Khaolo 6
Nako ea Teko (1914-1918)
“A re hopoleng hore re nakong ea teko. . . . Haeba ho na le lebaka leha e le lefe le ka susumelletsang ofe kapa ofe ho nyahlatsa Morena le ’Nete ea Hae le ho khaotsa ho itela molemong oa Lithahasello tsa Morena, joale hase lerato la Molimo le ka pelong le susumellelitseng thahasello ho Morena, empa ke ho hong ho itseng; mohlomong ke tšepo ea hore nako e ne e le khutšoanyane; boinehelo e ne e le ba nako e itseng feela. Haeba ho joalo, ena ke nako e loketseng ea ho nyahlatsa.”
MANTSOE ao, a hlahang ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa November 1, 1914, e ne e le a loketseng haholo. Ha e le hantle, lilemo tsa ho tloha ka 1914 ho ea ho 1918 li ile tsa hla tsa ipaka e le ‘nako ea teko’ ho Liithuti tsa Bibele. Liteko tse ling li ne li hlaha ka hare; tse ling li ne li hlaha ka ntle. Leha ho le joalo, kaofela ha tsona li ile tsa beha Liithuti tsa Bibele tekong ka litsela tse ileng tsa senola hore na ha e le hantle li na le ‘lerato la Molimo ka lipelong tsa tsona.’ Na li ne li tla itšoarella ho “Morena le ’Nete ea Hae” kapa li ne li tla nyahlatsa?
Litebello tse Phahameng
Ka June 28, 1914, Khosana Francis Ferdinand oa Austria-Hungary o ile a rapalatsoa ke kulo ea ’molai. Polao eo e ile ea qholotsa ho qhoma ha Ntoa e Khōlō, kamoo Ntoa ea I ea Lefatše e neng e bitsoa ka teng qalong. Ntoa e ile ea qala ka August 1914 ha Jeremane e putula Belgium le Fora. Ka hoetla selemong seo, tšollo ea mali e ne e ntse e tsoela pele.
“Linako tsa Lichaba li felile; marena a tsona a bile le letsatsi la ’ona”! Moena Russell o ile a hooa joalo ha a kena ka phaposing eo ho jelloang ho eona ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Watch Tower e Brooklyn hoseng ka Labohlano, October 2, 1914. Bohle ba ne ba fehile matšoafo. Ba bangata ho ba leng teng e ne e le lilemo-lemo ba lebelletse 1914. Empa ho fela ha Linako tsa Lichaba ho ne ho tla tlisa eng?
Ntoa ea I ea Lefatše e ne e ntse e kupa, ’me nakong eo ho ne ho lumeloa hore ntoa ena e lebisa nakong ea pherekano lefatšeng ka bophara e neng e tla fella ka bofelo ba tsamaiso ena ea lintho e teng joale. Ho ne ho boetse ho na le litebello tse ling ka 1914. Alexander H. Macmillan, ea neng a kolobelitsoe ka September 1900, hamorao o ile a hopola: “Ba seng bakae ho rōna re ne re nahana hore re tla ea leholimong bekeng ea pele ea October selemong seo.”a Ha e le hantle, ha a hopola hoseng hoo Russell a ileng a tsebisa ka ho fela ha Linako tsa Lichaba, Macmillan oa lumela: “Re ne re fehile matšoafo haholo ’me ke ne nke ke ka makala ha re ne re ka qala ho nyolohela teng ka eona nako eo, ’me tsebiso eo e le letšoao la hore re qale ho nyolohela leholimong—empa ha e le hantle ho ne ho se joalo.”
Lekholong la bo19 la lilemo litebello tse soetsitsoeng mabapi le ho khutla ha Morena Jesu li ne li entse hore balateli ba bangata ba William Miller le lihlopha tse sa tšoaneng tsa Adventist ba felloe ke tumelo. Empa ho thoe’ng ka Liithuti tsa Bibele tse kopanelang le Russell? Na ba bang ho tsona ba ne ba hapiloe ke khopolo ea poloko ea bona ea pele ho fapana le lerato ho Molimo le takatso e matla ea ho etsa thato ea hae?
‘Moena Russell, Na ha Ua ka Ua Ikutloa U Soetsehile?’
Moena Russell o ne a ’nile a khothalletsa Liithuti tsa Bibele ho ipoloka li falimehile le ho ikemisetsa ho tsoela pele mosebetsing oa Morena le haeba litaba li ke ke tsa fihla tlhōrōng kapele ho latela kamoo ba lebelletseng ka teng.
October 1914 e ile ea feta, ’me C. T. Russell le metsoalle ea hae ba ne ba ntse ba le lefatšeng. Eaba ho feta October 1915. Na Russell o ne a ikutloa a soetsehile? Ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa February 1, 1916, o ngotse: “Le tla botsa, ‘Empa, Moena Russell, u nahana joang ka nako ea ho fetoloa ha rōna? Na ha ua ka ua ikutloa u soetsehile hore ebe ha ea ka ea fihla ka nako eo re neng re e lebelletse ka eona?’ Re arabela ka ho re che, ha rea ka ra ikutloa re soetsehile. . . . Baena, ba nang le boikutlo bo nepahetseng ka Molimo ho rōna ha ba soetsoe ke litokisetso leha e le life tsa Hae. Re ne re sa lakatse hore ho etsoe thato ea rōna; kahoo ha re fumana hore re ne re lebelletse ntho e fosahetseng ka October, 1914, joale re thabile hore ebe Morena ha aa ka a fetola Morero oa Hae hore o lumellane le rōna. Re ne re sa lakatse hore A etse joalo. Re mpa re lakatsa feela ho utloisisa merero ea Hae.”
Che, Liithuti tsa Bibele ha lia ka tsa ‘nkeloa hae’ leholimong ka October 1914. Leha ho le joalo, Linako tsa Lichaba li ile tsa fela selemong seo. Ka ho hlakileng, Liithuti tsa Bibele li ne li lokela ho ithuta ho eketsehileng mabapi le bohlokoa ba 1914. Ho sa le joalo, li ne li lokela ho etsa eng? Li ne li lokela ho sebetsa! Joalokaha Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa September 1, 1916, o boletse: “Re ne re nahana hore mosebetsi oa Kotulo oa ho bokella Kereke [ea batlotsuoa] o tla phethoa pele Linako tsa Lichaba li fela; empa ha ho letho ka Bibeleng le neng le rialo. . . . Na rea ikoahlaea hore ebe mosebetsi oa Kotulo o ntse o tsoela pele? Ka sebele ha ho joalo . . . Baena ba ratehang, joale re lokela ho ba le boikutlo ba teboho e khōlō ho Molimo, kananelo e eketsehileng ka ’Nete e hlollang eo o re fileng tokelo ea ho e bona le ho khetholloa ka eona, le cheseho e eketsehileng ea ho tsebisa ba bang ’Nete eo.”
Empa na ho ne ho sa ntsane ho na le ho hongata ho lokelang ho etsoa mosebetsing oa kotulo? Ntle ho pelaelo Moena Russell o ne a nahana joalo. Sena se bontšoa ke puisano eo a bileng le eona le Moena Macmillan ka hoetla 1916. Russell o ile a bitsetsa Macmillan ka ofising ea hae e Bethele ea Brooklyn, ’me a ’molella: “Mosebetsi o ntse o eketseha ka potlako, ’me o tla ’ne o tsoele pele ho eketseha, hobane ho na le mosebetsi o lokelang ho etsoa lefatšeng ka bophara oa ho bolela ‘kosepele ea ’muso’ lefatšeng lohle.” Russell o ile a qeta lihora tse tharo le halofo a lokolisetsa Macmillan seo a se hlokometseng ka Bibeleng e le mosebetsi o moholo o sa ntsaneng o larile ka pele.
Liithuti tsa Bibele li ne li fetile tekong e boima. Empa ka thuso ea Molula-Qhooa, li ile tsa matlafatsoa bakeng sa ho hlōla boikutlo ba ho soetseha. Leha ho le joalo, nako ea teko e ne e e-s’o fele ho hang.
“Joale ho Tla Etsahala’ng?”
Ka October 16, 1916, Moena Russell le mongoli oa hae Menta Sturgeon ba ile ba nka leeto le neng le lokiselitsoe pele la ho fana ka puo likarolong tse ka bophirimela le ka boroa-bophirimela ho United States. Leha ho le joalo, Russell o ne a kula haholo ka nako eo. Pele leeto la bona le ile la ba fihlisa Detroit, Michigan, ka tsela e fetang Canada. Joale, ka mor’a ho emisa Illinois, Kansas, le Texas, banna bana ba babeli ba ile ba fihla California, moo Russell a ileng a fana ka puo ea hae ea ho qetela ka Sontaha, October 29, Los Angeles. Matsatsi a mabeli hamorao, motšehare oa mantsiboea ka Labobeli, October 31, Charles Taze Russell ea lilemo li 64 o ile a shoella ka tereneng Pampa, Texas. Tsebiso ea lefu la hae e ile ea hlaha ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa November 15, 1916.
Phello e bile efe lelapeng la Bethele ha litaba tsa lefu la Moena Russell li tsebisoa? Hamorao A. H. Macmillan, ea neng a sebeletsa joaloka motlatsi oa Russell ofising ha Russell a le sieo, o ile a hopola hoseng hoo a ileng a balla lelapa la Bethele molaetsa oa thelekramo: “Ho ile ha utloahala ho lumaela ka kamoreng eo eohle ea ho jela. Ba bang ba ile ba lla hi! Ha ho ba ileng ba ja lijo tsa hoseng letsatsing leo. Bohle ba ne ba utloile bohloko haholo. Ka mor’a nako ea lijo ba ile ba etsa liqhoqhoana ba ntse ba bua ’me ba hoeshetsa, ‘Joale ho tla etsahala’ng?’ Letsatsing leo ho ile ha etsoa mosebetsi o fokolang. Re ne re sa tsebe seo re lokelang ho se etsa. E ne e le ntho e sa lebelloang, empa Russell o ne a lekile ho re hlomella bakeng sa eona. Ke eng seo re neng re tla se etsa? Ha re qala ho utloa ka lefu la C. T. Russell re ne re tšohile haholo. Ka matsatsi ao a seng makae a qalang bokamoso ba rōna bo ne bo le lerootho. Bophelong bohle ba hae Russell e ne e le ‘Mokhatlo.’ Mosebetsi o ne o thehiloe boikemisetsong ba hae bo matla ba ho bona thato ea Molimo e etsoa.”
Ka mor’a litšebeletso tsa lepato moahong oa The Temple New York le Carnegie Hall Pittsburgh, Moena Russell o ile a patoa Allegheny, jareteng ea lelapa la Bethele, ho latela kōpo ea hae. Tlaleho e khutšoanyane ea bophelo ba Russell hammoho le lengolo la hae le hlalosang thato ea mofu le selekane sa hae li ile tsa hatisoa ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa December 1, 1916, hammoho le likhatisong tse latelang tsa moqolo oa pele oa Studies in the Scriptures.
Joale ho ne ho tla etsahala’ng? Ho ne ho le thata hore Liithuti tsa Bibele li nahane ka motho e mong ea tla nkela Moena Russell sebaka. Na kutloisiso ea tsona ea Mangolo e ne e tla ’ne e tsoele pele, kapa e ne e tla khaotsa moo e leng teng? Na e ne e tla ba sehlotšoana se thehiloeng ho eena? Russell o ne a hlalositse sena ka ho hlaka hore o lebelletse hore mosebetsi o tsoele pele. Kahoo ka mor’a lefu la hae, kapele-pele ho ile ha hlaha lipotso tse itseng tse utloahalang: Ke mang ea tla ikarabella bakeng sa taba e ngotsoeng ho Molula-Qhooa le lingoliloeng tse ling? Ke mang ea lokelang ho hlahlama Russell e le mopresidente?
Ho Fetoloa ha Tsamaiso
Lengolong la hae le hlalosang thato ea mofu Moena Russell o ne a lokolisitse tokisetso ea Komiti ea Tlhophiso ea litho tse hlano tse tla hlokomela taba e ngotsoeng ho Molula-Qhooa.b Ho phaella moo, boto ea batsamaisi ea Watch Tower Bible and Tract Society e ile ea etsa litokisetso tsa ho theha Komiti ea Tsamaiso ea litho tse tharo—A. I. Ritchie, W. E. Van Amburgh, le J. F. Rutherford—hore e ikarabelle bakeng sa mosebetsi ’ohle oa Mokhatlo, e ipapisitse le taolo ea boto ea batsamaisi.c Leha ho le joalo, ke mang eo e neng e tla ba mopresidente e mocha? Qeto eo e ne e tla etsoa sebokeng se latelang sa selemo le selemo sa Mokhatlo, hoo e ka bang likhoeli tse peli hamorao, ka January 6, 1917.
Qalong, Komiti ea Tsamaiso e ile ea etsa sohle seo e ka se khonang ho busetsa lintho setloaeling, ea khothalletsa Liithuti tsa Bibele ho ipoloka li le mafolo-folo ’me li se ke tsa felloa ke sebete. Molula-Qhooa o ile oa ’na oa tsoela pele ho hatisoa, o na le lihlooho tseo Russell a neng a li ngotse pele a e-shoa. Empa ha seboka sa selemo le selemo se ntse se atamela, khatello e ile ea qala ho phahama. Ba bang ba ne ba bile ba sa ikamahanye hakaalo le ho khetha eo ba batlang hore e be mopresidente. Ba bang, ka baka la tlhompho ea bona e tebileng ho Moena Russell, ba ne ba bonahala ba amehile haholo ka ho leka ho etsisa litšoaneleho tsa hae le ho hlahisa borapeli bo itseng bo bitsoang ka eena. Leha ho le joalo, Liithuti tse ngata tsa Bibele li ne li hlile li thahasella ho ntšetsa pele mosebetsi oo Russell a neng a tšoarehile ho oona.
Ha nako ea likhetho e ntse e atamela, ho ile ha sala potso, Ke mang ea tla hlahlama Russell e le mopresidente? Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa January 15, 1917, o ile oa tlaleha ka phello ea seboka sa selemo le selemo, oa hlalosa: “Moena Pierson, ka lipolelo tse loketseng haholo le litlhaloso tsa kananelo le lerato ho Moena Russell, o ile a bolela hore joaloka ea emeng litho sebaka o amohetse taelo e tsoang ho metsoalle e leng naheng ka kakaretso ea hore a voutele Moena J. F. Rutherford lebitsong la eona hore e be Mopresidente, ’me o ile a tsoela pele ho bolela hore o lumellana ka botlalo le sena.” Ka mor’a hore lebitso la Rutherford le thonngoe ’me le tiisoe, ha hoa ka ha e-ba le ho thonngoa ho hong hape, kahoo “Mongoli o ile a hlahisa livoutu joalokaha a laetsoe, ’me Moena Rutherford o ile a phatlalatsoa e le eena ea khethiloeng ka momahano ke Seboka e le Mopresidente.”
Ha ho se ho fihletsoe qeto ka khetho e entsoeng, mopresidente e mocha o ile a amoheloa joang? Molula-Qhooa o boletsoeng ka holimo o tlalehile: “Libakeng tsohle metsoalle e ne e rapetse ka tieo bakeng sa ketello-pele le tataiso ea Morena tabeng ea khetho; ’me ha e se e entsoe, bohle ba ne ba khotsofetse ’me ba thabile, ba lumela hore Morena ke eena ea tataisitseng lipuisano tsa bona le ho arabela lithapelo tsa bona. Ho ne ho e-na le kutloano e felletseng ho bohle ba leng teng.”
Leha ho le joalo, ‘kutloano eo e felletseng’ ha ea ka ea e-ba teng ka nako e telele. Ba bangata ba ile ba amohela mopresidente e mocha ka mofuthu le hoja e se bona kaofela.
Mopresidente e Mocha o Hatela Pele
Moena Rutherford o ne a se na tšekamelo ea ho fetola tsela eo mokhatlo o hlophisitsoeng o tsamaeang ka eona, empa hore o tsoele pele o tsamaea ka mokhoa o habileng pele o thehiloeng ke Russell. Baemeli ba tsamaeang ba Mokhatlo (ba tsejoang e le ba nkang maeto a bolumeli) ba ile ba eketsoa ho tloha ho ba 69 ho ea ho 93. Ho abjoa ha lipampitšana tsa Mokhatlo tse sa lefelloeng ho ile ha akofisoa ka Lisontaha tse itseng ka pel’a likereke le tšebeletsong ea ntlo le ntlo ka linako tsohle.
“Mosebetsi oa ho alosa,” o neng o qaliloe pele ho lefu la Russell, joale o ile oa matlafatsoa. Mosebetsi ona e ne e le oa ho boela, o tšoanang le mosebetsi oa maeto a ho boela o etsoang ke Lipaki tsa Jehova hona joale. Bakeng sa ho entša mosebetsi oa boboleli ka ho eketsehileng, mopresidente e mocha oa Mokhatlo o ile a atolosa mosebetsi oa ho rekisa libuka tsa bolumeli. Barekisi ba libuka tsa bolumeli (ba betlileng tsela bakeng sa bo-pula-maliboho kajeno) ba ile ba eketsoa ho tloha ho ba 372 ho ea ho ba 461.
Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa December 15, 1917 o itse: “Selemo sa 1917 se ile sa thoasa se batla se nyahamisa.” E, ka mor’a lefu la C. T. Russell, ho ile ha ba le lipelaelo tse itseng, ho hloka tšepo ho itseng, le tšabo e itseng. Leha ho le joalo, tlaleho ea bofelong ba selemo e ne e khothatsa; mosebetsi o etsoang tšimong o ne o eketsehile. Ka ho hlakileng, mosebetsi o ne o hatela pele. Na Liithuti tsa Bibele li ne li fetile teko e ’ngoe hape—ea lefu la C. T. Russell—ka katleho?
Boiteko ba ho Fumana Taolo ka Mahahapa
Hase bohle ba neng ba tšehetsa mopresidente e mocha. C. T. Russell le J. F. Rutherford e ne e le banna ba fapaneng haholo. Ba ne ba e-na le botho bo fapaneng ’me ba na le limelo tse fapaneng. Ba bang ba ile ba thatafalloa ke ho amohela ho fapana hona. Ho latela kamoo ba neng ba nahana ka teng, ho ne ho se motho ea ka ‘tšoanang le Moena Russell.’
Ba seng bakae, haholo-holo ntlo-khōlō, ba ne ba hlile ba hloile Moena Rutherford. Hore ebe mosebetsi o ne o ntse o hatela pele le hore ebe o ne a etsa boiteko bohle ba ho latela litokisetso tse neng li entsoe ke Russell ha hoa ka ha bonahala ho ba thabisa. Kapele-pele khanyetso e ile ea eketseha. Litho tse ’nè tsa boto ea batsamaisi ba Mokhatlo li ile tsa ea bohōleng ba hore li leke ho amoha Rutherford taolo ka mahahapa. Boemo bo ile ba mpefala lehlabuleng la 1917, ha ho lokolloa The Finished Mystery, moqolo oa bosupa oa Studies in the Scriptures.
Moena Russell o ne a hlōlehile ho hlahisa moqolo ona ha a sa ntse a phela, le hoja a ne a e-na le tšepo ea ho etsa joalo. Ka mor’a lefu la hae, Komiti ea Tsamaiso ea Mokhatlo e ile ea etsa tokisetso ea hore metsoalle e ’meli, Clayton J. Woodworth le George H. Fisher, e lokisetse buka ena, e neng e hlalosa Tšenolo, Sefela sa Lifela, le Ezekiele. Karolo e itseng e ne e thehiloe ho seo Russell a se ngotseng ka libuka tsena tsa Bibele, ’me ho ile ha phaelloa ka litlhaloso tse ling. Liofisiri tsa Mokhatlo li ile tsa fana ka tumello ea hore buka ena e ngotsoeng ka letsoho e phethiloeng e hatisoe ’me ea lokolloa bakeng sa lelapa la Bethele kamoreng ea ho jela ka Labobeli, July 17, 1917. Ketsahalong eona eo, ho ile ha etsoa tsebiso e tšosang—batsamaisi ba hanyetsang ba ne ba tlositsoe libakeng tsa bona, ’me Moena Rutherford o ne a khethile ba bang ba bane hore ba koale likheo tsa bona. Karabelo e bile efe?
Ho ile ha ba joalokaha eka ho phatlohile bomo! Batsamaisi ba bane ba tlositsoeng libakeng tsa bona ba ile ba nka monyetla ketsahalong eo ’me ba pheha khang ka lihora tse hlano ka pel’a lelapa la Bethele mabapi le tsamaiso ea litaba tsa Mokhatlo. Ba bangata lelapeng la Bethele ba ne ba nkile lehlakore la bahanyetsi. Khanyetso e ile ea tsoela pele ka libeke tse ’maloa, ’me ba bakang morusu ba ntse ba etsa litšokelo tsa “ho ketola puso e teng ea khatello,” kamoo ba neng ba bolela ka teng. Empa Moena Rutherford o ne a e-na le motheo o loketseng oa khato eo a e nkileng. Joang?
Ho ile ha hlokomeleha hore le hoja batsamaisi ba bane ba hanyetsang ba ne ba khethiloe ke Moena Russell, ho khethoa hona ha bona ho ne ho sa tiisoa ka livoutu tsa litho tsa mokhatlo sebokeng sa selemo le selemo sa Mokhatlo. Ka hona, bone ba bona e ne e se litho tsa molao tsa boto ea batsamaisi ho hang! Rutherford o ne a hlokometse sena empa a sa ka a se bolela qalong. Hobane’ng? O ne a batla ho qoba ho fana ka maikutlo a hore o khahlanong le litaelo tsa Moena Russell. Leha ho le joalo, ha ho hlokomeleha hore ha ba khaotse khanyetso ea bona, Rutherford o ile a sebelisa matla a hae le boikarabelo ba hae joaloka mopresidente ka hore a kenye ba bang ba bane libakeng tsa bona bao ho khethoa ha bona ho neng ho tla tiisoa sebokeng se latelang sa selemo le selemo, se neng se tla tšoaroa ka January 1918.
Ka August 8, batsamaisi bana ba mehleng ba sa khotsofalang hammoho le batšehetsi ba bona ba ile ba tloha lelapeng la Bethele; ba ne ba kōpiloe hore ba tsamaee ka baka la morusu oo ba neng ba o bakile. Kapele-pele ba ile ba qala ho jala khanyetso ea bona ka ho bua phatlalatsa le ho etsa phutuho ea ho ngola mangolo United States eohle, Canada, le Europe. Ka baka leo, ka mor’a lehlabula la 1917, liphutheho tse ngata tsa Liithuti tsa Bibele li ile tsa aroha lihlopha tse peli—ba tšepahalang ho Mokhatlo le ba neng ba khelositsoe ke lipuo tse monate tsa bahanyetsi.
Empa na batsamaisi ba tlositsoeng libakeng tsa bona, ka boiteko ba ho fumana taolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng ka mahahapa, ba ne ba tla leka ho susumetsa ba tlileng sebokeng sa selemo le selemo? A lebelletse ketso e joalo, Rutherford o ile a bona ho hlokahala ho hlahloba liphutheho tsohle. Liphello e bile life? Ho latela tlaleho e hatisitsoeng ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa December 15, 1917, ba voutang ba ile ba bonahatsa tšehetso ea bona e khōlō ho J. F. Rutherford le batsamaisi ba sebelisanang le eena! Sena se ile sa tiisoa sebokeng sa selemo le selemo.d Boiteko ba bahanyetsi ba ho fumana taolo ka mahahapa bo ne bo nyopile!
Ho ile ha etsahala eng ka bahanyetsi bao le batšehetsi ba bona? Ka mor’a seboka sa selemo le selemo ka January 1918, bahanyetsi ba ile ba aroha litsekana, ba ba ba khetha ho keteka Sehopotso ba le bang, ka March 26, 1918. Bonngoe leha e le bofe boo ba neng ba e-na le bona e ne e le ba nakoana, ’me ka mor’a nakoana ba ile ba aroha lihlotšoana tse sa tšoaneng. Maemong a mangata palo ea bona e ile ea qepha ’me mosebetsi oa bona oa fokotseha kapa oa khaotsa ka ho felletseng.
Ka ho hlakileng, ka mor’a lefu la Moena Russell, Liithuti tsa Bibele li ile tsa thulana le teko ea sebele ea botšepehi. Ho joalokaha Tarissa P. Gott, ea ileng a kolobetsoa ka 1915, a boletse: “Ba bangata ho ba neng ba bonahetse ba le matla haholo, ba inehetse haholo ho Morena, ba ile ba qala ho furalla. . . . Ho ile ha bonahala feela hore sena ha sea loka, empa se ile sa etsahala ’me sa re khopisa. Empa ke ile ka ipolella: ‘Na ona hase mokhatlo o hlophisitsoeng oo Jehova a o sebelisitseng ho re lokolla botlamuoeng ba bolumeli ba bohata? Na ha rea latsoa molemo oa hae? Haeba re ne re lokela ho tsamaea hona joale, re ne re tla ea hokae? Na e ne e ke ke eaba re ntse re liila re latela motho ea itseng?’ Re ne re sa bone lebaka la hore re latele bakoenehi, kahoo re ile ra sala.”—Joh. 6:66-69; Ba-Heb. 6:4-6.
Hamorao ba bang ba ileng ba ikhula ho mokhatlo o hlophisitsoeng ba ile ba baka ’me ba boela ba kopanela le Liithuti tsa Bibele borapeling. Ba bangata haholo, joaloka Khaitseli Gott, ba ile ba tsoela pele ho sebelisana ’moho le Mokhatlo oa Watch Tower le Moena Rutherford. Lerato le bonngoe tse neng li ba matahantse li ne li ahiloe ho theosa le lilemo tsa ho kopana ’moho libokeng le likopanong. Ba ne ba ke ke ba lumella letho ho senya tlamo eo ea bonngoe.—Ba-Kol. 3:14.
Ka 1918 Liithuti tsa Bibele li ne li mamelletse teko e hlahang ho ba ka hare. Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka khanyetso e hlahang ho ba ka ntle?
Bahlaseluoa
Ho tloha bofelong ba 1917 ho ea ho 1918, Liithuti tsa Bibele li ile tsa aba buka e ncha, The Finished Mystery ka matla. Bofelong ba 1917, bahatisi ba ne ba tšoarehile ka khatiso ea likopi tse 850 000. Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa December 15, 1917, o tlalehile: “Ho rekisoa ha Moqolo oa Bosupa ho feta ho rekisoa ha buka leha e le efe e tsejoang, e lekanang le eona ka nako, ntle ho Bibele.”
Empa hase bohle ba neng ba khahloa ke katleho ea The Finished Mystery. Buka ena e ne e bua ka baruti ba Bokreste-’mōtoana ka tsela e hlabang. Sena se ile sa halefisa baruti haholo hoo ba ileng ba phehella ’muso ho thibela lingoliloeng tsa Liithuti tsa Bibele. Ka baka la khanyetso ena e hlohlellelitsoeng ke baruti, mathoasong a 1918, The Finished Mystery e ile ea thibeloa Canada. Kapele-pele khanyetso ea Liithuti tsa Bibele United States e ile ea eketseha.
E le hore o ka pepesa khatello ena e hlohlellelitsoeng ke baruti, ka March 15, 1918, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa lokolla pampitšana ea Kingdom News No. 1. E ne e e-na le molaetsa ofe? Taba ena e ngotsoeng e bolelele ba lihlooho tse tšeletseng e ne e baleha tjena: “Lehloeo la Bolumeli—Balateli ba Moalosi Russell ba Hlorisoa Hobane ba Bolella Batho ’Nete.” Tlas’a sehlooho se reng “Tšoaro ea Liithuti tsa Bibele e Tšoana le e Bileng Teng ‘Mehleng ea Lefifi’” ho ile ha hlahisoa linnete tsa mahloriso le thibelo e neng e se e qalile Canada. Bahlohlelletsi e ne e le bo-mang? E sa hlathe koana le koana, pampitšana eo e ile ea supa baruti, ba ileng ba hlalosoa e le “sehlopha sa banna ba tletseng leeme ba lekileng ’momori oa ho thibela batho ho utloisisa Bibele le ho thibela thuto eohle ea Bibele ntle leha e tsoa ho bona.”e E ne e le molaetsa o matla hakaakang!
Baruti ba ile ba arabela joang ho pepesoeng ho joalo? Ba ne ba se ba ntse ba fehlile khathatso khahlanong le Mokhatlo oa Watch Tower. Empa joale ba ile ba etsa feko! Nakong ea selemo ka 1918, Liithuti tsa Bibele Amerika Leboea le Europe li ile tsa hlorisoa ka sehlōhō. Khanyetso e hlohlellelitsoeng ke baruti e ile ea hlahella ka May 7, 1918, ha ho fanoa ka litumello tse tsoang lihlopheng tse ikopantseng tsa U.S. tsa hore J. F. Rutherford le metsoalle ea hae e ’maloa e haufi-ufi ba tšoaroe. Bohareng ba bo-1918, Rutherford le metsoalle e supileng ba ile ba iphumana ba le teronkong e khōlō ea Atlanta, Georgia.
Empa ha Moahloli Rutherford le metsoalle ea hae ba se ba kentsoe teronkong, ho ile ha etsahala’ng ka mosebetsi ntlo-khōlō?
Ho Ntšetsa Mosebetsi Pele
Morao koana Brooklyn ho ile ha khethoa Komiti ea Tsamaiso e tla ikarabella bakeng sa mosebetsi. Baena ba khethiloeng ba ne ba amehile haholo ka ho ntšetsa pele ho hatisoa ha Molula-Qhooa. Ka sebele ho ne ho hlokahala hore Liithuti tsa Bibele hohle li fuoe khothatso ea moea. Ha e le hantle, ‘nakong ena eohle ea teko,’ ha ho tokollo le e ’ngoe ea Molula-Qhooa e sa kang ea hatisoa!f
Boikutlo e ne e le bofe ntlo-khōlō? Thomas (Bud) Sullivan, eo hamorao a ileng a sebeletsa e le setho sa Sehlopha se Busang, oa hopola: “E bile tokelo ho ’na ho etela Bethele e Brooklyn ho ea bofelong ba lehlabula la 1918 ha baena ba ntse ba le teronkong. Baena ba ikarabellang bakeng sa mosebetsi Bethele ba ne ba sa tšoha ba bile ba sa nyahama ho hang. Ha e le hantle, ba ne ba le boemong bo fapaneng le boo. Ba ne ba e-na le tšepo ebile ba kholisehile hore qetellong Jehova o tla fa batho ba hae tlhōlo. Ke ile ka ba le tokelo ea ho ba lijong tsa hoseng ka ’Mantaha ha baena ba neng ba rometsoe libokeng tse itseng bofelong ba beke ba fana ka litlaleho tsa bona. Ho ile ha fumanoa tlhaloso e felletseng ea boemo. Maemong ’ohle baena ba ne ba kholisehile, ba emetse Jehova hore a tsoele pele ho tsamaisa mesebetsi ea bona.”
Leha ho le joalo, ho ile ha thulanoa le mathata a mangata. Ntoa ea I ea Lefatše e ne e ntse e kupa. Ho ile ha ba le khaello ea pampiri le mashala, tse neng li hlokahala haholo bakeng sa mosebetsi ntlo-khōlō. Kaha bochaba bo ne bo fihlile sehlohlolong, ho ile ha ba le lehloeo le leholo khahlanong le Mokhatlo; Liithuti tsa Bibele li ne li nkoa e le mahlaba-phio. Tlas’a maemo ana a fetelletseng, ho ile ha bonahala ho le thata ho ntšetsa mosebetsi pele Brooklyn. Kahoo, Komiti ea Tsamaiso, ka mor’a ho iteanya le baena ba bang, e ile ea rekisa moaho oa Brooklyn Tabernacle ’me ea koala Lehae la Bethele. Ka August 26, 1918, mosebetsi o ile oa boela oa fallisetsoa Pittsburgh moahong oa ofisi o seterateng sa Federal le Reliance.
Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le boikutlo bo botle. Martha Meredith oa hopola: “Rōna mona Pittsburgh re ile ra kopana ’moho ’me ra etsa qeto ea hore re tla ’ne re ‘ntšetse mosebetsi pele’ ho fihlela baena ba tsoa teronkong. Nakong eo ofisi ea Brooklyn e ile ea fallisetsoa Pittsburgh, kahoo baena ba ile ba tšoareha ka ho ngola lihlooho tsa Molula-Qhooa ’me ba li hatisa. Ha Molula-Qhooa o loketse ho romelloa ka ntle, rōna bo-khaitseli re ne re o phuthela ’me re o romela ho batho.”
Liithuti tsa Bibele li ne li thulane le liteko tse boima ho tloha ha Linako tsa Lichaba li fela ka hoetla 1914. Na li ne li tla ’ne li tsoele pele? Na ruri li ne li e-na le ‘lerato ho Molimo ka lipelong tsa tsona’ kapa che? Na li ne li tla itšoarella ka tieo ho “Morena le ’Nete ea Hae,” joalokaha Russell a ne a hlokomelisitse, kapa na li ne li tla nyahlatsa?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mantsoe a qotsitsoeng ho A. H. Macmillan khaolong ena a nkiloe bukeng ea hae Faith on the March, e hatisitsoeng ka 1957 ke Prentice-Hall, Inc.
b Litho tse hlano tsa Komiti ea Tlhophiso joalokaha li thontsoe lengolong la Russell le hlalosang thato ea mofu e ne e le William E. Page, William E. Van Amburgh, Henry Clay Rockwell, E. W. Brenneisen, le F. H. Robison. Ho phaella moo, ba bang ba ile ba thonngoa bakeng sa ho koala likheo—A. E. Burgess, Robert Hirsh, Isaac Hoskins, G. H. Fisher, J. F. Rutherford, le John Edgar. Leha ho le joalo, Page le Brenneisen ba ile ba itokolla mosebetsing ka potlako—Page o ile a itokolla hobane o ne a ke ke a lula Brooklyn, ’me Brenneisen (hamorao le ile la ngoloa ka tsela e fapaneng e le Brenisen) o ile a itokolla hobane o ne a lokela ho fumana mosebetsi oa boipheliso bakeng sa ho phelisa lelapa la hae. Rutherford le Hirsh, bao mabitso a bona a neng a thathamisitsoe ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa December 1, 1916, ba ile ba nka libaka tsa bona e le litho tsa Komiti ea Tlhophiso.
c Ho latela selekane sa Mokhatlo oa Watch Tower, boto ea batsamaisi e ne e lokela ho ba le litho tse supileng. Selekane se ne se entse tokisetso ea hore litho tse ntseng li phela tsa boto ea batsamaisi li koale sekheo. Kahoo, matsatsi a mabeli ka mor’a lefu la Russell, boto ea batsamaisi e ile ea kopana ’me ea khetha A. N. Pierson ho ba setho. Nakong eo, litho tse supileng tsa boto e ne e le A. I. Ritchie, W. E. Van Amburgh, H. C. Rockwell, J. D. Wright, I. F. Hoskins, A. N. Pierson, le J. F. Rutherford. Joale boto e entsoeng ka litho tse supileng e ile ea khetha Komiti ea Tsamaiso ea litho tse tharo.
d Sebokeng sa selemo le selemo se neng se tšoeroe ka January 5, 1918, batho ba supileng ba neng ba fumane palo e khōlō ka ho fetisisa ea livoutu ke J. F. Rutherford, C. H. Anderson, W. E. Van Amburgh, A. H. Macmillan, W. E. Spill, J. A. Bohnet, le G. H. Fisher. Ho ile ha khethoa liofisiri tse tharo ho litho tsena tse supileng tsa boto—J. F. Rutherford e le mopresidente, C. H. Anderson e le motlatsi oa mopresidente, le W. E. Van Amburgh e le mongoli le ramatlotlo.
e Ho ile ha latela lipampitšana tse ling tse peli tse matla. Kingdom News No. 2, ea April 15, 1918, e ne e na le molaetsa o matla le ho feta tlas’a sehlooho se reng “‘The Finished Mystery’ le Lebaka Leo e Thibetsoeng ka Lona.” Joale, Kingdom News No. 3, ea May 1918, e ne e na le sehlooho sa bohlokoa “Ho Loanoa Lintoa tse Peli tse Khōlō—Joang kapa Joang Puso ea Khatello e Tla Oa.”
f Pejana, litokollo tsa Molula-Qhooa li ne li kopantsoe, empa ha hoa ka ha etsoa joalo ka 1914-18.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 68]
Rutherford o ile a kōpa bahanyetsi hore ba tlohe Bethele
[Lebokose le leqepheng la 62]
“Ba Bang ho Rōna re ne re Batla re Potlakile Haholo”
Ha October 1914 e ntse e atamela, Liithuti tse ling tsa Bibele li ne li lebelletse hore bofelong ba Linako tsa Lichaba, joaloka Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea, li tla fumana moputso oa tsona oa leholimong. Sena se bontšoa ke ketsahalo e ileng ea etsahala kopanong ea Liithuti tsa Bibele e neng e tšoaretsoe Saratoga Springs, New York, September 27-30, 1914. A. H. Macmillan, ea neng a kolobelitsoe lilemo tse 14 pejana, o ile a fana ka puo ka Laboraro, September 30. Puong eo o ile a re: “Mohlomong ena ke puo ea ho qetela ea phatlalatsa eo ke fanang ka eona hobane haufinyane re tla nkeloa hae [leholimong].”
Leha ho le joalo, matsatsi a mabeli hamorao (ka Labohlano, October 2), ha Macmillan a khutlela Brooklyn, moo batho ba neng ba itokisetsa ho ba teng hape kopanong, ba ile ba mo tšeha haholo. C. T. Russell o ile a etsa tsebiso ena a lutse setulong sa hae karolong e qalang ea tafole: “Re tla etsa liphetoho tse itseng lenaneong la Sontaha [October 4]. Moena Macmillan o tla re fa puo Sontaha hoseng ka 10:30.” Karabelo e bile efe? Hamorao Macmillan o ile a ngola: “Bohle ba ile ba tšeha haholo, ha ba hopola seo ke se buileng ka Laboraro Saratoga Springs—‘puo ea ka ea ho qetela ea phatlalatsa’!”
Macmillan o ile a tsoela pele: “Joale ke ile ka lokela ho fumana seo ke tla se bua. Ke ile ka fumana Pesaleme ea 74:9, ‘Ha re sa bona lipontšo tsa rōna; ha ho sa le moprofeta, ha re sa na motho ea ka tsebang hore na ho tla ba joalo ho isa kae.’ Joale ke ile ka ba ka hlasimoloha. Puong eo ke ile ka leka ho bontša metsoalle hore mohlomong ba bang ho rōna re ne re batla re potlakile haholo ha re nahana hore re tla ea leholimong hang-hang, le hore ntho e molemo eo re lokelang ho e etsa ke hore re ipoloke re tšoarehile tšebeletsong ea Morena ho fihlela a entse qeto ea hore na bahlanka ba hae ba amohelehang ba tla nkeloa hae neng leholimong.”
[Lebokose le leqepheng la 67]
Pale ea J. F. Rutherford
Joseph Franklin Rutherford ke ngoana oa batsoali ba kereke ea Baptist ’me o hlahetse polasing e Morgan County, Missouri, U.S.A., ka November 8, 1869. Ha Joseph a le lilemo li 16, ntate oa hae o ile a mo lumella ho ea kolecheng, hafeela a ka itefella bakeng sa lipalangoang le hore a lefelle mosebeletsi ea hiriloeng ea tla mo nkela sebaka polasing. Joaloka mohlankana ea ikemiselitseng, Joseph o ile a kalima chelete ho motsoalle oa hae ’me a khona ho ea kolecheng a ntse a ithutela molao.
Ka mor’a ho qeta lithuto tsa hae sekolong, Rutherford o ile a qeta lilemo tse peli a hlokometsoe ke Moahloli E. L. Edwards. Ha a se a le lilemo li 20, e ile ea e-ba motlalehi oa litaba tsa lekhotla ka molao bakeng sa makhotla a Fourteenth Judicial Circuit Missouri. Ka May 5, 1892, o ile a lumelloa ho fumana thupelo ea molao Missouri. Hamorao Rutherford o ile a sebeletsa ka lilemo tse ’nè e le mochochisi-kakaretso Boonville, Missouri. Hamorao hape, ka linako tse itseng o ile a sebeletsa e le moahloli ea khethehileng Eighth Judicial Circuit Court of Missouri. Ke ka lebaka leo a ileng a tsejoa e le “Moahloli” Rutherford.
Ka ho thahasellisang, Rutherford o ne a rekisa libuka tsa boitsebiso ka ntlo le ntlo e le hore a ka lefella leeto la hae ha a ea sekolong. E ne e se mosebetsi o bonolo—hangata o ne a lelekoa ka ntšoe li sa fohloa. Ketsahalong e ’ngoe o ile a batla a e-shoa ha a oela ka molatsoaneng o letseng leqhoa ha a ntse a etela mapolasi. O ile a etsa tšepiso ea hore ha e ka ba ’muelli oa molao, haeba motho leha e le ofe a ka tla ofising ea hae a rekisa libuka, o tla li reka. O ile a tšepahalla lentsoe la hae ’me a amohela meqolo e meraro ea “Millennial Dawn” ho barekisi ba babeli ba libuka tsa bolumeli ba ileng ba tla ofising ea hae mathoasong a 1894. Libeke tse ’maloa hamorao o ile a bala libuka tseo ’me ka potlako a ngola lengolo le eang ho Mokhatlo oa Watch Tower, ’me ho lona a re: “’Na le mosali oa ka ea ratehang re balile libuka tsena ka thahasello e khōlō, ’me re nahana hore ke tlhohonolofatso e khōlō le e rometsoeng ke Molimo hore ebe re bile le monyetla oa ho thulana le tsona.” Ka 1906, Joseph F. Rutherford o ile a kolobetsoa, ’me selemo ka mor’a moo e ile ea e-ba ’muelli oa molao oa Mokhatlo oa Watch Tower.
[Lebokose le leqepheng la 69]
‘Ha ho Batho Lefatšeng ba Lehlohonolo ka ho Fetisisa’
Ka June 21, 1918, J. F. Rutherford le metsoalle ea hae e ’maloa e haufi-ufi ba ile ba ahloleloa ho lula teronkong lilemo tse 20, ka mor’a liqoso tsa bohata tsa hore ke bafetoheli ba ’muso. Ba ile ba ikutloa joang? Molaetseng oo a o ngotseng ka letsoho oa June 22-23 (o bontšitsoeng ka tlaase), a le teronkong ea Raymond Street Brooklyn, New York, Moena Rutherford o ngotse: “Mohlomong ha ho batho ba lehlohonolo ka ho fetisisa lefatšeng le ba thabileng haholoanyane ho feta baena ba supileng ba leng teronkong hona joale. Ba ikutloa ho hang ba se na molato oa ho etsa phoso ka morero, ’me ba thabela hore ebe ba hlokofatsoa hammoho le Kreste bakeng sa ho Mo sebeletsa ka botšepehi.”
[Lebokose le leqepheng la 70]
Liphofu tsa Mahloriso a Hlohlellelitsoeng ke Baruti
Bohareng ba 1918, J. F. Rutherford le metsoalle ea hae e supileng ba ne ba le teronkong—e le liphofu tsa khanyetso e hlohlellelitsoeng ke baruti. Empa banna bao ba robeli e ne e se bona feela liphofu tsa lehloeo le joalo. Lilemong tsa pejana e bile C. T. Russell ea ileng a hlaseloa haholo ke baruti le litsi tsa khatiso. Joale Liithuti tsa Bibele le tsona e ne e le liphofu. “The Golden Age” (eo joale e seng e le “Tsoha!”) ea September 29, 1920, e ile ea hatisa tlaleho e tobileng le e pharalletseng ea mahloriso a sehlōhō ao li ileng tsa a mamella United States. Ho ile ha utloahala hore ekare a tsoa Lekhotleng le Otlang Bakhelohi.g Ho ne ho akarellelitsoe litlaleho tse latelang:
“Ka April 22, 1918, Wynnewood, Oklahoma, Claud Watson o ile a kenngoa teronkong ’me a lokolloa ka morero hore a hlaseloe ke sehlopha sa mahoo-hoo se entsoeng ka baruti, bo-rakhoebo le ba bang ba itseng ba ileng ba mo lahla fatše, ’me ba re motho e mong oa moafrika a mo shape, ’me e re ha a hlapho-hlaphoheloa a mo phete hape. Joale ba ile ba mo tlotsa ka boka ’me ba mo hloma masiba hohle, ba mo lila ka boka moriring le lehateng.”
“Ka April 29, 1918, Walnut Ridge, Arkansas, W. B. Duncan, ea lilemo li 61, Edward French, Charles Franke, Monghali Griffin le Mofumahali D. Van Hoesen ba ile ba kenngoa teronkong. Sehlopha sa mahoo-hoo se ile sa kena ka teronkong eo ’me se bua mahlapa ebile se rohakana, se ile sa ba shapa, sa ba tlotsa ka boka, sa ba hloma masiba eaba se ba ntšetsa ka ntle ho toropo. Duncan o ile a qobelloa ho tsamaea [lik’hilomithara tse 42] ho ea ha hae ’me o ile a fihla ka ntekeletsane. Griffin o ile a batla a foufala ’me o ile a shoa ka baka la ho hlaseloa likhoeli tse seng kae hamorao.”
“Ka April 30, 1918, . . . Minerva, Ohio, S. H. Griffin o ile a kenngoa teronkong ka lekhetlo la pele ’me a lokolloa hore a hlaseloe ke sehlopha sa mahoo-hoo, eaba moruti o mo hobella ka thuto ka metsotso e leshome le metso e mehlano, eaba nako le nako oa shaptjoa, a rohakoa, a rahoa, a hatakeloa, a tšosoa ka hore o tla fanyehoa le ho khangoa ka metsi, a ntšoa ka har’a toropo, a tšoeloa ka mathe, a khothometsoa nako le nako, khafetsa a khotloa ka sekhele, a haneloa ho palama sepalangoang, a tla a se setse morao sebaka se bohōle ba [lik’hilomithara tse robeli] ho ea Malvern, Ohio, a tšoaroa hape, a kenngoa teronkong Carrollton hore a bolokehe ’me qetellong a isoa hae ke liofisiri tse sebete le tse tšepahalang tseo ka mor’a ho hlahloba lingoliloeng tsa hae, li ileng tsa re ka mantsoe a seng makae, ‘Ha re fumane molato oa letho ho motho enoa.’”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
g Maq. 712-17.
[Litšoantšo tse leqepheng la 64]
Ka October 31, 1916, Charles Taze Russell ea lilemo li 64 o ile a shoella ka tereneng Pampa, Texas; likoranta tse ngata li ile tsa tlaleha litšebeletso tsa lepato
[Setšoantšo se leqepheng la 66]
J. F. Rutherford o ne a e-na le ponahalo e khahlehang, a le bolelele ba limithara tse 1,88 ’me a le boima ba lik’hilogramo tse 102
[Setšoantšo se leqepheng la 69]
Teronko e Raymond Street, Brooklyn, New York, eo ho eona Moena Rutherford le metsoalle ea hae e ’maloa e haufi-ufi ba ileng ba kenngoa ho eona ka matsatsi a ’maloa kapele-pele ka mor’a hore ba ahloloe
[Setšoantšo se leqepheng la 71]
Thomas (Bud) Sullivan o ile a etela ntlo-khōlō ka 1918 ’me hamorao a sebeletsa e le setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova