaha batho ba khopo ha ba na ho se shoe, tlhokofatso ea ka ho sa feleng ha e eo. Storrs o ne a tsamaea haholo, a ruta ka taba ea hore batho ba khopo ha ba na ho se shoe. Har’a lingoliloeng tseo a ileng a li hatisa ke Six Sermons, eo qetellong ho ileng ha abjoa likopi tsa eona tse 200 000. Ntle ho pelaelo, maikutlo a Storrs a matla a thehiloeng Bibeleng ka ho se shoe ha sephefumolohi hammoho le pheko ea libe le tsosoloso (tsosoloso ea se lahlehileng ka baka la sebe sa Adama; Liketso 3:21) a ile a ba le tšusumetso e matla le e tiileng ho Charles T. Russell e monyenyane.
Leha ho le joalo, monna e mong ea bileng le phello e tebileng bophelong ba Russell o ile a boela a etsa hore botšepehi ba hae ’neteng ea Mangolo bo behoe tekong.
Boprofeta ba Nako le ho ba Teng ha Morena
Hoseng ho hong ka January 1876, Russell ea lilemo li 23 o ile a fumana kopi ea Herald of the Morning e hatisoang ka mor’a nako e itseng. O ile a hlokomela hore ke ea bolumeli ba Adventist ha a bona setšoantšo se sekoahelong. Mohlophisi oa eona, Nelson H. Barbour, oa Rochester, New York, o ne a lumela hore sepheo sa ho khutla ha Kreste hase ho timetsa malapa a lefatše empa ke ho a hlohonolofatsa le hore ho tla ha hae e ke ke ea e-ba ha nama empa e tla ba ha moea. Sena se ne se lumellana le seo Russell le metsoalle ea hae e Allegheny ba neng ba ntse ba se lumela ka nako e teletsana!b Leha ho le joalo, ka ho makatsang, ho latela boprofeta ba Bibele ba nako, Barbour o ne a lumela hore Kreste o se a ntse a le teng (a sa bonahale) le hore mosebetsi oa kotulo oa ho bokella “koro” (Bakreste ba ’nete ba bōpang sehlopha sa ’Muso) o ne o se o ntse o etsoa.—Matt., khao. 13.
Russell o ne a iphapanyelitse boprofeta ba Bibele ba nako. Leha ho le joalo, joale o ile a ipotsa: “Na ebe mohlomong boprofeta ba nako boo ke ’nileng ka bo khella fatše ka nako e telele, ka baka la ho sebelisoa hampe ke litho tsa bolumeli ba Adventist, bo ne bo hlile bo reretsoe ho bontša hore na Morena o tla ba teng neng a sa bonahale hore a hlome ’Muso oa hae?” Ka lenyora la hae le sa timeng la ho batla ’nete ea Mangolo, ho ile ha hlokahala hore Russell a ithute ho eketsehileng. Kahoo o ile a etsa tokisetso ea ho kopana le Barbour Philadelphia. Ho kopana hona ho ile ha tiisa tumellano ea bona lithutong tse ngata tsa Bibele ’me ha fana ka monyetla oa hore ba fapanyetsane maikutlo. Hamorao Russell o ile a re: “Ha re qala ho kopana, o ile a ithuta ho hongata ho ’na mabapi le boleng ba tsosoloso e thehiloeng holim’a matla a felletseng a thekollo e fanoeng bakeng sa bohle, joalokaha le ’na ho ne ho hlokahala hore ke ithute ho hongata ho eena mabapi le nako.” Barbour o ile a atleha ho kholisa Russell hore ho ba teng ha Kreste ho sa bonahaleng ho ne ho qalile ka 1874.c
“Qeto ea ho Etsa Phutuho e Matla ea ho Phatlalatsa ’Nete”
C. T. Russell o ne a na le kholiseho e tiileng. A kholisehile hore ho ba teng ho sa bonahaleng ha Kreste ho se ho qalile, o ne a ikemiselitse ho bolella ba bang sena. Hamorao o ile a re: “Ho tseba hore re se re ntse re le nakong ea kotulo ho ile ha ntšusumelletsa ho phatlalatsa ’Nete ho feta leha e le neng pele. Ka hona, hang-hang ke ile ka etsa qeto ea ho etsa phutuho e matla ea ho phatlalatsa ’Nete.” Joale Russell o ile a etsa qeto ea ho fokotsa lithahasello tsa khoebo ea hae e le hore a ka ikitlaetsa boboleling.
E le hore a ka loantša lipono tse fosahetseng ka ho khutla ha Morena, Russell o ile a ngola pampitšana ea The Object and Manner of Our Lord’s Return. E ile ea hatisoa ka 1877. Selemong sona seo Barbour le Russell ba ile ba hatisa Three Worlds, and the Harvest of This World ba kopane. Buka ena e maqephe a 196 e ne e tšohla litaba tse amanang le tsosoloso le boprofeta ba Bibele ba nako. Le hoja taba ka ’ngoe e ne e se e tšohliloe ke ba bang nakong e fetileng, ho latela pono ea Russell buka ena e ne e le “ea pele ea ho matahanya tsosoloso le boprofeta ba nako.” E ile ea hlahisa pono ea hore ho ba teng ha Jesu Kreste a sa bonahale ho bile ka hoetla 1874.
Ha Russell a ntse a tsamaea ’me a bolela, o ile a hlokomela hore ho hlokahala ho hong ho eketsehileng bakeng sa ho boloka lipeō tsa ’nete tseo a neng a ntse a li jala li phela le ho li nosetsa. Karabelo e ne e tla ba efe? Russell o itse: “Koranta e tsoang hanngoe ka khoeli.” Kahoo eena hammoho le Barbour ba ile ba etsa qeto ea ho tsosolosa Herald, e neng e emisitsoe ka nakoana ka baka la lipeeletso tse khaolitsoeng le khaello ea lichelete. Russell o ile a nehelana ka lichelete tsa hae bakeng sa ho tsosolosa koranta ena, ’me ea e-ba e mong oa bahlophisi ba eona.
Ka nakoana lintho tsohle li ile tsa tsamaea hantle—e leng ho fihlela ka 1878.
Russell o Arohana le Barbour
Tokollong ea August 1878 ea Herald of the Morning, ho ile ha hlaha sehlooho se ngotsoeng ke Barbour se latolang bohlokoa ba topollo ba lefu la Kreste. Russell, ea neng a batla a le monyenyane ho Barbour ka lilemo tse 30, o ile a bona hore ha e le hantle hona ke ho latola karolo ea bohlokoa ea thuto ea thekollo. Kahoo tokollong e latelang feela (September 1878), tabeng e nang le sehlooho se reng “Pheko ea Libe,” Russell o ile a tšehetsa thekollo ’me a hanyetsa lipolelo tsa Barbour. Khang ena e ile ea tsoela pele maqepheng a koranta ena ka likhoeli tse ’maloa tse latelang. Qetellong, Russell o ile a etsa qeto ea ho hula setsoalle sa hae ho Monghali Barbour ’me a khaotsa ho tšehetsa Herald ka lichelete.
Leha ho le joalo, C. T. Russell o ile a ikutloa hore ho ikhula ho Herald ha hoa lekana; thuto ea thekollo e tlameha ho sireletsoa ’me ho ba teng ha Kreste ho boleloe. Ka hona, ka July 1879, Russell o ile a qala ho hatisa Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence.d Russell e ne e le eena mohlophisi le mohatisi, hammoho le ba bang ba bahlano bao pele ba neng ba tlatsetsa ka lihlooho tse ngotsoeng koranteng ena. Tokollong ea pele ho ile ha hatisoa likopi tse 6 000. Ka 1914 tokollong ka ’ngoe ho ne ho hatisoa likopi tse ka bang 50 000.
“Eseng e le Mecha, Eseng e le ea Rōna, Empa e le ea Morena”
C. T. Russell o ile a sebelisa Molula-Qhooa le lingoliloeng tse ling bakeng sa ho tšehetsa linnete tsa Bibele le ho hanyetsa lithuto tsa bolumeli ba bohata le lifilosofi tsa batho tse hanyetsang Bibele. Leha ho le joalo, ha a ka a ipolela hore ke eena ea sibollotseng linnete tse ncha.
Ho tloha karolong e qetellang ea lekholo la bo18 la lilemo, baruti ba bangata le liithuti tsa Bibele ba ne ba ’nile ba pepesa lithuto tsa bohata tsa ho se shoe ha sephefumolohi le tlhokofatso ea batho ba khopo ka ho sa feleng. Ho pepesoa hona ho ne ho tlalehiloe ka ho pharalletseng bukeng e bitsoang Bible Vs. Tradition, ea Aaron Ellis, eo qalong e hatisitsoeng Engelane ’me ea hatisoa ke George Storrs United States ka 1853. Empa nakong eo ha ho le a mong ea ileng a etsa boiteko bo fetang ba C. T. Russell le metsoalle ea hae ba ho tsebahatsa ’nete ena.
Ho thoe’ng ka lithuto tse ling tsa Bibele tse ileng tsa tšohloa ho Molula-Qhooa le lingoliloeng tse ling? Na Russell o ile a amohela tlotla e felletseng ka ho koaholla matlotlo aa a ’nete? Russell o hlalositse: “Re fumane hore ka lilemo tse makholo-kholo lihlotšoana tsa bolumeli le mekha e sa tšoaneng li ne li arolelane lithuto tsa Bibele, tsa li matahanya le likhopolo le liphoso tse itseng tsa batho . . . Re ile ra fumana hore thuto ea bohlokoa ea ho behoa ba lokileng ka tumelo e seng ka mesebetsi e ne e phatlalalitsoe ka ho hlakileng ke Luther ’me morao tjena e phatlalalitsoe ke Bakreste ba bangata; hore toka ea bomolimo le matla le bohlale li ne li sirelelitsoe ka hloko le hoja litho tsa bolumeli ba Presbytery li ne li sa hlokomela sena ka ho hlaka; hore litho tsa bolumeli ba Methodist li ne li ananela li bile li tlotlisa lerato le kutloelo-bohloko ea Molimo; hore litho tsa bolumeli ba Adventist li ne li tšoarelletse thutong ea bohlokoa ea ho khutla ha Morena; hore har’a lintlha tse ling ka nepo litho tsa bolumeli ba Baptist li ne li tšoarelletse thutong ea ho kolobetsoa ka tsela ea tšoantšetso, le hoja li ne li hlokomolohile kolobetso ea sebele; hore litho tse ling tsa bolumeli ba Universalist ke khale li tšoarelletse ka tsela e sa hlakang likhopolong tse itseng tse amanang le ‘tsosoloso.’ Kahoo, hoo e ka bang lihlotšoana tsohle tsa bolumeli li fane ka bopaki ba hore haesale bathehi ba tsona ba ntse ba batla ’nete: empa ka ho hlakileng Sera se seholo se ne se ba loantša ’me ka phoso se ne se arotse Lentsoe la Molimo leo se neng se sa khone ho le felisa ka ho felletseng.”
Mabapi le tatellano eo liketsahalo li etsahetseng ka eona eo a neng a fana ka eona khafetsa, Russell o itse: “Ha re re tatellano ‘ea rōna’ eo liketsahalo li etsahetseng ka eona re mpa feela re bolela eo re e sebelisang, tatellano eo liketsahalo tsa Bibele li etsahetseng ka eona, e leng eo batho bohle ba Molimo ba e amohelang. Ha e le hantle nako e telele pele ho mehla ea rōna e ne e sebelisoa ka tsela e batlang e tšoana le eo re e sebelisang ka eona, feela joalokaha boprofeta bo sa tšoaneng boo re bo sebelisang bo ne bo sebelisoa ka morero o fapaneng ke litho tsa bolumeli ba Adventist, le joalokaha lithuto tse sa tšoaneng tseo re li lumelang le tse bonahalang li le ncha ebile li fapane li ne li lumeloa ka tsela e itseng nakong e fetileng: ka mohlala—Ho Khethoa, Lereko le sa Lefelloeng, Tsosoloso, Ho Behoa ba Lokileng, Khalalelo, Tlotliso, Tsoho.”
Joale Russell o ile a hlokomela joang karolo eo eena le metsoalle ea hae ba e phethileng ka ho phatlalatsa ’nete ea Mangolo? O hlalositse: “Mosebetsi oa rōna . . . e ’nile ea e-ba ho bokella mesaletsa ena eo e leng khale e hasane ea ’nete le ho e bolella batho ba Morena—eseng e le mecha, eseng e le ea rōna, empa e le ea Morena. . . . Re tlameha ho hana tlotla leha e le efe esita le ea ho fumana le ho hlophisa bocha matlotlo a ’nete.” O ile a tsoela pele ho re: “Mosebetsi oo Morena a thabetseng ho sebelisa litalenta tsa rōna tse fokolang ho oona hase oo re iqapetseng oona empa e bile tsosoloso, tokiso, le momahano.”
Ka hona Russell o ne a sa ikhohomose ka seo a se finyelletseng. Leha ho le joalo, ‘mesaletsa e hasaneng ea ’nete’ eo a ileng a e bokella le ho e bolella batho ba Morena e ne e se na lithuto tse hlomphollang Molimo tsa bohetene tsa Boraro-bo-bong le ho se shoe ha sephefumolohi, tse neng li kene likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana ka baka la bokoenehi bo boholo. Ho fapana le mang kapa mang mehleng eo, Russell le metsoalle ea hae ba ile ba bolela lefatšeng ka bophara se boleloang ke ho khutla ha Morena le morero oa bomolimo le seo o se akarelletsang.
‘Ho Hahana Tumelong e Halalelang ka ho Fetisisa’
Batho ba lipelo li tšepahalang ba ile ba arabela ka potlako linneteng tse lokollang tseo C. T. Russell le metsoalle ea hae ba neng ba li bolela ka lingoliloeng le ka lipuo. Russell, a ntse a le ka tlaase ho lilemo tse 30, kapele-pele o ile a hlokomela hore ho hlokahala hore babali ba Molula-Qhooa ba tloaelane le balumeli-’moho ’me ba khothatsane. Liithuti tsa Bibele tse Pittsburgh li ne li etsa sena ka ho kopana ’moho ka mehla, empa ho ne ho ka etsoa eng bakeng sa ho thusa babali ba Molula-Qhooa ba libakeng tse ling?
Karabelo e ile ea hlaha litokollong tsa Molula-Qhooa (oa Senyesemane) tsa May le June 1880. Ho tsona Russell o ile a tsebisa ka litokisetso tsa hae tsa ho etela litoropo le metse e ’maloa Pennsylvania, New Jersey, Massachusetts, le New York. Ka morero ofe? Tsebiso e ile ea hlalosa: “Babali ba rōna ba hasane hohle, libakeng tse ling ke ba babeli ba bararo, ho fihlela ho ba 50. Libakeng tse ling ha baa tloaelana le ba bang ho hang, ka hona ba lahleheloa ke kutloelo-bohloko le matšeliso ao Ntate oa rōna a rerileng hore a fihle ho bona ka ‘Ho bokana hammoho joalokaha e le mokhoa oa ba bang.’ Ke morero oa Hae hore ‘Re matlafatsane,’ ’me re hahane tumelong e halalelang ka ho fetisisa. Re tšepa hore liboka tsena tse reriloeng li tla tlatsetsa ho tloaelaneng le ba bang.”—Ba-Heb. 10:24, 25.
‘Liboka tse reriloeng’ li ile tsa tšoaroa nakong ea ketelo ea Russell, ’me li ile tsa ipaka li atlehile haholo; babali ba Molula-Qhooa ba ile ba atametsoa haufi-ufi e mong ho e mong. Maeto ana le a mang a ho etela “lihlotšoana tsa ba letileng” kapele-pele li ile tsa qetella ka hore ho thehoe lihlopha tse ’maloa, kapa likereke (tseo hamorao li ileng tsa bitsoa liphutheho), tse neng li le libakeng tse boletsoeng ka holimo hammoho le Ohio le Michigan. Lihlopha tsena li ile tsa khothalletsoa ho tšoara liboka ka mehla. Empa e ne e le liboka tsa mofuta ofe?
Sehlopha se Pittsburgh se ne se tloaetse ho bokana ’moho bonyane habeli ka beke. Seboka se seng sa sehlopha se leng Pittsburgh hangata se ne se akarelletsa puo e fanoang ke sebui se tšoanelehang e lebisitsoeng ho kereke ka kakaretso, mohlomong e fanoa holong e hiriloeng. Empa libokeng tse ling, tseo hangata li neng li tšoareloa malapeng, ba leng teng ba ne ba kōptjoa hore ba tle le Bibele, buka e thathamisitseng mantsoe a sehlooho, pampiri, le petloloto—le ho kopanela ka ho fana ka litlhaloso.
Botsoalle bo thabisang ba moea bo neng bo ba teng libokeng tse joalo tsa ka mehla tse tšoaroang beke le beke e ne e le phetoho e khathollang ho tloha tšusumetsong e hlokang mofuthu le botsoalle e teng litšebeletsong tsa likereke tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana. Empa Russell le metsoalle ea hae ha se bona ba ileng ba bula khoro ea ho bokana ’moho ka mehla. Tloaelo eo ea ho bokana, esita le malapeng, e ile ea thehoa ke Bakreste ba lekholo la pele la lilemo.—Ba-Roma 16:3, 5; Ba-Kol. 4:15.
“Na Ua Bolela?”
C. T. Russell le metsoalle ea hae ba ne ba lumela ka tieo hore ba nakong ea kotulo le hore ho hlokahala batho ba utloe ’nete e lokollang. Leha ho le joalo, ba ne ba fokola ka palo. Molula-Qhooa o ne o finyella tlhoko ea bohlokoa, empa na ho ne ho ka etsoa ho eketsehileng? Russell le basebetsi-’moho le eena ba ne ba nahana joalo. Ka 1880 ba ile ba qala ho hatisa Bible Students’ Tracts (tseo hamorao li ileng tsa bitsoa Old Theology Quarterly), ’me li ne li fuoa babali ba Molula-Qhooa hore ba li abele batho ntle ho tefo.
E, babali ba Molula-Qhooa ba ile ba khothalletsoa ho arolelana le ba bang linnete tsa bohlokoa tseo ba ithutang tsona. “Na ua bolela?” ke potso e ileng ea botsoa tokollong e kopantsoeng ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane) ea July le August 1881. E ne e le habohlokoa hakae hore ba bolele? Sehlooho sena se ile sa tsoela pele ho re: “Re lumela hore ha ho le a mong eo e tla ba karolo ea mohlatsoana ntle ho baboleli. . . . E, re bilelitsoe ho utloisoa bohloko le eena le ho bolela litaba tseo tse molemo hona joale, e le hore ka nako e loketseng re ka tlotlisoa le ho finyella lintho tse boleloang hona joale. Ha rea biletsoa, kapa ho tlotsetsoa ho fumana tlhompho le ho bokella leruo, empa hore re ikitlaetse ka hohle-hohle, le ho bolela litaba tse molemo.”
Ke ho loketseng hore ebe Liithuti tseo tsa pele tsa Bibele li ne li utloa ka matla tlhokahalo ea ho bolela litaba tse molemo. Ha e le hantle, Bakreste ba lekholo la pele la lilemo ba ile ba jarisoa thōmo ea ho bolela; ke boikarabelo ba Bakreste bohle ba ’nete ho fihlela kajeno. (Matt. 24:14; 28:19, 20; Lik. 1:8) Empa sepheo sa boboleli bo neng bo etsoa ke Russell le babali ba pele ba Molula-Qhooa e ne e le sefe? Na e ne e mpa feela e le ho aba lingoliloeng tsa Bibele kapa ho hlokomelisa batho ba kenang kereke linnete tsa Mangolo?
“U Tlameha ho e Tlohela”
Ke khale Bibele e lemositse: “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka.” Se tlohe ho eng? “Babylona e moholo, ’m’a liotsoa le a manyala a lefatše.” (Tšen. 17:5; 18:4) Ke hobane’ng ha se lokela ho tloha ho Babylona? “Hobane libe tsa hae li se li kolohane ho ea fihla leholimong, ’me Molimo o hopotse makhopo a hae.” (Tšen. 18:5) Enoa eo ho thoeng ke ’m’a liotsoa eo batho ba lokelang ho ikarola ho eena ke mang?
Martin Luther le baeta-pele ba bang ba Phetoho e Khōlō ea Bolumeli ba ile ba re Kereke e K’hatholike le tsamaiso ea eona ea bopapa ke Babylona e Moholo. Ho thoe’ng ka likereke tsa Prostanta tse hlahileng ka baka la Phetoho e Khōlō ea Bolumeli? ’Nete ke hore, ntle le ho hana ha tsona boemo bo phahameng ba mopapa, tse ling tsa tsona li ne li sa fapana haholo le tsamaiso ea K’hatholike kahehong ea kereke, ’me li ile tsa ’na tsa ruta lithuto tseo e seng tsa Mangolo, tse kang Boraro-bo-bong, ho se shoe ha sephefumolohi, le tlhokofatso ea ka ho sa feleng. Ka lebaka lena baruti ba bang ba ile ba khothalletsa batho ho se itšoasolle Kerekeng e K’hatholike feela empa hape ba itšoasolle litsamaisong tse khōlō tsa kereke ea Prostanta.
C. T. Russell le metsoalle ea hae le bona ba ile ba hlokomela hore seotsoa sena se tummeng hampe hase Kereke e K’hatholike feela. Ka hona, le hoja Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa November 1879 o ile oa re Babylona e Moholo ke “TSAMAISO ea Bopapa,” sehlooho seo se ile sa phaella: “Re tlameha ho phaella le ho bontša hore, (ha e bolele litho ka bomong, empa litsamaiso tsa bolumeli) e bolela likereke tse ling tse ikopantseng le Mebuso ea lefatše. Kereke e ’ngoe le e ’ngoe e ipolelang hore ke moroetsana ea hloekileng oa Kreste, empa ha e le hantle e ikopantse le lefatše (sebata) ebile e le tšehetsa re tlameha ho e nyatsa ka hore ke kereke ea seotsoa ho latela puo ea mangolo.”
Ka hona, babali ba Molula-Qhooa ba ile ba khothalletsoa ho etsa eng? Russell o ngotse: “Haeba kereke eo u e kenang, e ikopantse ka bofebe le lefatše, u tlameha ho e tlohela e le hore u ka boloka liaparo tsa hao li le tšoeu.” Ka nako eo Russell le metsoalle ea hae ba ne ba sa utloisise tekanyo e felletseng ea tšusumetso ea Babylona e Moholo. Leha ho le joalo, babali ba Molula-Qhooa ba ile ba khothalletsoa ho ikarola litsamaisong tsa kereke tse silafetseng le tsa lefatše.—Joh. 18:36.
“Hang-hang ’Nete ea Eona e Ile ea Hapa Pelo ea ka”
Ho phatlalatsoa ha linnete tsa Bibele ho ile ha hatela pele ka 1886 ha ho lokolloa moqolo oa pele oa letoto la libuka tse tšepisitsoeng tse bitsoang Millennial Dawn, tse ngotsoeng ke C. T. Russell. Moqolo I o ne o bitsoa The Divine Plan of the Ages. O ne o e-na le lithuto tse tšohlang lihlooho tse 16, tse kang “Tiiso ea Hore ho na le ’Mōpi ea Phahameng ka ho Fetisisa le ea Bohlale,” “Bibele Joaloka Tšenolo ea Molimo ha e Talingoa ho Latela Kahlolo e Molemo,” “Ho Khutla ha Morena oa Rōna—Sepheo sa Hona, Tsosoloso ea Lintho Tsohle,” le “Ho Lumelloa ha Bobe le Kamoo bo Amanang ka Teng le Morero oa Molimo.” Qetellong, C. T. Russell o ile a ngola libuka tse ling tse hlano letotong la Millennial Dawn.e
Russell ha aa ka a phela ho fihlela a ngola moqolo oa bosupa letotong lena joalokaha a ne a rerile, empa kabo e pharalletseng ea meqolo e tšeletseng eo a ileng a e phetha e ile ea etsa hore batho ba lipelo li tšepahalang ba arabele hamolemo. Ka 1889, mosali e mong o ile a ngola: “Buka ea lōna ea MILLENNIAL DAWN e fihlile ho ’na ka Hoetla selemong se fetileng, ha ke ne ke qala ho tseba hore ho na le buka e joalo. Ke ile ka e fumana ka Moqebelo mantsiboea, ka qala ho e bala hang-hang ’me ka se ke ka e beha fatše, ntle leha ke tlamehile, ho fihlela ke e qeta. Hang-hang ’nete ea eona e ile ea hapa pelo ea ka; hang-hang ke ile ka ikhula Kerekeng ea Presbytery moo e leng khale ke phopholetsa lefifing ke batla ’nete, empa ka se ke ka e fumana.”
Hore motho a ikhule kerekeng ea hae nakong eo ho ne ho hloka sebete. Sena se bonahetse ka mosali e mong Manitoba, Canada, ea ileng a fumana buka ea Millennial Dawn ka 1897. Qalong, o ile a leka ho khomarela kereke ea habo le ho ruta likolong tsa Sontaha sebakeng seo. Ka 1903, ho ile ha fihla letsatsi leo ka lona a ileng a etsa qeto ea ho ikarola. O ile a ema ’me a bolella bohle ba leng teng lebaka leo a ikutloang a tlameha ho ikarola kerekeng ka lona. Moahisani oa hae ea haufi-ufi (eo batho ba metsaneng ba neng ba mo rata mehleng eo) o ile a leka ho mo phehella hore a khutlele kerekeng. Empa o ile a ema a tiile, le hoja ho ne ho se na phutheho ea Liithuti tsa Bibele haufinyane. Joalokaha mora oa hae a ile a hlalosa boemo ba hae hamorao: “Ho ne ho se na mohlanka [moholo] oa thuto eo a tla itšetleha ka eena. Ho ne ho se na liboka. O ne a ngongoreha pelong. O ne a e-na le Bibele e tabohileng. O ne a qeta lihora tse telele a rapela.”
Ke eng se neng se etsa hore Millennial Dawn, Molula-Qhooa, le lingoliloeng tse ling tsa Mokhatlo li hape lipelo tsa batho le ho ba susumelletsa ho nka khato e tiileng joalo? C. T. Russell o ne a sebelisa mokhoa o mong oa ho hlalosa lithuto tsa Bibele o neng o fapane le oa lingoli tse ngata tsa mehleng ea hae. O ne a lumela hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le sa foseng le hore lithuto tsa eona lia lumellana. Ka hona, o ne a nahana hore haeba ho le thata ho utloisisa karolo e itseng ea Bibele e lokela ho hlakisoa ’me e hlalosoe ke karolo e ’ngoe ea Lentsoe le bululetsoeng. O ne a sa leke ho tšehetsa litlhaloso tseo a faneng ka tsona ka bopaki ba liithuti tsa bolumeli tsa mehleng ea hae kapa maikutlo a bao ho thoeng ke bathehi ba pele ba kereke. Joalokaha a ngotse ho Moqolo I oa Millennial Dawn: “Re lumela hore ke phoso e tloaelehileng e teng hona joale le e tla lula e le teng hore batho ba lumele lithuto tse itseng hobane ba bang ba ne ba li lumela, e leng batho bao ba neng ba ba tšepa. . . . Batho ba batlang ’nete ba lokela ho qhala metsi a liretse a neano ka linkhong tsa bona ’me ba li tlatse selibeng sa ’nete—Lentsoe la Molimo.”
Ha lenane le ntseng le eketseha la batho ba joalo ba batlang ’nete le ntse le arabela hamolemo ho seo ba se balileng ho lingoliloeng tsa Mokhatlo oa Watch Tower, ho ile ha hlokahala hore ho be le liphetoho tse sa lebelloang Allegheny.
Ntlo-khōlō e Bible House
Liithuti tsa Bibele tse Allegheny, tse amehang ho hatisoeng ha Molula-Qhooa, li ne li nkoa e le tsona tse nang le phihlelo e khōlō ho etseng mosebetsi oa Morena ’me likereke, kapa liphutheho, tsohle li ne li li nka e le tsona tse etellang pele. Qalong li ne li na le liofisi tsa ntlo-khōlō 101 Fifth Avenue, Pittsburgh, ’me hamorao ea ba 44 Federal Street, Allegheny. Leha ho le joalo, ho ea bofelong ba bo-1880, ho ile ha hlokahala katoloso. Kahoo Russell o ile a itokisetsa ho haha moaho o moholoanyane. Ka 1889 ho ile ha phethoa moaho oa setene o mekato e mene 56-60 Arch Street, Allegheny. Litšenyehelo tsa oona e bile $34 000, ’me o ne o tsejoa e le Bible House. O ile oa sebeletsa e le ntlo-khōlō ea Mokhatlo ka lilemo tse ka bang 19.
Ho tloha ka 1890, lelapa le lenyenyane la Bible House le ne le hlokomela litlhoko tsa metsoalle e makholo-kholo e mafolo-folo e kopanelang le Mokhatlo oa Watch Tower. Empa ha leshome la lilemo la bo-1890 le ntse le e-ea, batho ba eketsehileng ba ile ba bontša thahasello ho seo ba se etsang. Ha e le hantle, ho latela tlaleho e sa fellang e hatisitsoeng ho Molula-Qhooa, ka March 26, 1899, Sehopotso sa lefu la Kreste se ile sa ketekoa libokeng tse 339 tse fapaneng ’me ha kopanela ba 2 501. Leha ho le joalo, ke eng se neng se tla boloka lenane le ntseng le eketseha la Liithuti tsa Bibele le kopane?
Ho Kopanya Mohlape o Ntseng o Eketseha
C. T. Russell o ile a khothalletsa babali bohle ba Molula-Qhooa hore ba bokane kae kapa kae moo ba ka khonang ’me ba bōpe lihlopha, tse nyenyane kapa tse khōlō, e le hore ba ka hahana moeeng. Ho ile ha fanoa ka keletso ea Mangolo ka Molula-Qhooa. Baemeli ba tsamaeang ba Mokhatlo oa Watch Tower le bona ba ile ba rongoa ba tsoa ntlo-khōlō hore ba iteanye le lihlopha tse sa tšoaneng ’me ba li hahe moeeng.
Ka mor’a nako e itseng, ho ne ho boetse ho ba le likopano tse khethehileng tseo Liithuti tsa Bibele tse tsoang libakeng tse ngata li neng li ba teng ho tsona. Tokollo ea March 1886 ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane) e ile ea phehella: “Ena ke MEMO E KHETHEHILENG ho ’mali e mong le e mong ea ka tlang.” Ketsahalo eo e ne e le efe? Mokete oa selemo le selemo oa Sejo sa Morena sa Mantsiboea, o neng o tla tšoaroa ka Sontaha, April 18, 1886, Allegheny. Leha ho le joalo, ho ne ho entsoe litokisetso tse eketsehileng: Ho ne ho lokiselitsoe letoto la liboka tse khethehileng bakeng sa mantsiboea a beke e latelang. Liithuti tsa Bibele tse Allegheny li ile tsa bula matlo a tsona—le lipelo tsa tsona—bakeng sa baeti ntle ho tefo. Lilemong tse seng kae tse latelang, ho ile ha tšoaroa likopano tse tšoanang Allegheny nakong ea Sehopotso sa lefu la Morena.
Ho ea bofelong ba lilemo tsa bo-1890, ho ile ha qala ho lokisetsoa likopano libakeng tse ngata. C. T. Russell o ne a bua nako le nako liketsahalong tsena. Ho ne ho le joang ho mo mamela?
Ralph Leffler, ea ileng a utloa ha C. T. Russell a bua, oa hopola: “Ha a le sethaleng ka pel’a bamameli, ka linako tsohle o ne a apara purepera e ntšo e telele ’me a tlama thae e tšoeu molaleng. O ne a sa tlerohe ha a bua, ’me ho ne ho se mohla a sebelisang sehōlisa-lentsoe kapa sebuela-hōle, hobane li ne li e-s’o qaptjoe; empa, ka tsela e ’ngoe e itseng lentsoe la hae le ne le utloahala karolong e hōle ka ho fetisisa ea holo. O ne a sa hape tlhokomelo ea bamameli ba bangata ka hora e le ’ngoe feela empa ka linako tse ling ka lihora tse peli kapa tse tharo. Ka linako tsohle o ne a qala puo ea hae ka ho ōma hanyenyane ka hlooho ho bamameli. Ha a ntse a bua, o ne a sa eme ’nģa e le ’ngoe joaloka seemahale, empa ka linako tsohle o ne a tsama-tsamaea, a ntse a tsamaisa matsoho ’me a ntse a ea koana le koana kapa a ea pele le morao. Le ka mohla ha ke e-s’o ’mone a nkile lintlha tse ngotsoeng kapa taba e ngotsoeng ka letsohong—o ne a nka Bibele feela, eo a neng a e sebelisa khafetsa haholo. O ne a bua ho tsoa pelong le ka mokhoa o kholisang haholo. Hangata ntho e le ’ngoe e neng e e-ba teng sethaleng mehleng eo e ne e le tafole e nyenyane e behileng Bibele le nkho ea metsi le khalase e tšetseng metsi hore nako le nako sebui se ’ne se nyaee qoqotho.”
Likopano tseo tsa pele e ne e le linako tsa ho thabela botsoalle bo mofuthu le khatholoho moeeng. Li ile tsa matlafatsa bonngoe ba Liithuti tsa Bibele kaofela le ho phatlalatsa linnete tsa Bibele. Ho sa le joalo, ha leshome la lilemo tsa bo-1890 le ea bofelong, ho ile ha hlaka hore ho hlokahala hore Liithuti tsa Bibele li etse ho hong ho eketsehileng mabapi le ho phatlalatsa ’nete ea Bibele. Empa li ne li ntse li batla li fokola ka palo. Na ho ne ho e-na le tsela ea ho finyella batho ba bang ba limillione ho feta ba neng ba ka khona ho finyelloa ka mekhoa e neng e sebelisoa ka nako eo? Ka sebele ho joalo!
Ho Bula Monyako oa “ho Bolela Kosepele ka Likoranta”
Bofelong ba lekholo la bo19 la lilemo, lefatše le ile la hokahanngoa ka mehala. Ho buisana ka mehala ho ne ho se turu ebile ho potlaka; ho ile ha tlisa phetoho khatisong ea likoranta. Litaba li ne li ka fetisetsoa libakeng tse hōle ’me tsa hatisoa likoranteng. Mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, C. T. Russell le metsoalle ea hae ba ile ba bona hore likoranta ke tsela e atlehileng ea ho finyella batho ba bangata. Hamorao Russell o ile a re: “Likoranta li fetohile ntho e khōlō bophelong ba letsatsi le letsatsi mafatšeng a tsoetseng pele.”
Tokollo ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa December 1, 1904 e ile ea tsebisa hore lipuo tsa C. T. Russell li hlaha likoranteng tse tharo. Tokollo e latelang ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane), tlas’a sehlooho se reng “ho Bolela Kosepele ka Likoranta,” e ile ea tlaleha: “Lipuo tse limillione li ’nile tsa phatlalatsoa hohle ka tsela ena; ’me bonyane tse ling li ’nile tsa tsoella hamolemo. Haeba Morena a rata re tla thabela ho bona ‘monyako’ o lula o butsoe, kapa o be o bulehe haholoanyane ho feta mona.” Monyako oa “ho bolela kosepele ka likoranta” o ile oa buleha haholoanyane. Ha e le hantle, ka 1913 ho ile ha hakanngoa hore ka likoranta tse 2 000 lipuo tsa Russell li ne li fihla ho babali ba 15 000 000!
Empa, Russell o ne a khona joang ho hatisa puo beke le beke esita leha a ntse a tsamaea? Beke e ’ngoe le e ’ngoe o ne a romella puo ka thelekramo (e bolelele ba likoranta tse peli) setsing sa khatiso ea likoranta. Setsi sa khatiso ea likoranta sona se ne se boela se e romela ka thelekramo likoranteng tse United States, Canada, le Europe.
Russell o ne a kholisehile hore Morena o ne a butse monyako oa ho bolela ka likoranta ka ho felletseng. Lilemong tse leshome tse qalang tsa lekholo la bo20 la lilemo, molaetsa oa Bibele oo Russell le metsoalle ea hae ba neng ba o bolela o ile oa tsejoa hohle ka lipuo tse joalo tse hlahang likoranteng. Sengoliloeng se bitsoang The Continent se kile sa re ka Russell: “Ho boleloa hore beke le beke lingoliloeng tsa hae li hatisoa likoranteng tse ngata ho feta tsa motho leha e le ofe e mong ea phelang; ntle ho pelaelo, li feta khatiso e kopantsoeng ea lingoliloeng tsa baruti bohle ba leng Amerika Leboea.”
Ho Fallela Brooklyn
Ha boboleli ba likoranta bo ntse bo ipha matla, Liithuti tsa Bibele li ile tsa batla sebaka se seng seo li neng li tla hlahisa lipuo li le ho sona. Hobane’ng? Bible House e Allegheny e ne e se e le nyenyane haholo. Ho ne ho boetse ho nahanoa hore haeba lipuo tsa Russell li hlaha motseng o moholoanyane le o tsebahalang haholoanyane, sena se ne se tla etsa hore lipuo tsa hae li hatisoe likoranteng tse eketsehileng. Empa ke motse ofe? Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa December 15, 1908, o hlalositse: “Ka mor’a ho batla tataiso ea Molimo, kaofela ha rōna re fihletse qeto ea hore Brooklyn, N.Y., e nang le baahi ba bangata ba sehlopha se bohareng, le e tsejoang e le ‘Motse oa Likereke,’ ka mabaka ana, e tla ba setsi sa rōna se loketseng ka ho fetisisa bakeng sa mosebetsi oa kotulo lilemong tse seng kae tse setseng.”
Ka hona, ka 1908 baemeli ba ’maloa ba Mokhatlo oa Watch Tower, ho akarelletsa le ’muelli oa oona oa molao, Joseph F. Rutherford, ba ile ba romeloa Motseng oa New York. Morero oa bona e ne e le ofe? Ho reka setša seo C. T. Russell a neng a se fumane ketelong ea pejana. Ba ile ba reka “Plymouth Bethel” e seng e le ea khale, e leng 13-17 Hicks Street, Brooklyn. E ne e le moaho oa ’mishone o haufi oa Congregational Church o Plymouth, moo Henry Ward Beecher a kileng a sebeletsa e le moruti. Baemeli ba Mokhatlo ba ile ba boela ba reka moaho oo Beecher a neng a lula ho oona pele, e leng moaho o mofubelu ka ntle o mekato e mene o leng 124 Columbia Heights, matlo a seng makae ho tloha moo.
Moaho o Hicks Street o ile oa nchafatsoa ’me oa bitsoa Brooklyn Tabernacle. O ne o e-na le liofisi tsa Mokhatlo le holo. Ka mor’a ho etsa litokiso tse khōlō, moaho o leng 124 Columbia Heights oo Beecher a neng a lula ho oona pele e ile ea e-ba lehae le lecha la basebetsi ba ntlo-khōlō ea Mokhatlo. Le ne le tla bitsoa eng? Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa March 1, 1909, o hlalositse: “Lehae lena le lecha re tla le bitsa ‘Bethele’ [e bolelang, “Ntlo ea Molimo”].”f
“Ho bolela kosepele ka likoranta,” kamoo ho neng ho bitsoa ka teng, ho ile ha ipha matla ka mor’a hore ho falleloe Brooklyn. Empa e ne e se eona feela tsela ea ho finyella batho ba bangata.
Ho Atolosa Boboleli ba Litaba tse Molemo
Ka 1912, Russell le metsoalle ea hae ba ile ba qalisa morero o pharalletseng oa thuto o tsoetseng pele ho feta leha e le ofe mehleng eo. Ha e le hantle, o ne o tla finyella batho ba limillione lefatšeng ka bophara. E ne e le “Photo-Drama of Creation”—nehelano e kopantseng litšoantšo le li-slide, e bapalang ka nako e le ’ngoe le ’mino o rekotiloeng le lipuo tse hatisitsoeng ka kramafono. E ne e le bolelele ba lihora tse robeli ’me e ne e nehelanoa ka likarolo tse ’nè. Ntle le “Photo-Drama” e tloaelehileng, “Eureka Drama,” e neng e na le lipuo tse rekotiloeng le ’mino o rekotiloeng kapa lirekoto hammoho le li-slide, le eona e ile ea etsoa hore e fumanehe. Le hoja e ne e se na litšoantšo, e ile ea nehelanoa ka katleho libakeng tse se nang baahi ba bangata.
Nahana ka ketsahalo ena e ikhethang: Ka January 1914, nakong ea libaesekopo tse sa hlahiseng mantsoe,g ho ile ha bokana bamameli ba 5 000 moahong oa The Temple, o West 63rd Street, Motseng oa New York. Ba bang ba bangata ba ile ba khutlisoa. Ketsahalo e ne e le efe? Ho hlahisoa ha pele ha “Photo-Drama of Creation” New York! Bamameli ba ne ba shebelletse baesekopo ho screen se seholo. Ha ba ntse ba shebelletse—’me ba mametse—ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e makatsang haholo. C. T. Russell, eo ka nako eo a neng a sa tsoa feta lilemong tse 60, o ile a hlaha ho screen. O ile a qala ho bebenya molomo, ’me mantsoe a hae a ile a utloahala! Ha nehelano ena e ntse e tsoela pele, e ile ea tlosa ba leng teng—ka mantsoe, litšoantšo tsa ’mala, le ’mino—pōpong ea lefatše ho fihlela Pusong ea Kreste ea Lilemo tse Sekete. Nakong ea nehelano ena ba ile ba boela ba bona (ka ho hlahisa liketsahalo ka potlako litšoantšong ho feta kamoo li etsahetseng ka teng) lintho tse ling tse ileng tsa ba makatsa—ho thunya ha palesa le ho qhotsoa ha tsuonyana. Ruri ba ne ba hlolletsoe!
Qetellong ea 1914, “Photo-Drama” e ne e shebelletsoe ke batho ba limillione Amerika Leboea, Europe, New Zealand, le Australia. Ka sebele “Photo-Drama” e ile ea ipaka e le mokhoa o atlehileng oa ho finyella batho ba bangata ka nako e batlang e le khutšoanyane.
Ho sa le joalo, ho thoe’ng ka October 1914? Ka lilemo tse mashome-shome Russell le metsoalle ea hae ba ne ba ntse ba bolela hore Linako tsa Lichaba li tla fela ka 1914. Ho ne ho e-na le litebello tse phahameng. C. T. Russell o ne a nyatsitse batho ba neng ba behile nako e fapa-fapaneng ea ho khutla ha Morena, ba kang William Miller le lihlopha tse ling tsa Second Adventist. Leha ho le joalo, ho tloha ha a qala ho ba motsoalle oa Nelson Barbour, o ne a kholisehile hore ho na le tatellano e nepahetseng ea liketsahalo, e thehiloeng Bibeleng, le hore e supa ho 1914 e le ho fela ha Linako tsa Lichaba.
Ha selemo seo sa bohlokoa se ntse se atamela, Liithuti tsa Bibele li ne li e-na le litebello tse phahameng, empa hase lintho tsohle tseo li neng li li lebelletse tse neng li boletsoe ka ho toba ka Mangolong. Ho ne ho tla etsahala’ng?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Molula-Qhooa (oa Senyesemane), July 15, 1906, leq. 229.
b Barbour le Russell hase bona ba pele ba ho hlalosa ho khutla ha Morena joaloka ho ba teng ho sa bonahaleng. Nako e teletsana pele ho moo, Monghali Isaac Newton (1642-1727) o ne a se a ngotse hore Kreste o tla khutla le ho busa “a sa bonahale ho batho.” Ka 1856, Joseph Seiss, moruti oa bolumeli ba Luthere Philadelphia, Pennsylvania, o ne a ngotse ka ho khutla la bobeli ho likarolo li peli—pa·rou·siʹa kapa ho ba teng ho sa bonahaleng, ho lateloang ke ponahatso e bonahalang. Joale, ka 1864, Benjamin Wilson o ne a hatisitse Emphatic Diaglott e nang le phetolelo e ’ngoe ka thōko e ngotseng “ho ba teng,” e seng “ho tla,” bakeng sa pa·rou·siʹa, ’me B. W. Keith, motsoalle oa Barbour, o ne a hlokomelisitse Barbour le metsoalle ea hae sena.
c Kutloisiso e hlakileng haholoanyane ea tatellano eo liketsahalo tsa Bibele li etsahetseng ka eona e ile ea hatisoa lilemong tse latelang. Bona Khaolo 10, “Ho Hōla Tsebong e Nepahetseng ea ’Nete.”
d Poleloana e reng “Watch Tower” ha e hlahelle ho lingoliloeng tsa Russell feela kapa tsa Lipaki tsa Jehova. Ka bo-1850 George Storrs o ile a hatisa buka e bitsoang The Watch Tower: Or, Man in Death; and the Hope for a Future Life. Lebitso lena le ile la kenngoa lihloohong tsa likoranta tse sa tšoaneng tsa bolumeli tse hatisoang ka mor’a nako e itseng. Le hlaha khopolong ea ho falimeha bakeng sa ho phethahatsoa ha merero ea Molimo.—Esa. 21:8, 11, 12; Ezek. 3:17; Hab. 2:1.
e E ne e le: Moqolo II, The Time Is at Hand (1889); Moqolo III, Thy Kingdom Come (1891); Moqolo IV, The Day of Vengeance (1897; eo hamorao e ileng ea bitsoa The Battle of Armageddon); Moqolo V, The At-one-ment Between God and Man (1899); le Moqolo VI, The New Creation (1904). Ha meqolo ea Millennial Dawn e qala ho bitsoa Studies in the Scriptures, Moqolo I o ile oa bitsoa “Letoto I,” Moqolo II oa bitsoa “Letoto II,” joalo-joalo. Lebitso Studies in the Scriptures le ile la sebelisoa likhatisong tse fokolang ho tloha hoo e ka bang ka October 1904, ’me ho qala ka 1906 ka tloaelo ho ne ho sebelisoa lebitso le lecha.
f Hamorao, setša se haufi, se 122 Columbia Heights, se ile sa rekoa, ka hona Lehae la Bethele le ile la atolosoa. Hape, ka 1911 ho ile ha eketsoa moaho o mong ho elella ka morao ho Lehae la Bethele, bakeng sa matlo a macha a bolulo.
g Le hoja pele ho ne ho entsoe boiteko ba ho matahanya litšoantšo le molumo, nako ea litšoantšo tse hlahisang mantsoe e ile ea qala ka August 1926 ha ho lokolloa Don Juan (e nang le ’mino empa e se na mantsoe), ’me ea lateloa ke The Jazz Singer (e nang le mantsoe) ka hoetla 1927.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 51]
‘Ba bitselitsoe ho bolela litaba tse molemo’
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 44]
“Li Leseng tse Peli, li Hōle Hammoho, ho be ho Fihle Kotulo”
Ho ile ha etsahala’ng ka Bokreste ba ’nete ka mor’a lekholo la pele la lilemo? Setšoantšong, Jesu o ne a lemositse hore Diabolose o tla jala “mofoka,” Bakreste ba maiketsetso, har’a “koro,” Bakreste ba ’nete, “bana ba ’muso.” Li ne li tla hōla hammoho ho fihlela mohla “kotulo,” e leng “bofelo ba lefatše.” (Matt. 13:24-30, 36-43) Nakong ea bokoenehi bo boholo bo ileng ba hlaha ka mor’a lefu la baapostola, “mofoka” o ile oa lalasa ka lilemo tse makholo-kholo.
Empa ho thoe’ng ka “koro”? “Bana ba ’muso” ba ne ba akarelletsa bo-mang nakong ea bokoenehi bo bileng teng ka lilemo tse makholo-kholo? Re ke ke ra tiisa hoo. Hangata ho nkoa hore mofoka oa sebele oa setšoantšo sa Jesu ke “darnel” e hlabang, e tšoanang le koro haholo ho fihlela e hōlile, ha e se e ka khona ho khetholloa habonolo ho koro ka peō ea eona e ntšo e nyenyane. Ka ho tšoanang, ke nakong ea “kotulo” feela moo ho neng ho tla etsoa khetho e hlakileng pakeng tsa Bakreste ba maiketsetso le “bana ba ’muso” ba ’nete. Leha ho le joalo, Jesu o itse: “Li leseng tse peli, li hōle hammoho, ho be ho fihle kotulo.” Ka hona, Bokreste ba ’nete, ha boa ka ba fotholoa ka metso.
Ho theosa le makholo a lilemo ho ’nile ha ba le batho ba ratang ’nete. Ba seng bakae ho bona: John Wycliffe (hoo e ka bang ka 1330-1384) le William Tyndale (hoo e ka bang ka 1494-1536) ba ile ba ntšetsa pele mosebetsi oa ho fetolela Bibele esita leha bophelo ba bona kapa tokoloho ea bona e le kotsing. Wolfgang Fabricius Capito (1478-1541), Martin Cellarius (1499-1564), Johannes Campanus (hoo e ka bang ka 1500-1575), le Thomas Emlyn (1663-hoo e ka bang ka 1741) ba ile ba amohela Bibele e le Lentsoe la Molimo ’me ba lahla Boraro-bo-bong. Henry Grew (1781-1862) le George Storrs (1796-1879) ha baa ka ba amohela Bibele le ho lahla Boraro-bo-bong feela empa ba ile ba boela ba bontša kananelo bakeng sa sehlabelo sa thekollo sa Kreste.
Le hoja re ke ke ra tiisa hore batho ba joalo ke “koro” ea setšoantšo sa Jesu, ka sebele “Morena o tseba bao e leng ba hae.”—2 Tim. 2:19.
[Lebokose le leqepheng la 45]
George W. Stetson—“Monna ea Nang le Tsebo e Ikhethang”
Ka thabo C. T. Russell o ile a amohela thuso eo a ileng a e fuoa ke George W. Stetson, oa Edinboro, Pennsylvania, ea ho ithuta Mangolo. Stetson o ile a shoa ka October 9, 1879, a le lilemo li 64. Khoeling e latelang “Molula-Qhooa” o ile oa hlahisa tsebiso ea lefu la Stetson e ileng ea senola tlhompho e tebileng eo Russell ea lilemo li 27 a neng a e-na le eona ho eena. Russell o ngotse: “Moena oa rōna e ne e le monna ea nang le tsebo e ikhethang ’me o ile a tela litebello tse khanyang tsa tlotla ea lefatše le lipolotiki hore e mo lumelle ho bolela ka Kreste.” Stetson ha a le makhatheng a lefu o ne a kōpile hore C. T. Russell a fane ka puo lepatong la hae; Russell o ile a iphaphatha le kōpo eo. Russell o tlalehile: “Ho bile teng batho ba ka bang makholo a leshome le metso e ’meli litšebeletsong tsa lepato, ka hona sena se fane ka bopaki ba kamoo moena oa rōna a neng a hlomphuoa haholo ka teng.”—“Molula-Qhooa” (oa Senyesemane), November 1879.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 46]
George Storrs—“Motsoalle le Moena”
C. T. Russell o ile a ikutloa a tlameha ho leboha George Storrs, ea neng a le moholo ho eena ka lilemo tse 56. Russell o ne a ithutile ho hongata ho Storrs ka ho shoa ha sephefumolohi. Kahoo eitse ha Storrs a hoehla ke ho kula ho ea bofelong ba 1879, Russell o ile a etsa tlhahiso ea ho hatisa tsebiso ea boemo ba Storrs ho “Molula-Qhooa.” Russell o ngotse: “Moena oa rōna, eo e bileng mohlophisi oa ‘The Bible Examiner’ ka nako e telele o tsejoa ke babali ba rōna ba bangata; le hore o ile a tlameha ho khaotsa khatiso ea hae ka baka la ho kula haholo.” Ho latela tekanyetso ea Russell, Storrs o ne a e-na le “mabaka a mangata a ho leboha Molimo ka ho fuoa tokelo ea ho phela bophelo bo bolelele le bo nehetsoeng ho Morena.” Storrs o ile a shoa ka December 28, 1879, a le lilemo li 83. Tsebiso ea lefu la hae e ile ea hlaha tokollong ea February 1880 ea “Molula-Qhooa” (oa Senyesemane), ’me e ne e re: “Re llela tahlehelo ea motsoalle le moena oa rōna ho Kreste, leha ho le joalo, ‘ha re lle joaloka ba se nang tšepo.’”
[Setšoantšo]
George Storrs
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 48]
“Ke Tlohela ‘Herald’ Matsohong a Hao”
Nakong ea selemo ka 1879, C. T. Russell o ile a khaotsa tšehetso eohle makasineng oa “Herald of the Morning,” eo a neng a kentse letsoho khatisong ea eona le N. H. Barbour. Lengolong leo a neng a le ngoletse Barbour la May 3, 1879, Russell o ile a hlalosa lebaka la hae: “Ho hlahile maikutlo a fapaneng pakeng tsa rōna mabapi le thuto ea lentsoe la Ntate oa rōna [mabapi le bohlokoa ba topollo ba thekollo] ’me le hoja re u rōlela khaebana ka bokhabane bohle le botšepehi liponong tsa hao, tseo ke li amohelang ka pono e fapaneng, leha ho le joalo ke tlameha ho tataisoa ke kutloisiso ea ka ea lentsoe la Ntate oa rōna, ka baka leo ke nka hore u fositse. . . . Lintlha tseo re fapaneng ho tsona li bonahala e le tsa bohlokoahali ho ’na hoo setsoalle le tšehetso e lokelang ho ba teng pakeng tsa bahatisi le bahlophisi ba koranta kapa makasine, li seng li le sieo pakeng tsa ka le uena, ka baka leo, ke nahana hore tšebelisano-’moho ea rōna e lokela ho khaotsa.”
Lengolong le latelang la May 22, 1879, Russell o ngotse: “Joale ke tlohela ‘Herald’ matsohong a hao. Ke ikhula ka ho felletseng ho eona, ’me ha ke kōpe letho ho uena . . . Ke kōpa hore Bukeng e latelang ea ‘Herald’ u etse tsebiso ka karohano ena ’me u ntše lebitso la ka.” Ho tloha ka tokollo ea June 1879, lebitso la Russell ha lea ka la hlola le sa hlaha joaloka motlatsi oa mohlophisi oa “Herald.”
Barbour o ile a tsoela pele ho hatisa “Herald” ho fihlela ka 1903, ha e khaotsa ho hatisoa, ho latela litlaleho tse teng laeboraring. Barbour o ile a shoa lilemo tse seng kae ka mor’a moo, ka 1906.
[Setšoantšo]
Nelson H. Barbour
[Lebokose le leqepheng la 54]
Lebaka Leo a Bitsoang Moalosi ka Lona
Metsoalle ea Charles Taze Russell e ne e ’mitsa Moalosi Russell. Hobane’ng? Ka baka la mosebetsi oa hae oa ho alosa mohlape oa Molimo. Ba-Efese 4:11 e re Kreste o ne a tla fana ka ba bang e le “baalosi” (“KJ”), kapa “balisa,” phuthehong ea hae. Ka sebele Moena Russell o ile a sebeletsa e le molisa oa moea ka har’a phutheho ea Bokreste.
Ka baka la mosebetsi oa boalosi oo a neng a o etsa tlas’a Molisa e Moholo, Jesu Kreste, liphutheho tse ling li ile tsa lumela ka ho vouta hore ke moalosi oa tsona. E ne e se tlotla eo a iphileng eona. Sehlopha sa pele sa ho mo voutela joaloka moalosi oa sona ke phutheho ea Pittsburgh, Pennsylvania, ka 1882. Ka mor’a moo, liphutheho tse ling tse 500 li ile tsa mo voutela joaloka moalosi, United States le Brithani.
Morao koo, e ne e le ntho e tloaelehileng hore selemo le selemo liphutheho li voutele ba tlang ho li hlokomela. Kajeno, baholo ba Bakreste har’a Lipaki tsa Jehova ha ba khethoe ke liphutheho tsa sebaka ka seng empa ba khethoa ke Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova. Ho boetse ho falimeheloa hore ho se ke ha sebelisoa lipolelo tse kang “moalosi” kapa “moholo” e le litlotla.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 56, 57]
“Photo-Drama of Creation”
“Photo-Drama of Creation” e ne e kopantse litšoantšo le nehelano ea li-“slide,” e bapalang ka nako e le ’ngoe le molumo. Nehelano ena e hlollang e ile ea tlosa bamameli nakong ea pōpo ho fihlela bofelong ba Lilemo tse Sekete.
Bonyane ho ile ha lokisetsoa lisete tse 20 tse nang le likarolo tse ’nè, tse ileng tsa nolofalletsa hore karolo e itseng ea “Photo-Drama” e bontšoe metseng e 80 e fapaneng letsatsi le letsatsi. Ho finyella litsi tseo tse 80 e ne e le phephetso. Linako tseo terene e tsamaeang ka tsona hase ka mehla e neng e le tse loketseng. Hase ka mehla liphutheho li neng li khona ho hira litsi tsa lipontšo bakeng sa matsatsi ao li a batlang. Leha ho le joalo, qetellong ea 1914, “Photo-Drama” e ne e shebelletsoe ke bamameli ba fetang kakaretso ea 9 000 000 Amerika Leboea, Europe, le Australia.
[Litšoantšo]
“Khatiso” ea “Photo-Drama,” e nang le lipuo le litšoantšo tse ngata
Liholo tse neng li sebelisoa ka mehla bakeng sa ho bontša “Photo-Drama”
Chicago
New York
Mochine oa lifilimi
Mochine oa li-“slide”
Lirekoto tsa kramafomo
Li-“slide” tsa “Photo-Drama”
Koranta ea phatlalatso
[Lebokose le leqepheng la 60]
“Hlokomelang 1914!”
Ha Ntoa ea I ea Lefatše e qhoma ka 1914, “The World,” eo ka nako eo e neng e le koranta e ka sehloohong Motseng oa New York, e itse karolong ea eona ea makasine: “Ho qhoma ha ntoa e tšosang Europe ho phethahalitse boprofeta bo sa tloaelehang. . . . ‘Hlokomelang 1914!’ haesale e le mohoo oa baboleli ba bangata ba evangeli ba tsamaeang, ba emelang tumelo ena e sa tloaelehang [ea Russell], ba ’nileng ba nyolosa le ho theosa ba phatlalatsa thuto ea hore ‘’Muso oa Molimo o atametse.’”—“The World Magazine,” August 30, 1914.
[Setšoantšo se leqepheng la 42]
Charles Taze Russell
[Setšoantšo se leqepheng la 43]
Joseph L. Russell, ntate oa Charles, e ne e le setho sa sehlopha sa thuto ea Bibele Allegheny ebile e le motsoalle ea haufi-ufi oa mora oa hae mesebetsing ea Mokhatlo oa Watch Tower ho fihlela ha a e-shoa ka 1897
[Setšoantšo se leqepheng la 50]
Liithuti tsa Bibele li ile tsa aba likopi tse mashome a limillione tsa lipampitšana tse neng li pepesa ho hloka tsebo ha bolumeli, li hlalosa linnete tsa Mangolo, ’me li bolela selemo sa bohlokoa sa 1914
[Setšoantšo se leqepheng la 52]
C. T. Russell o ile a ngola meqolo e tšeletseng ea “Millennial Dawn” (1886 ho ea ho 1904) hammoho le lipampitšana, libukana, le lihlooho tsa “Molula-Qhooa” ka nako ea lilemo tse ka bang 37
[Setšoantšo se leqepheng la 53]
Ha Moena Russell a ne a fana ka lipuo tsa phatlalatsa, o ne a sa sebelise lintlha tse ngotsoeng, ’me ka linako tsohle o ne a tsama-tsamaea—a ntse a tsamaisa matsoho ’me a ntse a ea koana le koana sethaleng
[Setšoantšo se leqepheng la 58]
Ho ile ha hakanngoa hore ka selemo se le seng feela, ho sebelisoa likoranta tse 2 000, lipuo tsa C. T. Russell li ne li fihla ho babali ba 15 000 000